Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 4/8 maq. 4-6
  • Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Toro ea Nako e Telele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Toro ea Nako e Telele
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Tletse Tšepo
  • Na ho a Tsotelleha?
  • Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Ba Hokae?
    Tsoha!—1990
  • Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Ho Fumana Karabo
    Tsoha!—1990
  • Li-UFO—Na ke Manģosa a Tsoang ho Molimo?
    Tsoha!—1996
  • Linaleli le Lipolanete li re Ruta’ng?
    Tsoha!—2021
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 4/8 maq. 4-6

Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Toro ea Nako e Telele

BANGOLI ba mehleng ea joale ba tšōmo ea mahlale hase bona ba qapileng khopolo ea bophelo mafatšeng a mang. Lilemong tse makholo a 23 tse fetileng, mofilosofi oa Mogerike ea bitsoang Metrodorus o ile a ruta hore ho ke ke ha etsahala hore ho be teng feela bokahohle bo nang le lefatše le leng le ahiloeng joalokaha ho sa etsahale hore ho be le tšimo e khōlō e jetsoeng mofuta o le mong oa poone. Lucretius, sethothokisi sa Moroma sa lekholong la pele la lilemo B.C.E., se ngotse hore “likarolong tse ling tsa sepaka-paka ho na le mafatše a mang le mefuta e mengata ea batho.”

Thuto ena, e bitsoang mafatše a mangata a sa tšoaneng, e ne e sa ratehe ho Bokreste-’mōtoana ka makholo a lilemo. Ho tloha hoo e ka bang ka 1700 ho ea karolong e qalang ea lekholo la rōna la lilemo, batho ba bangata ba rutehileng, ho kopanyelletsa le boramahlale ba tummeng haholo historing, ba ile ba lumela ka ho tiileng ka bophelo mafatšeng a mang. Ha e le hantle, morutehi e mong oa lilemong tsa bohareng tsa bo1800 o ile a hlaseloa ka ho pharalletseng ha a ne a leka ho ngola koranta ho latola thuto eo.

Ho bonahala batho ba thahasella ho lumela bophelo mafatšeng a mang, esita le hoja ho na le bopaki bo fokolang. Ka 1835 moqolotsi oa litaba tsa koranta o ile a ngola hore liithuti tsa linaleli li sibollotse bophelo khoeling. O ngotse hore liphoofolo tse makatsang, limela tse fapaneng, esita le batho ba banyenyane ba nang le mapheo ba ntseng ba fofa le ho hoehla ka ho hlakileng, ba ile ba bonoa kaofela ka telescope! Kabo ea koranta ea hae e ile ea eketseha haholo. Ba bangata ba ile ba tsoela pele ho lumela pale ena le ka mor’a hore e pepesoe e le bohata.

Boramahlale le bona ba ne ba na le tšepo tabeng ena. Bohareng ba lilemo tsa bo1800, seithuti sa linaleli Percival Lowell se ne se kholisehile hore se ka bona tsamaiso e rarahaneng ea litselana tse leng bokaholimong ba Mars. Se ile sa li tšoantša ka hloko le ho ngola libuka tse hlalosang ka batho ba entseng litselana tseo. Fora, Mokhatlo oa Mahlale o ne o kholisehile hore ho na le bophelo ho Mars hoo o ileng oa fana ka moputso ho motho oa pele ea tlang ho buisana le libōpuoa leha e le life tse phelang mafatšeng a mang ka ntle ho batho ba lulang ho Mars.

Ba bang ba ile ba noha mekhoa e sa tloaelehang ea ho buisana le batho ba lulang mafatšeng a mang a haufi, ho tloha ka ho hotetsa likhanare tsa mollo Lehoatateng la Sahara le ho lema meru e bōpehileng joaloka likhutlo ho haola le Siberia. Ka 1899 moqapi oa Moamerika o ile a hloma palo e telele e hoketsoeng bolo ea koporo ’me a romela melaetsa e matla ea motlakase ka eona ho bua le batho ba lulang ho Mars. Batho ba ile ba makala, ’me mabone a tuka bohole ba lik’hilomithara tse 50 ho potoloha sebaka seo, empa ho ne ho se karabo e tsoang ho Mars.

Ba Tletse Tšepo

Le hoja tsoelopele ea kajeno ea boqapi ba mahlale le ho batla bophelo mafatšeng a mang e ka bonahala e le ncha, ntho e le ’ngoe e lula e sa fetohe: Boramahlale ba na le tšepo ea hore motho haa mong qitikoeng ena. Ho joalokaha seithuti sa linaleli Otto Wöhrbach se ngotse koranteng ea Jeremane Nürnberger Nachrichten: “Ha ho ramahlale oa tlhaho ea neng a ke ke a lumela haeba a botsoa hore na ho na le bophelo mafatšeng a mang.” Gene Bylinsky, mongoli oa Life in Darwin’s Universe, o beha taba tjena: “Neng kapa neng ho tloha joale, haeba balepi ba linaleli ba sebelisang se-ea-le-moea ba lokela ho lumeloa, pontšo e hlahang linaleling e tla haola har’a sebaka se seholo ka ho fetisisa ho felisa bolutu lefatšeng la rōna.”

Ke hobane’ng ha boramhlale ba kholisehile hore ho na le bophelo mafatšeng a mang? Boikutlo ba bona bo simolla ka linaleli. Ho na le linaleli tse ngata—linaleli tse millione tse makholo sehlopheng sa rōna sa linaleli. Ka hona ha simolla taba eo ba e inahanelang eona. Ka sebele, e lokela e be linaleli tse ngata li boetse li na le mafatše a li likolohileng, ’me mohlomong bophelo bo bile teng ho a mang a mafatše ao. Ka lebaka leo, liithuti tsa linaleli li lekanyetsa hore ho na le batho ba ka bang likete ho ea ho ba limillione sehlopheng sa rōna sa linaleli!

Na ho a Tsotelleha?

Ho na le phapang efe haeba ho na le bophelo ka ’nģane ho Lefatše kapa che? Ha e le hantle, boramahlale ba ikutloa hore karabo leha e le efe e tla ba le phello e khōlō molokong oa motho. Ba bolela hore ka ho ithuta hore ha re bang bokahohleng ho tla ruta motho ho nka bophelo e le ntho ea bohlokoa ka lebaka la ho ikhetha ha bona. Ka lehlakoreng le leng, ramahlale e mong ea hlonephuoang o bolela hore batho ba tsoetseng pele ba na le limillione tsa lilemo ho feta rōna ’me ba ka re arolela bohlale ba bona. Ba ka re ruta ho phekola mafu, ho felisa tšilafatso, ntoa, le tlala. Ba ka ba re bontša kamoo re ka hlōlang lefu ka bolona!

Ho fela ha bohloko, ntoa, lefu—tšepo e joalo e bolela ho hongata ho batho linakong tsa rōna tsa likhathatso. Ha ho pelaelo hore seo se bolela ho hongata ho uena. Leha ho le joalo, mohlomong u tla lumela hore ho molemo hore u se be le tšepo ho hang ho e-na le hore u itšetlehe ka tšepo e fosahetseng. Ha ho le joalo, ke ha bohlokoa ho fuputsa haeba boramahlale ba na le motheo o tsitsitseng ha ba tiisa hore bokahohle bo na le mafatše a mangata.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Na boramahlale ba na le motheo o tsitsitseng ha ba bolela hore bokahohle bo na le mafatše a tletseng baahi?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela