Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 4/8 leq. 3
  • Na ho na le Batho Moo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le Batho Moo?
  • Tsoha!—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Ho Fumana Karabo
    Tsoha!—1990
  • Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Ba Hokae?
    Tsoha!—1990
  • Li-UFO—Na ke Manģosa a Tsoang ho Molimo?
    Tsoha!—1996
  • Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Toro ea Nako e Telele
    Tsoha!—1990
Tsoha!—1990
g90 4/8 leq. 3

Na ho na le Batho Moo?

HO NA le motho Massachusetts, U.S.A., eo karolo ea mosebetsi oa hae oa ka mehla e leng ho hlahloba ho bona haeba ho bile le melaetsa e amohetsoeng. Letsatsi le letsatsi, ha ho melaetsa e amoheloang. Joale e se e le lilemo ho se melaetsa e amoheloang. Empa ka mehla o ntse a hlahloba, ’me o soabisoa ka mehla. Ke hobane’ng ha a sa tsebahale? Na mochine oa hae o amohelang melaetsa o robehile?

Ha ho joalo. O hlahloba mochine, empa ha oa hokelloa le thelefone. Ke computer e hokelletsoeng le tsebe e khōlō ea motlakase e talimmeng holimo, hōle lefatšeng la rōna, ho talima sepaka-pakeng: ke telescope ea sea-le-moea. Motho enoa o thusa sehlopha sa boramahlale ho hlahloba linaleli bakeng sa melaetsa e tsoang mafatšeng a mang a bohlale, batho ba lulang lefatšeng le leng kantle ho la rōna.

Ba bang, joaloka eena, ba ’nile ba mamela ka lilemo tse 30 joale. Ka 1960 seithuti sa linaleli Frank Drake ebile motho oa pele ho mamela lipontšo tsa bohlale bo tsoang mafatšeng a mang ka sea-le-moea sa telescope. Ha e le hantle, ho tloha nakong eo motho o ’nile a beha litsebe tsa hae sepaka-pakeng. Liphuputso tse ling tse fapaneng tse matla tse 50 li se li entsoe ho fihlela joale.

Li-telescope tsa sea-le-moea lefatšeng lohle li kopantse matsoho letšolong lena—Fora, Rephabliki e Kopaneng ea Jeremane, Netherlands, Australia, Soviet Union, Argentina, United States, le Canada. Ho joalokaha motho e mong a hlalositse: “SETI [khutsufatso ea Search for Extraterrestrial Intelligence (Ho Batla Bophelo Sepaka-pakeng)] e fetoha ea machaba joaloka sepaka-paka ka bo sona.” Seboka se seng se buang ka taba ena se ile sa hapa boramahlale ba 150 ho tsoa linaheng tse 18 likontinenteng tsohle tse hlano.

Leha ho le joalo, pakane ea SETI e khōlō e tla qala ho sebetsa ka 1992. NASA (National Aeronautics and Space Administration) ea United States, e rerile ho sebelisa mochine o mocha o matla o tla tseba ho hlahloba maqhubu a sea-le-moea ka nako e tšoanang. Ho lekanyetsoa hore phuputso ena e tla tšoarella lilemo tse leshome ka litšenyehelo tsa liranta tse millione tse 234. E tla ba makhetlo a limillione tse leshome ka matla ho feta liphuputso tsohle tsa nakong e fetileng ha li kopanngoa.

Empa ha motho a botsoa ka bokahohle, “Na ho na le batho moo?” o tla hloka ho fetang tsoelopele ea boqapi ba mahlale a li-computer ho fumana karabo. Ka litsela tse ngata ke taba ea bolumeli. Ka lebaka la ho phopholetsa karabo, motho o senola tšepo ea hae e molemo ka ho fetisisa: ho felisa ntoa, ho felisa mafu, mohlomong esita le ho se shoe ka bohona. Ka lebaka leo litebello li phahame haholo. Empa ka mor’a makholo a lilemo a ho tsieleha le mashome a lilemo a ho batlisisa, motho o haufi hakae le ho fumana karabo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela