Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 2/8 leq. 27
  • Meru e Fokotsehang, Mocheso le Mohatsela tse Eketsehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Meru e Fokotsehang, Mocheso le Mohatsela tse Eketsehang
  • Tsoha!—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meru ea Tropike—Na e ka Sireletsoa?
    Tsoha!—2003
  • Melemo ea Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Ke Hobane’ng ha ho Lokela ho Sireletsoa Meru?
    Tsoha!—1990
  • Meru Ea Tropike—Ke Mang ea Tla e Sireletsa?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 2/8 leq. 27

Meru e Fokotsehang, Mocheso le Mohatsela tse Eketsehang

HO SENNGOA ha meru ea libakeng tse futhumetseng. Phello ea ho futhumala ha lefatše. Hangata mathata ana a mabeli a maholo a boleloa ka tsela e tšoanang. Ka lebaka le utloahalang: Ho senngoa ha meru ea libakeng tse futhumetseng ke hona ho bakang ho futhumala ha lefatše. Ha motho a ntse a chesa meru, a e fothola le ho hleka likarolo tse khōlō tsa eona bakeng sa metebo, litsela le matamo a ho fehla motlakase, meru e ntšetsa carbon ea eona e ngata sebakeng. Carbon dioxide e bang teng ke e ’ngoe ea likhase tse ngata tse etsang hore sebaka se boloke mocheso, ’me mocheso oo butle-butle o etsa hore lefatše le futhumale.

Litlaleho tsa haufinyane tsa Machaba a Kopaneng li senola hore mathata ana a mabeli a ka mpefala ho feta kamoo ho neng ho nahanoa ka teng pele. Ka mohlala, litsebi tse fetang 300 tsa mocheso le mohatsela tse tsoang lefatšeng ka bophara li ntšitse tlhokomeliso ka May 1990 ea hore kakaretso ea mocheso le mohatsela lefatšeng ka bophara e tla eketseha ka 2 degrees Celsius lilemong tse 35 tse tlang le ka degrees Celsius tse 6 bofelong ba lekholo le latelang la lilemo haeba motho a ke ke a fetola boemo bona.

Bo-rasaense ba bolela hore sena se ne se tla bolela phetoho e khōlō ka ho fetisisa ea karolelano ea mocheso le mohatsela tseo lefatše le kileng la li latsoa lilemong tse likete tse leshome. Le hoja ho futhumala ha lefatše e bile mohloli oa phehisano har’a bo-rasaense, The Washington Post e hlokometse: “B-orasaense ba ngotseng tlaleho ena . . . ba bolela hore sena se ne se emela tumellano e tsotehang har’a bo-rasaense ba makholo bao hangata ba sa lumellaneng.”

Ho sa le joalo, tlaleho e neng e e-na le sehlooho se reng World Resources 1990-91, e lekanyetsa hore lefatše le lahleheloa ke meru ea lona ea libakeng tse futhumetseng ho fihlela ho seo e ka bang karolo ea 50 lekholong ka potlako e khōloanyane ho feta kamoo litekanyetso tsa pele li bontšitseng ka teng. Kakaretso ea ho senngoa ha meru ea libakeng tse futhumetseng ea linaha tse robong—Asia, Afrika, le Amerika Boroa—e ile ea eketseha ka makhetlo a fetang a imenneng hararo lilemong tsa bo-1980! Ho latela tlaleho eo ho senngoa ha meru ea lefatše ea libakeng tse futhumetseng ka kakaretso ke lihekthara tse limillione tse 16 ho isa ho tse 20 selemo le selemo.

Ho senngoa ha meru ho se ho ntse ho eketseha. Ka mohlala, International Wildlife e hlokomela hore meru ea libakeng tse futhumetseng tsa lefatše bonyane ke lehae la batho ba limillione tse 5 mohlomong le limela tse ka bang limillione tse 30 le liphoofolo—“ho feta liphoofolo tsohle tse phelang hammoho libakeng tse ling ha li kopane.” Qetellong liphoofolo tsena le limela li tla fela. Batho ba ithutang bophelo ba linonyana ka ho li shebella karolong e ka leboea ba qalile ho hlokomela hore linonyana tse fallang selemo le selemo ho tloha merung ea libakeng tse futhumetseng li ntse li fokotseha ka ho eketsehileng.

Madagascar hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea limela tse melang lipalesa, ha ho sa na moo li fumanehang teng lefatšeng; se seng sa limela tsena e leng rosy periwinkle ke motheo oa lithethefatsi tsa lefatše tsa bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa ho thibela kankere. Leha ho le joalo, karolo e fetang halofo ea meru ea Madagascar e se e sentsoe kapa e se e felile.

Ka sebele motho o ‘senya lefatše’ mehleng ena ea qetello joalokaha e le khale Bibele e bontšitse hore o tla etsa joalo.—Tšenolo 11:18.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]

Abril Imagens/João Ramid

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela