Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Ho Fumana Karabo
KA LA 17 Tlhakola, 1600, monna ea bitsoang Giordano Bruno o ile a chesoa a ntse a phela lepatlelong la motse oa Roma, Italy. Hobane’ng? Mangolo a hae a ne a khopisitse kereke. Har’a lintho tse ling, o ile a ruta hore ho na le mafatše a mangata a nang le batho. Morao koana lekholong la bo11 la lilemo, kereke e ne e ile ea phatlalatsa thuto eo ea mafatše a mangata e le leshano. Ho e ruta ho ne ho bolela lefu. Bruno o ile a shoa.
Ho fihlela lekholong la bo19 la lilemo, tseko ena e holim’a hore na e be bophelo bo teng mafatšeng a mang e ile ea nkeloa bolumeling. Ka makholo a lilemo, baetapele ba bolumeli le boramahlale tlas’a tšusumetso ea bona ba ile ba phehella hore lefatše ke setsi sa bokahohle; le hore bokahohle bo bōpiloe ka 4004 B.C.E.; joalo-joalo.
Ha ho makatse ha bahlalefi ba bangata le batho ba bang ba na le tlhompho e fokolang bakeng sa bolumeli. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e tsamaea, batho ba bangata ba ile ba lahla le tlhompho ea bona bakeng sa Bibele, ba nahana hore ke eona mohloli oa likhopolo tseo tse fosahetseng. Ha ho letho leo e leng ’nete.
Bibele ha e ipolele e le buka ea mahlale. Leha ho le joalo, ha ho mohla e sa nepahalang ha e bua ka bohlale kapa taba leha e le efe ea mahlale. Ka mohlala, ha ho mohla Bibele e bolelang hore lefatše le motho ke litsi tsa bokahlohle. Ho fapana le seo, bangoli ba eona ba bululetsoeng ba bontšitse boikutlo bo hlakileng ka moo motho ea seng molemo a bapisoang le bokahohle bo boholo bo hlophisitsoeng.—Pesaleme ea 8:3, 4.a
Kahoo, ho ea ka Bibele, na ho na le batho moo sebakeng?
Bibele ea Arabela
Ho ea ka Bibele, bophelo mafatšeng a mang ha se taba feela ea hore bo teng empa bo teng ka bongata. Bo rarahane haholoanyane, bo thahasellisa haholoanyane, hape bo ka lumeloa ho feta ntho efe le efe eo liithuti tsa ho iphetola ha lintho, bangoli ba litšōmo tsa thuto ea mahlale, le baetsi ba litšoantšo tsa baesekopo ba ’nileng ba e nahana. Ho feta moo, lentsoe la Senyesemane extraterrestrial le bolela sebōpuoa se hlahang lefatšeng e leng le bokahohleng bo bong.
Boramahlale ba ipotsa hore na e be ho na le mefuta e meng ea bophelo e phahametseng kutloisiso ea rōna. Bibele e hlile e re tiisetsa hore batho ba joalo ba teng. Empa ha se lihlahisoa tsa ho iphetola ha lintho. Joaloka mefuta e meng ea bophelo bokahohleng, ho sa tsotellehe hore na ke mofuta o joang, o tsoa Mohloling oa bophelo, Jehova Molimo. Ke Motho oa moea, ’me o bōpile libōpuoa tse ling tsa moea tse likete-kete ka mefuta e fapaneng: mangeloi, likerubime, le lirafime. Li etsa mesebetsi e fapaneng le likabelo mokhatlong oa hae oa leholimo o rarahaneng.—Pesaleme ea 104:4; Ba-Heberu 12:22; Tšenolo 19:14.
Ho Thoe’ng ka Bophelo Mafatšeng a Mang?
Batho ba bang ba nang le tšusumetso ea bolumeli ba ile ba tsitlella hore Molimo o ne o ke ke oa bōpa lefatše ntle ho morero le hore mafatše a mang ’ohle ao ho ahiloeng ho ’ona a ne a tlameha ho ba le baahi. Na ke seo Bibele e se bolelang? Che. Bibele e bontša hore ho ke ke ha etsahala hore ho fihlela mona e be Molimo o bōpile libōpuoa tse bohlale tse nang le ’mele mafatšeng a mang ho fapana le lefatše la rōna. Ho joalo joang?
Haeba Molimo o bōpile libōpuoa tse joalo, o li bōpile pele a bōpa Adama le Eva. Libōpuoa tse joalo e ka ’na eaba li ile tsa lula li tšepahala ho ’Mōpi oa tsona, kapa joaloka Adama le Eva, li ile tsa etsa sebe ’me tsa oela ho se phethahaleng.
Empa haeba li ile tsa fetoha tse sa phethahalang, li ile tsa hloka molopolli. Ho joalokaha mongoli e mong oa lipale a hlalositse: “Motho o na le khopolo ena e tšosang hore ka Labohlano [e leng letsatsi leo Jesu a thakhisitsoeng ka lona], Labohlano le leng le leng, kae-kae bokahohleng, Jesu o thakhisetsoa libe tsa motho e mong.” Empa seo ha se lumellane le Mangolo. Bibele e re bolella hore Jesu “o shoele hang ka nģa ea sebe.”—Ba-Roma 6:10.
Empa ho thoe’ng haeba libōpuoa tsena li ile tsa lula li phethahetse? Ha Adama le Eva ba etsa sebe, ba ile ba belaella tokelo ea Molimo ea ho busa lefatše la libōpuoa tse bohlale. Haeba ho ne ho e-na le lefatše le leng nakong eo, lefatše le tletseng libōpuoa tse bohlale tsa nama tse neng li phela ka kutloano le ka botšepehi tlas’a puso ea Molimo, na li ne li ke ke tsa bitsoa joaloka lipaki ho tla netefatsa hore puso ea Molimo ka sebele ea sebetsa? Ho bonahala qeto ena e ke ke ea qojoa, kaha o se a ile a sebelisa esita le batho ba sa phethahalang e le lipaki lebitsong la hae tsekong eo.—Esaia 43:10.
Na seo se bolela hore Molimo o bōpile matsatsi a mangata ao (le mafatše haeba a le teng) kantle ho morero? Le hanyenyane. Le hoja re tseba, ka ho nahana ka tšobotsi e khethollehileng ea Jesu Kreste, hore lefatše ke lōna feela lefatše le ahiloeng hona joale, le hoja re tseba hape hore le tla hlola ka ho sa feleng e le sebaka seo ’Mōpi a ileng a halaletsa tokelo ea bobusi ba hae, ha re tsebe seo bokamoso bo re tšoaretseng sona.
Ha Re Bang
Letsatsi le letsatsi, le selemo le selemo, balepi ba linaleli ba SETI ba tsoela pele ho hlahloba leholimo bakeng sa ho fumana lipontšo tse tsoang bophelong bo hlalefileng. Ba ikutloa hore ho fuputsa ha bona ho ka ’na ha nka lilemo tse ling tse leshome kapa tse lekholo. Ke boiphapanyo bo bokaakang! Ba sebelisa bophelo ba bona, tšepo ea bona, le chelete e ngata ba talimana le pontšo eo batho ba e fumaneng makholo a fetileng a lilemo. Hobane Bibele ka boeona ke molaetsa o Bohlale o tsoang lefa-tšeng le leng, ’me e phahametse tsela leha e le efe ea pontšo esita le monahano oa boramahlale ba nang le tšepo.—Bona lebokose leqepheng la 10.
Motho o arabetse joang molaetseng o le mong oa sebele o tsoang mafatšeng a mang? Batho ba bangata ba arabetse joang Bibeleng? Baa e hlokomoloha. Ba e sebelisa hampe ka boomo bakeng sa litakatso tsa bona. Ba hlapaola Moromeli oa eona ka lintho tse kang lithuto tse se nang motheo tse tšosang le litumela-khoela. Ba e bitsa hore ke bolotsana ’me ba latola boteng ba Moromeli oa eona. Ka masoabi, ’Mōpi oa rōna ha a khahlisoa ke karabo ea motho. Ho sa le joalo, o ’nile a tsoela pele ho bua. Ka Lentsoe la hae, kajeno o ruta batho ba limillione litsela tsa khotso. Batho bana ba emela Jehova ’me ba fetisa lipuisano tsa hae lefatšeng. Empa ke sehlotšoana sa batho se ba mamelang. Ka kakaretso lefatše le ithiba litsebe.—Esaia 2:2-4; Mattheu 24:14.
Leha ho le joalo, ka thabo e mong le e mong oa rōna a ka buisana le Motho ea phahameng ka ho fetisisa bokahohleng, ’me a ka etsa sena kantle ho tsoelopele ea boqapi ba mahlale bo bitsang chelete e ngata, ntle le ho ema nako e telele ho fetisa molaetsa sepaka-pakeng. U ka mamela ka ho ithuta Bibele ea hao le ho inoesa ka nkho hore na e be e tsoa Mohloling o phahametseng motho. Kahoo u ka arabela ka thapelo le tsela eo u phelang ka eona. Ha re bang. ’Mōpi oa rōna o tšepisa hore ha a “hole ho e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:27; bona le 1 Likronike 28:9.
Ha a khaotsa ho buisana le batho. O tšepisitse ho fetola histori ea lefatše lena ka potlako, ho felisa ho ipolaea ha nako e telele ka ho thuhakanya tsamaiso ena ea lintho le ho e nkela sebaka ka ’muso oa hae, e leng ’ona o tlang ho sebeletsa molemong oa bohle. (Daniele 2:44; Esaia 9:6, 7) E, puisano e latelang e tsoang ho Bohlale bo phahameng ba mafatšeng a mang e tšepisa ho tla ka mokhoa oa ketso, e seng mantsoe.—2 Ba-Thessalonika 1:6-9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bopaki ba hore Bibele e lumellana le thuto ea mahlale, ka kōpo bona buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Melaetsa eo Boramahlale ba Molaetsa [oo] Bao o
Tšepileng ho e Fumana Hlokomolohang
Letšolong la Bona la Bohlale bo —Lentsoe la Molimo
Tsoang Mafatšeng a Mang: Bibele:
*E ka ba litšoso tsa bohata, *O tsoa Bohlaleng bo
litšoso tsena ha se tse phahametseng motho.
tloaelehileng; ke mano feela. —Esaia 55:9; 2 Timothea 3:16.
*E ka ba neha thuto le melemo *O fana ka thuto ho batho ba limillione
ka lebaka la phihlelo ea lilemo hona joale, ka melemo ea bohlale bo nang
tse limillione. le lilemo tse ngata ho feta bokahohle.
*E ka re ruta ho qoba koluoa ea *O ruta batho ba limillione hona joale;
nuclear le ntoa eohle. Mongoli oa eona o tšepisa ho boloka
lefatše ka ho sa feleng le ho felisa ba
le felisang.—Pesaleme ea 104:5;
*E ka re neha phekolo ea mafu *Mongoli oa eona o bontšitse matla a hae
esita le lefu; lefu ka kotsi ke a ho folisa maloetse ’ohle; o tšepisa
lona le ka salang. ho felisa lefu le liphello tsa lona,
a tlise bophelo bo sa feleng.—Luka 7:22;
*E ka felisa ‘bolutu ba motho *Hona joale Mongoli oa Bibele ‘ha a hole
bokahohleng.’ le e mong le mong oa rōna.’—Liketso 17:27.
*E ke ke ea fetoleloa; e ka nka *Oa fumaneha bakeng sa lelapa la motho.
lilemo tse likete—mohlomong tse Re ka o bala hona joale le ho arabela
limillione-ho fumana karabo le ho ’ona. Molaetsa oa rōna o amoheloa ka
puisano. potlako.—Johanne 17:3; 1 Ba-Thessalonika 5:17;
*Lipolelo tsohle tse ka holimo *Tumelo ea rōna linthong tse boletsoeng
li theiloe boinahanelong. ka holimo e theiloe bopaking le mabakeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Re ka buisana le Motho ea phahameng ka ho fetisisa bokahohleng