Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 8/8 maq. 25-27
  • Nka Etsa Eng ka Bo-’mampoli ba Sekolo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa Eng ka Bo-’mampoli ba Sekolo?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng se Etsang ’Mampoli?
  • Se Fetolang Motho Mohlaseluoa
  • Ho ba Sebete, Empa U se be Leqhoko
  • Tsebisa Batsoali ba Hao!
  • Mehato e Thibelang
  • Ho Itokolla Bompoling
    Tsoha!—2003
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Sotloa ke Bo-mpoli?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Hlorisoa Sekolong?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Tšepa Jehova ha ho E-na le Motho ea U Hlorisang
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 8/8 maq. 25-27

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Etsa Eng ka Bo-’mampoli ba Sekolo?

RYAN o ne a kena sekolong se senyenyane motseng oa mahae moo ba neng ba sa tsebe letho ka pefo. Empa joale o ile a isoa sekolong se seholoanyane le se hlokang taolo—’me kapelenyana a fetoha mohlaseluoa oa bo-’mampoli ba sekolo. Ryan oa hlalosa: ‘Ho tsamaea metsotso e 15 ka bese ho ile ha fetoha tlhokofatso e neng e bonahala e le ea lihora tse ngata ha bahlokofatsi ba ka ba qala ka ho nthohaka le ho nkotla. Ba ile ba sotha terata e tšoarisang lipampiri ba etsa setšoantšo sa swastika, ba e futhumetsa hore e be fubelu ka ntho e hotetsang koae, eaba baa khukhuna ’me ba nchesa ka eona letsohong. Ke ile ka utloa bohloko haholo ’me ka lla.’

Elizabeth o qetile sekolo lilemong tse fetileng. Empa o sa ntse a lla ha a hopola mehleng ea hae ea sekolo. “Ke ne ke sa tšoane le bana ba bang, hobane ’mè oa ka o ne a tsoa morabeng o mong. Kahoo ho tloha sekolong se tlaase ho tla fihla ho se phahameng, ke ne ke songoa ka mehla ’me ke hlokomolohuoa. Ho ne ho bonahala ho e-na le sehlopha sa ‘Ke Hloile Elizabeth,’ ’me le lilemong tsa ho qetela, ke ne ke qoba ho ea matloaneng a sekolo hobane ke tšaba ho ba mohlaseluoa oa litšokelo tsa banana ba bang ba kenyang lihlooho tsa lira tsa bona lipitsaneng tsa matloana. Ke nahana hore ke ne ke le mohlaseluoa oa bona e moholo.”

Ho tšosoa sekolong ke phihlelo ea letsatsi le letsatsi ea ba bacha ba bangata ba kenang sekolo bao ka mehla ba fumanang litšokelo tsa molomo le tse ngotsoeng, ba hlekefetsoang likamoreng tsa ho aparela, ba tšosoang ka ho fana ka chelete ea bona ea lijo tsa motšehare—ekasita le ho qobelloa ho kopanela liphate le bo-’mampoli ba sekolo.a ’Me haeba u le e mong oa bahlaseluoa, ntho ena e ka ba bothata bo boholo bophelong ba hao hoo u sa tsebeng ho etsa ntho leha e le efe! Ka thabo, ho ka etsoa ho hong ka hona! Empa pele u tlamehile ho utloisisa bothata.

Ke Eng se Etsang ’Mampoli?

Babatlisisi bohle ba lumela hore ha ho motho ea tsoaloang e le ’mampoli. “’Mampoli sekolong ke mohlaseluoa lapeng,” ho bolela ngaka ea kelello Nathaniel Floyd. E ka ’na eaba ’mampoli o fetisa tšoaro e mpe eo a e fumanang habo.—Bapisa Moeklesia 7:7.

Litsebi tse ling li bolela “ho shebella pefo e ngata haholo thelevishineng” le “lerato le tlhokomelo e nyenyane haholo le boitaolo bo bongata haholo bo ngoaneng” e le mabaka a mang a tlatsetsang. Ekasita le bacha ba bang bao ka tlhaho ba seng leqhoko ka nako tse ling ba ka ’na ba hoheloa bompoling ka lebaka la takatso ea ho ba karolo ea sehlopha kapa ho tlosa tlhokomelo ho bona.

Se Fetolang Motho Mohlaseluoa

Ntho leha e le efe e nkuoang e fapane, joaloka tšobotsi ea ’mele kapa bofokoli, kapa feela ho ba seithuti se secha sekolong, e ka susumetsa tlhaselo ea ’mampoli. Leha ho le joalo, ho na le tšobotsi e khethehileng e hlokomeloang ho bahlaseluoa ba bangata ba bompoli. Elizabeth, ea qotsitsoeng pelenyana, o e boletse: “Ka mehla ke ne ke lla feela, kahoo ba bang ba ne ba ka bona hang feela hore ke utloile bohloko kapa ke tšohile.”

Makasine oa Parents o thathamisitse litšobotsi tse latelang tse tloaelehileng ho bahlaseluoa ba bompoli: “ho tšoenyeha, lihlong, ho ikutloela bohloko, ho ameha habonolo, le boikutlo bo tlaase ba ho itlhompha,” le tšekamelo ea ho lla kapa ho baleha ha ba hlaseloa”! (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Che, bahlaseluoa ha baa lokela ho beoa molato ka ho utloa bohloko ha bona. Leha ho le joalo, ho tseba hore bo-’mampoli ba hoheloa ke batho ba boi ho ka u thusa ho sebetsana le bona.

Ho ba Sebete, Empa U se be Leqhoko

Pele, u se lekehe hore u busetse molamu sefateng. Hase hore feela ‘ho busetsa bobe ka bobe’ ho fosahetse empa ho ka u kenya khathatsong e sa u lokelang, ’me ho ka hōlisa bothata. (Ba-Roma 12:17) Empa leha ho ba leqhoko ho se bohlale, ho ba sebete ho ka ipaka ho thusa. “Ka hore ka tieo mohlaseluoa a bolelle ’mampoli hore a khaotse, le ho ’molella hore ha a rate ntho eo a e etsang, e be oa tsamaea, ho fokotsa menyetla ea ho hlaseloa ka nako e tlang,” ho bolela makasine oa Parents. Kapa joalokaha seithuti se seng sa kelello se boletse, ‘ema ’me u tlohe ka tlhompho.’

Katamelo e ’ngoe (ka nako e loketseng le sebaka se loketseng) ke ho leka ho buisana ka khotso le ’mampoli. ‘Ke behelane mabaka—le eena? u ka botsa. E, ho ka etsahala hore ha a utloisisa taba e itseng, hore ka ho se elelloe u entse ntho e ’ngoe e tsositseng lehloeo la hae ho uena. Bonyane, ho atamela ’mampoli ka khutso le ka sebete ho tla mo lemosa hore u hana ho ba mohlaseluoa. Ngaka Kenneth Dodge ea hlalosa: “Bo-’mampoli ba batla batho ba boi, ba llang. Ngoana ea sa arabeleng kamoo ba batlang kateng ha ho etsahale hore ba mo hlasele hape.” Lengolo la Liproverbia le nepile ha le re: “Ho tšaba batho ho isa sefing.”—Liproverbia 29:25.

Tsebisa Batsoali ba Hao!

Ho thoe’ng haeba ’mampoli a sa khaotse? Matichere le babatlisisi ka tieo ba lumela hore u lokela ho bolella batsoali ba hao ka bothata. Ke ’nete, u ka ’na ua nahana hore batsoali ba hao ba ke ke ba utloisisa. ’Me u ka tšosoa ke tšoaro e mpe ka ho fetisa haeba u tlaleha ’mampoli. Empa batsoali ba hao ba na le tokelo ea ho tseba se etsahalang ka uena sekolong, na ha ho joalo?

Hona ha ho bolele hore batsoali ba hao ba lokela ho bua ka ho toba le ’mampoli. Empa ba ka u khothatsa le ho haha boikutlo ba hao bo oang ba ho itšepa le ho phehella ha hao ho phela ka melao-motheo e lokileng. Hape ba ka u fa keletso e sebetsang. Ka mohlala, ba ka ’na ba hlahisa hore u buisane le motsamaisi oa sekolo ka ho hlaseloa ke ’mampoli. Tichere Gerald Hoff oa hlahisa: “Leka pele ho ea ho moeletsi oa sekolo, haholo ha batsoali ba hao ba u tšehelitse, empa u se bolelle liithuti tse ling. Moeletsi o rupetsoe ho tseba ho buisana hantle le ’mampoli, empa haeba boemo bo mpefala, ke boikarabelo ba hae ho tsebisa hlooho ea sekolo.”

Ka linako tse ling batsoali ba ka u buella ho batsamaisi ba sekolo. Ka ho utloahalang u ka ba monyebe ho ba lumella hore ba kenelle ka tsela ena. Ryan, ea boletsoeng qalehong, oa hopola: “Ke ile ka kōpa ’mè le ntate hore ba se kenelle hobane ke ne ke tšaba ho hlaseloa ke sehlopha, hape ke ne ke tšepa hore boemo bo tla ntlafala tsatsi le leng le le leng.” Empa ka mor’a ho etsoa letšoao ka ho chesoa, ntat’ae o ile a nka bohato bo tiileng ba ho bonana le baokameli ba sekolo. Liphello? Ho ile ha nkoa mehato e bohlale molemong oa hae. Ryan oa hopola: “Ka ntle le ho kenyelletsa lebitso la ka haholo, ho ile ha etsoa litokisetso tse tiileng mabapi le litulo tseo re lokelang ho lula ho tsona, ’me liithuti tse leqhoko li ile tsa beoa leihlo.”

Haeba u ntse u sa lokoloha, mohlomong batsoali ba hao ba ka etsa qeto haeba mehato e tiileng e ka nkeloa mofosi.

Mehato e Thibelang

Leha ho le joalo, ho molemo haholo ho qoba ho hlekefetsoa li sa tloha feela. Joang? Ho bua le ba bang ka klaseng le ho tsoela ka ntle ho ka thusa ho leleka chebahalo e hlomohileng eo ho bonahalang e hohela bo-’mampoli. Ho ba le botsoalle le matichere le bakhanni ba bese, ekasita le ho bososela le bona feela ka ho ba lumelisa hamonate, ho ka ’na ha etsa hore ba u hlokomele, ka hona ba u sireletse. Hape u ka ’na ua leka ho qoba nako kapa libaka tseo ho tsona khathatso e ka ’nang ea tsoha.—Liproverbia 22:3.

Sebeletsa ho shebahala u phutholohile hape u le sebete. Hona hape ho tla u thusa hore u se be mohlaseluoa oa bo-’mampoli. Bibele e re: “Hobane Molimo ha oa ka oa re nea moea o boi, empa e le oa matla, le oa lerato, le oa kelello.” (2 Timothea 1:7) U ka matlafatsa boikutlo boo ba ho itšepa ka ho nahana ka ’nete ena: “Empa ekare ha motho a rata Molimo, ke eena ea tsejoang ke oona.” (1 Ba-Korinthe 8:3) Ho tseba hore Molimo o bona bothata ba hao le hore oa u tsotella ho ka etsa ho hongata ho thusa ho bo mamella.

Ryan oa hopola: “Nakong ena eohle ke ne ke rapela haholo, ’me ka lebaka leo ke ikutloa ke le haufi le Jehova. Ke bile le boikutlo bo eketsehileng ba ho itšoara. Ho feta ntho leha e le efe, ke bile le tumelo e eketsehileng ho Jehova ha a re o ‘ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang.’” (1 Ba-Korinthe 10:13, NW) Le uena Molimo o ka u thusa ho sebetsana le mathata a hao—ekasita le a khathatsang joaloka ’mampoli ea boi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Phuputsong e ’ngoe, karolo ea 25 lekholong ea liithuti tsa sekolo se phahameng sa U.S. e thathamisitse “bo-’mampoli le boitšoaro bo bobe” e le bothata ba bona bo boholo. Brithani le Jeremane Bophirimela, matichere le ’ona a bontšitse ho ameha ka hore bo-’mampoli ba eketsehile ka bongata le ka ho khathatsa.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Bo-’mampoli ba thabela ho khetha bahlaseluoa ba banyenyane, ba fokolang

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Haeba bothata bo feta matla a hao, tsebisa batsoali ba hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela