Pono ea Bibele
Li-UFO—Na ke Manģosa a Tsoang ho Molimo?
MAEMO a lefatše a ntse a senyeha butle-butle ha lekholo la bo20 la lilemo le ntse le atamela bofelong ba lona, tumelo linthong tse fofang sebakeng tse sa tsejoeng (UFO’s [unidentified flying objects]) le ho bapalami ba tsona, e leng batho ba tsoang sepaka-pakeng, e ntse e e-ja setsi. Na li-UFO e mpa e le tšōmo feela, thetso, qhekello e hlohlelletsoang ke batho ba ratang ho tšeha ha sechaba se thetseha habonolo?
Batho ba ipolelang hore ba bone li-UFO kapa bapalami ba tsona ba sepaka-pakeng ba akarelletsa batho ba bonahalang ba phetse hantle kelellong, ba tšepahalang; ha e le hantle, batho ba lumelang ho baeti bana ba tsoang lipolaneteng tse ling ba akarelletsa liprofesa tse rutehileng haholo le litsebi tsa saense. Ba kholisehile hore batho ba tsoang sepaka-pakeng ba lemoha batho, ebile ka linako tse ling, ba buisana le bona. Seo ho thoeng ke lihlopha tsa batšehetsi ba sepaka-pakeng lia fumaneha bakeng sa ho thusa batho ba ipolelang hore ba kopane le baeti ba sepaka-pakeng.a
Morero oa ho Pholoha oa Bajaki
Ho Aliens Among Us, Ruth Montgomery o buisana ka lipotso le batho ba bang ba ntseng ba eketseha ka palo ba kholisehileng hore ke baeti ba tsoang sepaka-pakeng ba lulang ka har’a ’mele ea batho. Ba bang ba batho ba ipolelang hore ke batho ba tsoang sepaka-pakeng ba nkileng sebōpeho sa botho ba bolela esale pele hore ka selemo sa 2000, ho tla ba le “ketsahalo e tla ba teng bokahohleng bohle eo baeta-pele ba mangeloi le marena ba ’nileng ba itokisetsa eona.” Batho ba bang ba lumela hore batho ba bang ba tsoang sepaka-pakeng ba sebelisa li-UFO ho bokella le ho boloka mefuta ea limela le liphoofolo kapa hore li-UFO li tla sebelisoa e le lifofa-sebakeng tsa pholoso tse tla balehisa batho ba limilione tšenyehong e atamelang ea lefatše. Ka mor’a timetso e khōlō, batho ba tla khutlisoa ho tla qala “Mehla e Mecha le Taolo e Ncha” ea ho itlhokomela moeeng. Mohlankana e mong oa Colorado, U.S.A., eo e leng setho sa sehlopha sa ba ipitsang “Alien Youth,” o ile a bolella Tsoha! ka tieo eohle: “’Na le metsoalle ea ka re letetse baholo-holo ba rōna ba bajaki ho tla re nkela ho lifofa-sebakeng tsa moeeng tsa pholoso.”
Ba ’maloa ho ba tiisang hore ke batho ba tsoang sepaka-pakeng ba bolela hore ba tataisoa ke Molimo, ’me ba bang ba bolela hore ba bua le eena ka bolokolohi bakeng sa ho fumana keletso ea ho thusa batho. Na Molimo o sebelisa baeti ba tsoang lipolaneteng tse ling ho pholosa moloko oa batho tlokotsing ea lefatše e tlang?
Puisano ea Molimo le Moloko oa Batho
Qalong ea histori ea motho, Molimo o ne a buisana le batho. Tlaleho ea Bibele e hlalosa meqoqo ea Molimo le Adama le Eva, Noe, Abrahama le ba bang.b (Genese 3:8-10; 6:13; 15:1) Litoro, mantsoe le lipono li ne li sebelisoa ho fetisa thato ea Molimo le ho hlahisa Bibele. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Bibele e phethoe, na ho ne ho hlokahala hore ho be le puisano e tobileng ea leholimo le moloko oa batho? Che, kaha Bibele e bolela hore Mangolo a Halalelang a etsa hore ‘motho oa Molimo a hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (2 Timothea 3:17) Ho ea ka Bibele, tataiso bakeng sa linako tsena tsa pherekano e lokela ho hlaha Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng. Leha ho le joalo, na ho na le lebaka leha e le lefe la ho lumela hore re ne re tla fumana puisano kapa litaelo tse khethehileng tse tsoang ho Molimo ka ho toba ka ’muelli ea tsoang sepaka-pakeng? Che, hobane moapostola Pauluse o boletse: “Esita le haeba rōna kapa lengeloi le tsoang leholimong re ne re ka le bolella e le litaba tse molemo ho hong ho ka ’nģane ho seo re ileng ra le bolella sona e le litaba tse molemo, a a bitsetsoe bomalimabe.”—Bagalata 1:8.
Le hoja lipolelo tsa batho bao ho nahanoang hore ba tsoa sepaka-pakeng li bonahala li lumellana le boprofeta ba Bibele ba hore haufinyane lefatše le tla feta har’a liphetoho tse khōlō tsa tlokotsi, li fana ka mokhoa oa ho pholoha o itšetlehileng ka libōpuoa. Bibele ha e khothalletse batho ho balehela tšireletsong e inahaneloang ea sefofa-sebakeng sa bajaki kapa sebakeng leha e le sefe. Ho e-na le hoo, e re bolella ho batla tšireletso kamanong ea boinehelo le Molimo, e leng boinehelo bo tšoantšetsoang ka kolobetso ea metsing. (1 Petrose 3:21; bapisa le Pesaleme ea 91:7; Matheu 28:19, 20; Johanne 17:3.) ’Me Jesu o ile a bolela hore “ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.”—Matheu 24:13.
Na mangolo aa ha a hatise kamano ea moea le Molimo bakeng sa ho pholoha ho e-na le sebaka se itseng sa sebele sa setšabelo? Ka hona, ho e-na le ho thusa moloko oa batho ho pholoha, lipale tse buang ka ‘batho bao e seng ba sebele’ li khelosa tlhokomelo ea batho ho seo bonneteng Molimo a se hlokang bakeng sa boiketlo ba bona ba ka ho sa feleng.
Ke mang ea ka lekang ho suthisetsa moloko oa batho hōle le mokhoa oa Molimo oa pholoho, empa a ipolela hore o emela Molimo? Bukeng ea hae ea Report on Communion, Ed Conroy o bolela hore “litsebi tse tiileng tsa lintho tse fofang sebakeng [tse ithutang ka li-UFO] hammoho le koetliso saenseng e amanang le maikutlo le maemo bophelong” li ile tsa akarelletsa lithuto tse batlang li tšoana le “‘baeti ba kamoreng ea ho robala,’ lithotsela, lithotsela tse lerata, lipono, lipono tsa bolumeli le tse ’nileng tsa talingoa e le bademona.” Litsebi tse ngata tsa lintho tse fofang sebakeng le ba ipolelang hore ba tsoa sepaka-pakeng empa ba le bothong ba bolela hore ha ho hlokahale ho sebelisa lifofa-sebakeng ha ho tsamauoa. Ba bolela hore batho bana ba ka tsamaea ba sa bonahale ’me ba ba le ’mele oa batho kae kapa kae lefatšeng kantle le hore ba fihle ka sefofa-sebakeng.
Bibele e lemosa hore morero oa Satane le bademona ba hae ke ho khelosa moloko oa batho. Ba nka monyetla ka ho nyahama le ho felloa ke tšepo ha moloko oa batho ka hore ba fane ka tharollo e ipiletsang, empa e le ea bohata. (2 Bakorinthe 11:14) Ka hona, temoso ea Bibele ke hore: “Linakong tsa morao ba bang ba tla oa tumelong, ba ela hloko lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona.”—1 Timothea 4:1.
Ka mokhoa o tšoanang kajeno, liketelo leha e le life tseo ho nahanoang le tseo ho bonahalang eka ke tataiso e molemo e tsoang ho batho ba joalo li tlameha ho qheloa, ho sa tsotellehe hore na li nka sebōpeho sefe. Batho ba tla latela keletso ea “batho ba tsoang sepaka-pakeng” ho e-na le Lentsoe la Molimo ka sebele ba tla khelosoa—phoso e tšabehang e ka etsoang linakong tsena tse mahlonoko.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano ka li-UFO le bophelo ba sepaka-pakeng, bona litokollo tsa Awake! tsa April 8, 1990, le November 8, 1990.
b Mongoli oa Bibele Ezekiele o ile a bona seo ba bang ba se hlalositseng e le UFO. (Ezekiele, khaolo ea 1) Leha ho le joalo, ena e ne e le e ’ngoe ea lipono tsa tšoantšetso tse hlalositsoeng ke Ezekiele le baprofeta ba bang, e seng pono ea ntho ea sebele joalokaha ho boleloa linakong tsa kajeno.