Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 11/8 maq. 22-25
  • Karolo 6—Lihempe tse Ntšo le Li-swastika

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 6—Lihempe tse Ntšo le Li-swastika
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rapela Naha
  • Puso ea Bohatelli e Phahamisa Ntoa
  • Puso ea Bohatelli, Mokhoa oa Jeremane
  • Se Nolofalitseng Sena
  • Na ba Ithutile Thuto?
  • Karolo ea 3—1935-1940 Selekane sa Lichaba se Khothometsehela Lefung la Sona
    Tsoha!—1987
  • Lipaki Tsa Jehova—Li Sebete ha li Talimane le Tlhaselo ea Manazi
    Tsoha!—1998
  • Lichaba li Ntse li sa Ithute
    Tsoha!—2002
  • Marena Ana a Qothisanang Lehlokoa a Kena Lekholong la Bo20 la Lilemo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 11/8 maq. 22-25

Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng

Karolo 6—Lihempe tse Ntšo le Li-swastika

“Fascism”: Puso ea Bohatelli e tšoauoang ka Naha e laolang moruo, melao ea sechaba, le likhopolo tse mabifi tsa bochaba; “Nazism”: Puso ea Bohatelli joalokaha e sebelisitsoe ke Mokha oa Sechaba oa Basebetsi Jeremane tlas’a Hitler.

LENTSOE “Fascism” ka kakaretso le fana ka setšoantšo sa masole a Italy a apereng lihempe tse ntšo le masole a Jeremane a apereng liaparo tse sootho tse nang le letšoao la swastika. Empa linaha tse ling le tsona li latsoitse liphihlelo tsa Puso ea Bohatelli.

Lilemong tsa bo-1930, Puso ea Bohatelli e ile ea tuma haholo Hungary, Romania, le Japane. Nakong ea Ntoa ea Baahi ea Spain, tšehetso ea Puso ea Bohatelli e ile ea thusa Francisco Franco ho fumana matla a ho laola Spain le hoja bo-rahistori ba bangata ba sa talime bohatelli ba Franco (1939-75) e le Puso ea sebele ea bohatelli. Ka lehlakoreng le leng bohatelli ba Argentina bo theiloeng ke Juan D. Perón bo ne bo talingoa e le bohatelli.

Ho Rapela Naha

“Fascism” e hlaha ho lentsoe la Setaliana fascio ’me le supa letšoaong la puso la Roma ea boholo-holo. Le bitsoa fasces ka Selatine, e ne e le ngata ea lithupa e hlometsoeng lehare la selepe leo e neng e le letšoao le tšoanelehang la bonngoe ba batho tlas’a matla a maholo a ’Muso.

Le hoja metso e meng ea Puso ea Bohatelli e le ea morao nakong ea Niccolò Machiavelli, ha eaba ho fihlela ka 1919, kapa lilemo tse 450 ka mor’a tsoalo ea hae, ha Benito Mussolini a ne a sebelisa lentsoe leo ka lekhetlo la pele. Machiavelli o boletse hore tšenyo ea lipolotiki ea mehleng ea hae e ne e ka hlōloa feela ke puso ea motho a le mong ea neng a tla sebelisa matla a bobusi ka ntle ho tumello ea sechaba ka sehlōhō empa ka hloko e khōlō.

’Muso oa Puso ea Bohatelli o hloka feela moeta-pele ea matla, ea sebelisang menyetla a sa tsotelle melao-motheo kapa liphello haeba a lokela ho atleha. Ka ho loketseng, Mussolini le Hitler ba ne ba tsejoa feela e le “moeta-pele.”—Il Duce le der Führer.

Puso ea Bohatelli e phahamisa Naha holim’a puso eohle bolumeling le sechabeng. Moahloli oa Fora Jean Bodin oa lekholong la bo16 la lilemo, rafilosofi oa Lenyesemane Thomas Hobbes oa lekholo la bo17 la lilemo, hammoho le bo-rafilosofi ba Jeremane ba lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo, Johann Gottlieb Fichte, Georg Wilhelm Friedrich Hegel, le Heinrich von Treitschke, kaofela ba ile ba phahamisa Naha. Hegel o ile a ruta hore ’Muso o boemong bo phahameng haholo le hore mosebetsi o moholo ka ho fetisisa oa motho ka mong ke ho o tšehetsa ka botšepehi.

Ho ea ka sebōpeho sa eona, mebuso eohle e lokela ho sebelisa matla. Empa Puso ea Bohatelli e etselitsoe ho sebelisa matla ka ho fetelletseng, e batla ho mameloa ka ho felletseng. A talima batho joaloka makhoba a Naha, Treitschke o itse: “Ha ho tsotellehe hore na u nahana’ng, ho lokile ha feela u mamela.” Ka ho tšoanang, Puso ea Bohatelli e nkile sebaka sa mohoo, “Tokoloho, ho lekana, boena,” o ileng oa utloahala nakong ea Phetohelo ea Mafora ka polelo ea Setaliana, “Ho lumela, ho mamela, ho loana.”

Puso ea Bohatelli e Phahamisa Ntoa

Ntoa? E! Mussolini o kile a re: “Ntoa ke eona feela e hlahisang matla ’ohle a batho hore a be maemong a phahameng a tsitsipano ’me e neha batho ba nang le matla a ho kopana le eona seriti.” O ile a eketsa ka hore: “Ho monna ntoa ke seo ho ima ho leng sona ho mosali.” Ka ho tsoelang pele o ile a bitsa khotso ntho e “tepeletsang le e hanyetsanang le litšoaneleho tsohle tsa motho tsa motheo.” Ha Mussolini a bua mantsoe ana, o ne a mpa a pheta pono ea Treitschke, ea ileng a pheha khang hore ntoa e ne e le ea bohlokoa le hore ho e felisa lefatšeng, e ne e ke ke ea e-ba boitšoaro bo bobe feela, empa “e ne e tla akarelletsa ho senya litšusumetso tse ngata tsa bohlokoa le matla a bophelo ba motho.”

Khahlanong le boemo bona ba histori ea ntoa le bohatelli, mohlomong re ke ke ra makala ho utloa hore bo-rahistori ba bangata ba fumane tšimoloho ea Puso ea Bohatelli ea mehleng ea joale e le ea morao nakong ea Napoléon I oa Fora. E le ’mampoli oa lilemong tsa bo-1800, ho lumeloa hore eena ka sebele e ne e se mohatelli. Leha ho le joalo, e mengata ea melao ea hae, joaloka ho hlongoa ha tsamaiso ea sepolesa sa sekhukhu le tšebeliso e masene ea lipuo tsa bohata le ho laola likoranta le ho li thibela, hamorao li ile tsa amoheloa ke Bahatelli. Ka sebele boikemisetso ba hae ba ho tsosolosa khanya ea Fora ke mohlala oa ho sitsisoa ha boholo ba baeta-pele ba Puso ea Bohatelli boo baeta-pele bana ba ileng ba tsebahala ka bona.

Ho ea bofelong ba 1922 Bahatelli Italy ba ne ba e-na le matla ka ho lekaneng ho hlomamisa Mussolini joaloka tona-khōlō, e leng boemo boo ka potlako a ileng a bo sebelisa joaloka bohato ba ho ba mohatelli. Mabapi le meputso, lihora, lipakane tsa tlhahiso ea lintho, lifeme tse sa laoloeng ke ’muso joale li ile tsa laoloa ke ’muso ka matla. Ha e le hantle, likhoebo tse sa laoloeng ke ’muso li ile tsa khothalletsoa ho isa bohōleng bo itseng ho sebeletsa lithahasello tsa ’muso. Mekha ea lipolotiki ka ntle ho Puso ea Bohatelli e ile ea thibeloa ka molao; mekhatlo ea basebetsi le eona e ile ea thibeloa. Ka bohlale ’muso o ile oa laola khaso ea sea-le-moea ’me oa koala bahanyetsi melomo ka ho ba thibela ka molao. Hlokomelo e khethehileng e ile ea lebisoa thutong ea bacha, ’me tokoloho ea botho e ile ea thibeloa ka matla.

Puso ea Bohatelli, Mokhoa oa Jeremane

Buka ea A. Cassels Fascism e re: “Ho sa tsotellehe litsela tsa bona tse tšoanang tsa ho batla puso, Puso ea Bohatelli ea Italy le Bonazi ba Jeremane ka ho hlokomelehang li ne li fapane ka ho sekisetsa le pono ea tsona ea bokamoso.”

Ntle ho bo-rafilosofi ba Jeremane ba boletsoeng ka holimo ba sebelelitseng joaloka baeta-pele ba Puso ea Bohatelli, joaloka rafilosofi oa Jeremane oa lekholong la bo19 la lilemo, Friedrich Nietzsche, ba ile ba thusa ho qapa lebitso la Bohatelli bo khethehileng ba Jeremane. Hase hore Nietzche e ne e le Mohatelli empa o ile a buella ho laola ha sehlotšoana sa banna ba matla. Leha ho le joalo, ha a ne a etsa joalo, o ne a sa hopola letho ka morabe o mong kapa batho, ho sa boleloe letho ka Majeremane ’ohle ao a neng a a hloile ka ho khethehileng. Empa likhopolo tse ling tsa hae li ne li batla li tšoana le seo ba nang le khopolo ea Bonazi ba neng ba e-na le tsona Jeremane. Kahoo likhopolo tsena li ile tsa lokisoa, ha tse ling tse neng li sa lumellane le thuto ea Bonazi li ile tsa qheleloa ka thōko.

Hitler o ne a boetse a susumelitsoe ka matla ke moqapi oa Jeremane Richard Wagner. A e-na le bochaba bo fetelletseng a bile a rata naha, Wagner o ile a talima Jeremane joaloka e lokelang ho phethahatsa mosebetsi o moholo lefatšeng. “Ho Hitler le ba nang le likhopolo tsa Bonazi, Wagner e ne e le mohale ea phethahetseng,” ho bolela Encyclopedia of the Third Reich. Ea hlalosa: “Moqapi o ne a tšoantšetsa bophahamo ba Jeremane. Ponong ea Hitler ’mino oa Wagner o lokafalitse bochaba ba Jeremane.”

Mongoli William L. Shirer oa phaella: “Leha ho le joalo, e ne e se libuka tsa [Wagner] tsa lipolotiki empa ke ’mino oa hae o fetelletseng oo ka ho hlakileng o hopotsang lefatše la Jeremane histori ea boholo-holo ea litšomo tsa eona tsa bohatelli, ntoa ea eona le melimo ea bohedene le bahale, bademona ba eona le lidrakone, lintoa tse mabifi tsa baahi le melao ea morabe ea mehleng ea boholo-holo, boikutlo ba eona ba ho hlolloa bokamoso, boikutlo bo makatsang ba lerato, bophelo le lefu tse ileng tsa susumetsa litšōmo tsa joale tsa Jeremane ’me tsa e neha Weltanschauung ea Jeremane [pono ea lefatše] eo Hitler le Manazi ka ho itokafatsa ho itseng a ileng a e fetola ea bona.”

Monahano oa Nietzsche le Wagner o ile oa hlophisoa ke Comte Joseph Arthur de Gobineau, eo e leng moemeli oa Fora le setsebi sa merabe, eo mahareng a 1853 le 1855 a ileng a ngola Essai sur l’inégalité des races humaines (Moqoqo ka ho se Lekane ha Merabe ea Batho). O ile a phea khang hore sebōpeho sa merabe ea batho ke sona se lekanyang ho hlolloa bokamoso ba sechaba. O lemositse hore ho fokolisa tšobotsi ea batho ba Aryan ho tla lebisa ho oeng ha eona.

Khethollo le tšoaro e leeme ho Bajode tse ileng tsa hlaha likhopolong tsena e ne e le litšobotsi tsa Puso ea Bohatelli ea mokhoa oa Jeremane. Empa litšobotsi tseo li ne li se bohloka haholo Italy. Ha e le hantle, Mataliana a mangata a ne a nahana ka bopaki ba leeme ho Bajode Italy e le pontšo ea hore Hitler o ne a nka sebaka sa Mussolini e le matla a hatellang a Puso ea Bohatelli. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e tsamaea, tšusumetso ea Hitler Bohatelling ba Italy e ile ea eketseha.

Puso ea Bohatelli ea Italy le Jeremane li hahamalletse ho finyella bophahamo ba sechaba empa li ile tsa nka mahlakore a fapaneng. Mongoli A. Cassels o hlalosa hore “ha Mussolini a ne a khothalletsa banna ba naha ea habo hore ba etsise liketso tsa Roma ea boholo-holo, moea oa phetohelo ea Manazi o ne o reretsoe ho hlohleletsa Majeremane eseng feela hore a etse seo linatla tsa Majeremane li se entseng, empa ho boela e e-ba bahale bona bao ba tsoetsoeng hape lekholong la bo20 la lilemo.” Ka mantsoe a mang, Puso ea Bohatelli ea Italy e ne e lokela ho boloka tlotla e fetileng kamoo ho bonahalang ka teng ka ho hulela Italy e leng naha e fokolang moruong lekholong la bo20 la lilemo. Ka lehlakoreng le leng, Jeremane e ile ea boloka khanya ea pele ka ho khutlela litšōmong tse fetileng.

Se Nolofalitseng Sena

Linaheng tse ngata, Bahatelli ba ile ba busa ka mor’a tlokotsi ea sechaba, ho oa ha moruo, kapa ho hlōloa ntoeng. Sena e bile ’nete Jeremane le Italy. Le hoja li ne li le ka mahlakoreng a loantšanang Ntoeng ea I ea Lefatše, ka bobeli li ile tsa hlaphoheloa ntoeng li fokola haholo. Ho se khotsofale ha sechaba, ho se tsitse ha moruo, le ntoa e matla ea baahi li ile tsa thefula linaha tsena ka bobeli. Jeremane e ile ea latsoa sekhahla sa ho oa ha moruo le ho hloka mosebetsi ho eketsehang. Molao-motheo oa puso ea sechaba ka sechaba le oona o ne boetse o fokola, ’me oa boela oa fokolisoa ke lineano tsa sesole tsa puso e sebelisang matla a bobusi ka ntle ho tumello ea sechaba ea Prussia. ’Me hohle ho ne ho tletse moea oa ho tšaba balateli ba Bolshevik ba Soviet.

Khopolo ea Charles Darwin ea ho iphetola ha lintho le khetho ea tlhaho ebile lebaka le leng la bohlokoa bakeng sa ho eketseha ha Puso ea Bohatelli. Buka The Columbia History of the World e bua ka ho “tsosolosoa ha thuto ea Darwin ea Kahisano e likhopolong tsa Puso ea Bohatelli tse bontšitsoeng ke Mussolini le Hitler.”

Encyclopedia of the Third Reich e lumellana le boipiletso bona ’me e hlalosa hore thuto ea kahisano ea Darwin ebile “khopolo e ikarabellang ea morero oa Hitler oa ho timetsa merabe e meng.” Tumellanong le thuto ea Darwin ea kahisano, “ba nang le khopolo ea Jeremane ba pheha khang hore ’muso oa hona joale, ho e-na le ho sebelisa matla a oona ho sireletsa ba fokolang, o lokela ho hana khopolo ea oona molemong oa ho rata batho ba matla le ba phetseng hantle. Ba ile ba pheha khang hore ntoa e lokile tsekisanong ea ho pholoha tse matla ea hore “tlhōlo ke ea ba matla, ’me ba fokolang ba lokela ho felisoa.”

Na ba Ithutile Thuto?

Mehla ea masole a Italy a apereng lihempe tse ntšo le masole a Jeremane a apereng liaparo tse sootho tse nang le letšoao la swastika e fetile. Leha ho le joalo, esita le selemong sa 1990, mesaletsa ea Puso ea Bohatelli e sa ntse e le teng. Lilemong tse peli tse fetileng makasine Newsweek o ile oa hlokomelisa hore sechabeng se seng le se seng sa Europe Bophirimela, “matla a lehlakore la bohanyetsi a boetse a paka hore khethollo e bolotsana le boipiletso ba bochaba le lintho tsa bohlokoa tsa ho sebelisa matla a bobusi ka ntle ho tumello ea sechaba li ka ’na tsa boela tsa fumana tšehetso e makatsang.” Ntle ho pelaelo e mong ea ka sehloohong oa mekha ena ke Jean-Marie Le Pen oa National Front ea Fora ka molaetsa o “tšoanang le oa Bonazi.”

Na ke bohlale ho beha tšepo ho mekha ea kajeno ea Puso ea Bohatelli? Na metso ea Puso ea Bohatelli—thuto ea ho iphetola ha lintho ea Darwin, khethollo, ntoa, le bochaba—ke motheo oa sebele bakeng sa ’muso o lokileng? Kapa na u ne u ke ke ua lumela hore joaloka mefuta eohle e meng ea puso ea motho, Puso ea Bohatelli e lekantsoe sekaleng ’me e fumanoe e fokola?

[Lebokose le leqepheng la 24]

Puso ea Bohatelli Na Motheo oa Eona o Tiile?

Thuto ea ho Iphetola Hoa Lintho ea Darwin: “Lenane le eketsehang la bo-rasaense, haholo-holo lenane le eketsehang la liithuti tsa ho iphetola hoa lintho . . . le pheha khang hore khopolo ea Darwin ea ho iphetola hoa lintho hase khopolo ea sebele ea saense.”—New Scientist, ea June 25, 1981, ka Michael Ruse.

Khethollo: “Phapang har’a meloko le mefuta ea batho, moo e leng teng, ke ntho ea kelello le ea batho, eseng ea liphatsa tsa lefutso.”—Genes and the Man, ka Moprofesa Bentley Glass.

“Batho ba merabe eohle ke . . . bana ba motho oa pele a le mong ea tšoanang.”—Heredity and Humans, mongoli oa saense Amram Scheinfeld.

Ntoa: “Bohlale, mosebetsi le lichelete tse sebelisitsoeng . . . bohlanyeng bona ke taba e thata ho nahanoa. Hoja lichaba tsa se hlole li ithuta ntoa, batho ba ka be ba khona sohle.”—mongoli oa Moamerika le mohapi oa moputso oa Pulitzer, Herman Wouk.

Bochaba: “Bochaba bo arohantse batho ho ba etsa litsekana tse sa mamelleheng. Ka baka leo, batho ba nahana joale kaha e le Maamerika, Marussia, Machaena, Baegepeta kapa Maperuvia pele, e be ke hona ho latelang hore ba nahane joale ka batho—haeba ho ke ho etsahale.”—Conflict and Cooperation Among Nations, Ivo Duchacek.

“A mangata haholo a mathata ao re talimaneng le oona kajeno a tsoetsoe ke boikutlo ba bohata kapa tholoana ea bona—bo bong ba bona bo bile bo nkiloe ho sa hlokomelehe le ho hlokomeleha. Har’a bona ke maikutlo a bochaba bo leeme—‘naha ea heso, e nepile kapa e fositse.’”—Eo e Neng e le Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng U Thant.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Matšoao a bolumeli a boholo-holo, joaloka la swastika le lepetjo, “Molimo o Na le Rōna,” ha lia ka tsa pholosa puso ea Hitler

Ngata ea lithupa e hlometsoeng selepe, letšoao la Mussolini la Puso ea Bohatelli, le ka bonoa licheleteng tse ling tsa U.S.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela