Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Ba Hokae?
HO EA ka mongoli oa thuto ea mahlale Isaac Asimov, ena ke “potso e batlang e senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe” ho ba lumelang bophelo mafatšeng a mang. Qalong ha e ne e botsoa ka 1950 ke ramahlale oa nuclear Enrico Fermi, potso ena e ile ea jara khang e reng: Haeba bophelo bo hlahile mafatšeng a mang sehlopheng sa rōna sa linaleli, ho lokela hore ebe hona joale ho na le batho ba bangata ba bileng teng ka lilemo tse limillione pele ho rōna. E tlameha ebe ba ile ba qapa mekhoa ea ho etela linaleli tse ling ’me ba hasane sehlopheng sa linaleli, ba ahile ho tsona le ho li fuputsa ka boithatelo. Joale ba hokae?
Le hoja boramahlale ba bang ba SETI ba lumela hore ba ile ba sisingoa ke “polelo e itoantšang ea Fermi,” hangata ba e arabela ka ho bontša kamoo ho tlang ho ba thata kateng ho tsamaea pakeng tsa linaleli. Esita le ka lebelo la khanya, kamoo le leng leholo kateng, ho ne ho tla nka lilemo tse likete tse lekholo ho tsamaea feela sehlopheng sa rōna sa linaleli. Lebelo le fetang leo le ke ke la etsahala.
Thuto ea mahlale a litšōmo e bontšang likepe tse tsamaeang ho tloha naleling e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ka matsatsi a se makae kapa lihora ke litoro tse monate, ha se mahlale. Bohole ba sebaka mahareng a linaleli bo phahametse kutloisiso ea rōna. Ha e le hantle, haeba re ne re ka etsa setšoantšo sa sehlopha sa rōna sa linaleli se senyenyane, e le hore letsatsi la rōna (le leholo hoo le ka kopetsang mafatše a limillione) le ho honyetsoe boholo ba lona ho fihla boholong ba lamunu, bohole bo mahareng a linaleli setšoantšong bo ne bo tla ’ne bo be lik’hilomithara tse 1 600!
Ke ka lebaka leo boramahlale ba SETI ba itšetlehileng ka matla ka sea-le-moea sa li-telescope; ba nahana hore kaha batho bao e ka ’na eaba ha ba tsamaee mahareng a linaleli, ba tla ’ne ba batle mekhoa e meng ea bophelo ka litsela tse sa bitseng chelete e ngata le tse bonolo tsa maqhubu a sea-le-moea. Empa polelo ea Fermi e itoantšang e sa ntse e ba tšoenya.
Ramahlale e mong oa Amerika Freeman J. Dyson o fihletse qeto ea hore haeba batho ba le teng sehlopheng sa rōna sa linaleli, ho fumana bopaki ka bona ho lokela ho ba bonolo joaloka ho fumana lipontšo tsa tsoelopele ea boqapi ba mahlale Sehleke-hlekeng sa Manhattan New York City. Sehlopha sena sa linaleli se lokela e be se tletse ka lipontšo tse sa tloaelehang le mesebetsi e meholo ea boqapi ba mahlale. Empa ha ho letho le fumanoeng. Ha e le hantle, sehlooho se seng mabapi le taba ena se ile sa hlokomelisa hore “ho batla, le ho se fumane letho” ho fetohile ’mino o pheta-phetoang oa bolumeli oa balepi ba linaleli ba SETI.
Ho Qaleha Lipelaelo
Boramahlale ba bangata ba qala ho hlokomela hore basebetsi le bona ba entse likhakanyo tse ngata tse sebetsanang le taba ena. Boramahlale ba joalo ba hlaha ka palo e fokolang haholo ea batho sehlopheng sa rōna sa linaleli. Ba bang ba boletse hore ke rōna feela. Ba bang ba boletse hore ho ea ka lipalo, ho ne ho lokela e be ho na le mofuta o ka tlaase ho o leng mona—esita le rōna re ne re sa lokela ho ba teng!
Ha ho thata ho bona motheo oa pelaelo ea bona. O ka akaretsoa ka bokhutšoane ka lipotso tse peli: Haeba batho ba joalo ba phelang mafatšeng a mang ba ne ba le teng, ba ne ba tla phela kae? Ba fihlile joang moo?
Ba bang ba ne ba tla arabela potso ea pele ka hore ‘Ba ne ba phela mafatšeng a mang.’ Empa ho na le polanete e le ’ngoe tsamaisong ea rōna e nang le letsatsi eo ka ho feletseng e loketseng bophelo, e leng eo re ahileng ho eona. Empa ho thoe’ng ka lipolanete tse potolohileng linaleli tse ling tse limillione tse likete sehlopheng sa rōna sa linaleli? Na tse ling li ke ke tsa ba le bophelo? ’Nete ke hore ho tla fihlela joale boramahlale ha ba e-s’o pake ka ho felletseng boteng ba polanete e joalo ka ntle ho tsamaiso ea rōna ea lipolanete tse likolohang letsatsi. Hobane’ng?
Hobane ho sibolla polanete e ’ngoe ho thata haholo. Kaha linaleli li hōle haholo ’me lipolanete ha li hlahise khanya leha e le efe ea tsona, ho sibolla polanete e khōlō joaloka Jupiter, ho tšoana le ho leka ho bona lethebanyana la lerōle har’a khanya e matla ea lebone le bohole ba lik’hilomithara tse ngata.
Esita le haeba lipolanete tse joalo li ne li le teng—’me bopaki bo bong bo le teng bo bontšang hore li teng—sena se sa ntse se sa bolele ka nepo hore li potoloha mofuta o nepahetseng oa linaleli sehlopheng se nepahetseng sa linaleli, le hore li bohole bo lekaneng ho tloha naleling, ’me ka botsona li boholo bo lekaneng ho boloka bophelo.
Motheo o sa Tieang
Empa esita le haeba lipolanete tse ling li le teng ’me li khahlanyetsa maemo a thata a hlokahalang ho boloka bophelo joalokaha re tseba, potso ea sala, Bophelo bo hlahile joang lipolaneteng tseo? Sena se re tlisa motheong oa ho lumela ho libōpua tse phelang mafatšeng a mang—thuto ea ho iphetola ha lintho.
Ho boramahlale ba bangata, ho bonahala e le ntho e utloahalang ho lumela hore haeba bophelo bo hlahile linthong tse sa pheleng tsa polanete ena, ho ne ho tla ba joalo esita le lipolaneteng tse ling. Joalokaha mongoli e mong a hlalositse: “Monahano o akaretsang har’a boramahlale ke oa hore bophelo bo tla qala ha bo filoe tikolohong eo bo ka qalang ho eona.” Empa ke moo ho iphetola ha lintho ho tobanang le khanyetso e khōlō. Ba lumelang hore lintho li iphetotse ba ke ke ba hlalosa le ha e le kamoo bophelo bo qalileng kateng lefatšeng lena.
Boramahlale Fred Hoyle le Chandra Wickramasinghe ba lekanyetsa hore ho se tšoane ha li-enzyme tsa bohlokoa tsa bophelo tse etsahalang ka seoelo ke e le ’ngoe ho tse 1040 000 (1 e nang le bo-ha-ho-letho ba 40 000 ka mor’a eona). Leha ho le joalo, boramahlale ba bang, joaloka Feinberg le Shapiro ba tsoela pele hanyenyane. Bukeng ea bona Life Beyond Earth, ba bontša hore monyetla oa hore metsoako e sa pheleng e hlahise motsoako o phelang o ka ba mong ho e 101 000 000. Haeba re ne re lokela ho ngola palo eo ka ho feletseng, makasine ona o letsohong la hao o ne o tla ba le maqephe a fetang 300 ka botenya!
Na u fumana lipalo tsena tse sa tloaelehang li le thata ho utloisisoa? Poleloana “ho ke ke ha etsahala” e bonolo ho hopoleha, ’me ka sebele e nepahetse.a
Ho sa le joalo, balepi ba linaleli ba SETI ka bothoto ba nahana hore bophelo bo tlameha e be bo qalile ka mokhoa o sa reroang bokahohleng bohle. Gene Bylinsky, bukeng ea hae Life in Darwin’s Universe, o hakanya litsela tse fapaneng tseo e ka ’nang ea ba bophelo bo ile ba iphetola mafatšeng a mang. O hlahisa hore li-octopus tse bohlale, batho ba nang le mekotla limpeng, le batho ba kang ’mankhane ba nang le mapheo ba etsang liletsa tsa ’mino ha se taba e ke keng ea etsahala. Boramahlale ba tummeng ba ile ba rorisa buka ea hae. Leha ho le joalo, boramahlale ba bang joaloka Feinberg le Shapiro, ba hlokomela bofokoli monahanong o joalo. Ba hanyetsa ka matla “bofokoli metheong ea bohlokoa ea liteko” tsa likhopolo tsa boramahlale tsa kamoo bophelo bo qalileng kateng lefatšeng. Leha ho le joalo, ba hlokomela hore boramahlale “ba sebelisitse metheo ena ho haha litora tse fihlang qetellong ea Bokahohle.”
Bolumeli bo Fosahetseng
U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha boramahlale ba bangata hakaale ba amohela habobebe lintho tse ke keng tsa etsahala?’ Karabo e bonolo ’me e utloisa bohloko. Batho ba atisa ho lumela seo ba batlang ho se lumela. Boramahlale, ka boipolelo ba bona bohle ba ho lumela lintho tsa sebele, ha se mekhelo bofokoling bona ba botho.
Hoyle le Wickramasinghe ba hlokomela hore “khopolo ea hore bophelo bo ile ba bokelloa ke bohlale” e batla e “pharalletse” ho feta moloko o tsoang linthong tse sa pheleng. Ba eketsa: “Ka sebele, khopolo e joalo e hlakile hoo motho a ipotsang hore na ke hobane’ng e sa amoheloe hohle e le e hlakileng. Mabaka a eona ke a kelello ho fapana le a mahlale.” E, boramahlale ba bangata ba sutha khopolong ea ’Mōpi, esita leha bopaki bo bontša joalo. Ha nako e ntse e tsamaea, ba theile bolumeli ba bona. Joalokaha bangoli ba boletsoeng ka holimo ba hlokomela, thuto ea Darwin e nkela lentsoe “Molimo” sebaka ka lentsoe “Tlhaho.”
Kahoo ha e arabela potso, “Na ho na le ea phelang kantle moo sebakeng?” thuto ea mahlale ha e fane ka ho hlaka mabaka a ho lumela bophelo mafatšeng a mang. Ha e le hantle, ha lilemo li ntse li feta ’me ho khutsa ha linaleli ho tsoela pele, SETI ke masoabi a holang ho boramahlale ba lumelang hore lintho li iphetotse. Haeba mefuta e fapaneng ea bophelo e iphetola ka bonolo feela ho tsoa linthong tse sa pheleng, joale ke hobane’ng ha re sa utloe ho tsoa ho eona bokahohleng bona bo boholo? E hokae?
Ka lehlakoreng le leng, haeba potso e loketse sebaka sa bolumeli, karabelo re e fumana joang? Na Molimo o hlolile bophelo mafatšeng a mang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Khopolo eohle ea ho iphetola ha lintho ke bolotsana le khathatso. Ka kōpo bona buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York Inc.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Baeti ba Tsoang Sebakeng?
Batho ba bangata ba lumela hore motho oa eteloa, kapa o ’nile a eteloa nakong e fetileng ke batho ba lulang mafatšeng a mang. Hangata boramahlale ba latola sena; ba qotsa ho haella ha bopaki ba sebele tabeng eohle ’me ba hatella hore UFO (unidentified flying object [ntho e fofang e sa tsejoeng]) e ka hlalosoa ka ketsahalo ea tlhaho. Ho bonahala ba sa bue ’nete ka libaka tseo meea ea batho e khathatsehileng bakeng sa litlhoko tsa kelello le tsa bolumeli.
Mongoli e mong oa litšōmo tsa mahlale o hlokometse: “Khatello ea ho fuputsa le ho lumela sena e hlile ke ea bolumeli. Re ne re e-na le melimo. Hona joale re batla ho ikutloa hore ha re bang, re hlokometsoe ke matla a sireletsang.” Ho feta moo, UFO e sekametse haholo bonoheng ho feta mahlaleng.
Empa boramahlale ba bangata ba lumela ho “baeti” ka tsela ea bona. Ba bona bophelo bo ne bo ke ke ba hlaha ka mokhoa oa mohlolo mona lefatšeng, kahoo ba bolela hore bophelo bo tlameha hore ebe bo tsoa sebakeng. Ba bang ba bolela hore baahi ba jalile lipeō lefatšeng la rōna le bophelo ka ho romela li-rocket tse nang le likokoanyana. E mong o boletse hore baahi ba etetse lefatše la rōna lilemong tse ngata tse fetileng le hore bophelo bo hlahile ka kotsi lithōleng tseo ba neng ba li siile! Boramahlale ba bang ba fihlela qeto bopaking ba hore limolek’hule li tloaelehile sebakeng. Empa na ka sebele ke bopaki ba ho hlaha ha bophelo ka kotsi? Na lebenkele le rekisang litšepe tsa makoloi ke bopaki ba hore koloi e tlameha hore e itlhahetse feela ka kotsi?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Esita le haeba lipolanete tse ling tseo ho ka pheloang ho tsona li le teng, na ho na le bopaki leha e le bofe ba hore bophelo bo ne bo ka hlaha ho tsona ntle le ho reroa?