Ke Mang ea Leng Phoso?
“BOTAHOA ke ntho e amohelehang” ho batho ba bangata sechabeng, ho bolela Jim Vanderwood oa Mokhatlo oa Mohawk Valley oa Bokhoba ba Tahi New York State. Ka bomalimabe, ke batho ba ’maloa feela ba ka latolang ka katleho hore ho noa esita le ho noa ho tlōlisa, ke karolo ea sebōpeho sa sechaba.
Ka lilemo tse ngata mekhatlo e mengata ea sechaba e ’nile ea lumella ho noa ka mehla, esita le ho noa ka ho fetelletseng. Sena se khothallelitse le ba bang ho etsisa boikutlo boo ba ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho joalokaha Vanderwood a bolela: “Ak’u shebe libaesekopo. Ka mehla re ’nile ra thoholetsa batho ba ka tsebang ho noa haholo ha ba e-na le ba bang empa bona ba sa tahoe ’me ea ’na ea e-ba bahale ba tummeng. Sena se bonahala joaloka hoja se fana ka matla a boikutlo ba ho itšepa. Re ka loantša seo joang?”
Kahoo, le hoja boikutlo bo boholo ba ho ba molato bo le mahetleng a ba bakang tlokotsi ka ho noa le ho khanna, ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe, sechaba se ratang ho fetelletsa lintho hammoho le boikutlo ba sona bo sa leka-lekanang mabapi le joala li boetse li jara molato o itseng.
“Ho noa ha ho amoheloe feela empa ho boetse ho khothalletsoa ka matla,” ho bolela moofisiri oa thibelo ea bonokoane Jim Thompson. O bolelletse Tsoha!: “Liketsahalo tse ngata tsa lipapali li likoloha khoebong ea joala, joaloka khoebo ea biri.” O hlokometse hore liketsahalong tse ngata tsa lipapali, “liphatlalatso tse molemo ka ho fetisisa tsa TV ke tsa khoebo ea joala moo likhalala tsohle tsa sechaba li noang biri ea tsona e ratehang.”
Mokhatlo o itsamaisang o leng tlas’a taolo ea eo e kileng ea e-ba ngaka e khōlō ea U.S. C. Everett Koop o ile oa hanoa ke Mokhatlo oa Sechaba oa Khaso le Mokhatlo oa Sechaba oa Baphatlalatsi. Hobane’ng? Hobane o ile oa bua ka taba ea ho khanna motho a le tlas’a tšusumetso ea joala le ho fumanoa a le molato. Dr. Patricia Waller, eo e neng e le molula-setulo oa Sehlopha sa Thuto sa mokhatlo, o itse: “’Nete ke hore rōna [sechaba] re bakile bothata bona, ’me batho ke ba thotseng haholo hoo ba inehelang khatellong eohle eo re ’nileng ra ba beha tlas’a eona kaha ba ne ba hōlile ka ho lekaneng hore ba ka hlokomela ntho e itseng thelevisheneng. ‘Empa,’ [ho bolela sechaba] ‘hase rōna ba ikarabellang. Boo hase bothata ba rōna.’”
Bacha ba Kajeno Bao e Leng Batlōli ba Molao—Khathatso ea Hosane ea ho Noa
Ka mekhoa e fapa-fapaneng joaloka thelevishene, libaesekopo, le liphatlalatso, ho noa e ba ntho e monate. Sena se finyella mehopolo e mecha e susumetsehang habonolo ka molaetsa ona, ‘U ka ’na ua noa eaba u phela ka thabo ka mor’a moo.’
“Ngoana feela o tla bona ho nooa joala ka makhetlo a 75 000 thelevisheneng pele a fihlela lilemo tse loketseng hore a ka noa joala,” ho bolela Dr. T. Radecki oa Lefapha la Phatlalatso ea Pefo Thelevisheneng ea United States. Mofuputsi oa Brithani Anders Hansen o ile a fuputsa ka nako ea mantsiboea ha TV e shebelletsoe ke batho ba bangata United Kingdom ’me a fumana hore karolo ea 71 lekholong ea mananeo a eona ’ohle a litšōmo a kopanyelletsa ho noa. Ka karolelano ho ne ho e-na le karolo ea 3,4 lekholong ea lipono tsa ho noa ka hora “hammoho le lipono tse fokolang tsa ho noa joala ka hore ho be le liphello tse tobileng,” joaloka likotsi tsa makoloi le ho bolaeana ha batho, kamoo ho bolelang Hansen.
Ha Colman McCarthy moqolotsi oa litaba a ngola ho The Washington Post, o hlalositse taba ka mokhoa ona: “Maemo a susumelletsang lipapali tsa boithabiso tsa . . . bao e kileng ea e-ba limathi pele joaloka baphatlalatsi ba khoebo ea thelevishene ke liphatlalatso le matšolo a reretsoeng ho susumetsa bana le ho qobella liithuti tsa koleche ho amohela khopolo ea hore ho noa joala, ho noa bo bongata haholo, ke ntho ea bohlokoa bakeng sa boiketlo ba sechaba. Nkang sena ho filosofi ea bashemane ea hore ‘e latsoeha hamonate, re batla e eketsehileng,’ haeba le sa noe, le lahleheloa ke monate.”
Soviet Union, ho noa le ho khanna ke bothata bo boholo ba sechaba. Bahlanka ba bang ba ’muso ba ipotsa hore na mekhoa ea ho noa e ka fetoha. E mong o itse: “Ke moetlo oa rōna oa Russia.” Le hoja ho ka ’na ha e-ba joalo, ba bangata ba talima sena e le mokhoa o mong oa boikhathollo. Kahoo bacha ba hōlela tikolohong e khahlisang ea ho noa.
J. Vanderwood o hlalosa hore United States e na le “moetlo o mocha oa bacha ba noang. Joala bo tšoana le softball, bowling, superbowl, le lihora tsa thabo. Haeba ke boikhathollo, ke joala, haeba ke joala, ke boikhathollo.” Oa hlokomela: “U ka ’na ua hōla tšobotsing ea hore ha u ua qholotsa bokhoba ba hao kelellong, sechabeng kapa ’meleng.” Empa oa hlokomelisa: “Ntho e ’ngoe eo re e tsebang ho tsoa phuputsong, ’me e tiisitsoe hore e joalo, ke hore haeba u qalisa ho noa ka matla ha u le lilemo li 14, 15, kapa 16, u ka ba lekhoba nakong ea selemo. Lilemong tsa bo-20 u ka ba lekhoba ka lilemo tse seng kae feela.”
Na ke ho makatsang hore sesosa sa lefu har’a bacha ba mahareng a lilemo tse 16 le 24 United States ke likotsi tsa mebileng tse amanang le tahi? Ha ho pelaelo hore sena e boetse ke sesosa sa lefu se seholo linaheng tse ling tse ngata. Kahoo, Dr. Waller o fihlela qeto ea hore batsoali ba seli ba lekang ho hōlisa bana ba bona tikolohong ea lelapa e sa noeng ba talimane le sechaba se lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe “se hulelang ka lehlakoreng” le leng.
Kahoo mocha oa kajeno ea noang a ka fetoha bothata bo boholo ba ho noa hosane. Hangata o manganga tabeng ea ho phekoleloa ho noa, e leng se tlisang tšabo e khōlō polokehong ea sechaba mebileng. Mōtloli e mong oa molao ea lilemo li 34, hoba a fete lenaneong le tsamaisoang ke ’muso la ho khaotsa ho noa, o ile a boela a noa ’me a khanna teraka ea hae e nyenyane ka lehlakoreng le fosahetseng la tsela ea Kentucky. O ile a chaisa bese e tletseng bacha—bacha ba 24 le batho ba baholo ba bararo—’me a bolaea batho ba 27. Ka sebele, ho lekanyelitsoe hore ba fetang kotara ea ba ahloloang ka baka la ho khanna ba tahiloe ebile bao e neng e le batlōli ba molao pele.
Joala—Sethethefatsi se Lumelletsoeng ka Molao
Mebuso e mengata e hlokomelisa sechaba hore joala ke sethethefatsi (se lumelletsoeng ka molao). E lekanya joala le lithethefatsi tse ling tse bakang bokhoba.
Sebokeng se sekhutšoane se khethehileng se neng se tšoaretsoe White House, mopresidente Bush oa U.S. o ile a bolela hore ho khanna motho a tahiloe ho “holofatsa joaloka crack. Ho tletse hohle joaloka pefo ea lihlopha tsa litlokotsebe. ’Me ho bolaea bana ba bangata ho feta lintho tse peli tsena ha li kopane.” O ile a boela a hatella hore “re tlameha ho ruta bana ba rōna hore joala ke sethethefatsi.”
Haeba pele u ne u e-s’o talime joala joaloka sethethefatsi, hase uena feela. C. Graziano eo e leng motsamaisi oa boipaballo mebileng o re: “Batho ba bangata ha ba amahanye lintho tsena.” Oa phaella: “Babuelli ba molao, lingaka, baahloli. Joala bo ka ama motho ofe kapa ofe . . . Bo qaphakile. Ho bonolo haholo ho bo fumana!” Kahobane bo lumelletsoe ka molao linaheng tse ngata, bo ka rekoa mabenkeleng a mangata. Hangata ho na le lithibelo tse fokolang haholo.
Ha e le hantle, joala ke lijo ka lebaka la hore bo na le li-calory. Empa hape bo tlameha ho oela sehlopheng sa lithethefatsi hobane bo hatella tsamaiso ea methapo ea motho. Ha bo nooe haholo bo ba le phello ea lithethefatsi ’meleng joaloka sethethefatsi se bitsoang barbiturate. Ka baka la “sebōpeho sa bona sa ho fetola maikutlo, bo fokotsa khatello,” ho bolela J. Vanderwood. “Bo u lumella ho etsa lintho tse ling, bo fetola mokhoa oa hao oa ho nahana. U ikutloa hore u ka etsa ntho e itseng ha bonneteng u ke ke ua e etsa.” Ke moo bothata ba ho noa le ho khanna bo larileng teng. Ho joalokaha a phethela: “U na le motho ea sa hlaphoheloang hantle ea etsang liqeto tse sa hlaphoheloang ka mosebetsi o sa hlaphoheloang.”
Ba bang ba amehang maemong a boima haholo—tlhalo, ho lahleheloa ke mosebetsi, mathata a lelapa—hangata ba qetella ba noa ka ho fetelletseng ka boiteko ba ho leka ho mamella khatello le ho tepella. Boemong bona ba itšoara ka “litsela tse hlokang kutloisiso, le tse hlokang boikarabelo, ho kopanyelletsa le DWI,” ho bolela Journal of Studies on Alcohol.
Leha ho le joalo, mabapi le joala ha ho hlokahale hore motho a tahoe hore tšebetso ea hae e amehe. Ke mothamo o le mong feela kapa e ’meli e ka sitisang kahlolo ea mokhanni le ho intša kotsi hammoho le ho ntša batho ba bang kotsi.
Ka sebele seoa sena ke koluoa sechabeng se ipolaeang ka bosona ka motsoako ona o bolaeang oa meharo ea khoebo le boikutlo bo mabifi mabapi le motsoako o lumelletsoeng ke molao empa o hlile o le kotsi haholo. Joale ho na le matšeliso afe bakeng sa ba siameng ka baka la tlokotsi ee? Ho na le tšepo efe ea sebele bakeng sa ho fumana pheko?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]
Bacha ba noang haholo ba ka fetoha makhoba nakong ea selemo se le seng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]
Ha ho hlokahale hore motho a tahoe hore tšebetso ea hae ea ho khanna e sitisoe
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ka mekhoa e fapaneng, joaloka thelevishene, ho noa hoa khothalletsoa