Ba Shoetsoeng ba Talimana le Batlōli ba Molao
BOEMO: Sehlopha sa Bahlaseluoa ba DWI (Ba Khannang ba Tahiloe) Genesee County ea Upper New York State. Pono: Batho ba tšeletseng, ba kopantsoe hammoho ke masoabi ao baa abelanang ebile ba tšoere litšoantšo tsa baratuoa ba bona, ba nka karolo boitekong bo utloisang bohloko ho batlōli ba molao ba ahlotsoeng ka baka la ho khanna ba tahiloe.
Ana ke a mang a mantsoe a tsoang litlhalosong tsa bona tse bokelletsoeng ke Tsoha!
Ba Shoetsoeng
Ntate: “Enoa ke mor’a rōna Eric. E ne e le mor’a ea behang mohlala o motle, ea tletseng mesoaso, ea tletseng ho bososela. Hona joale ke masoabi, ke ntate ea hlomohileng ea shoetsoeng ke mora ea lilemo li 17. Ka ho panya ha leihlo, litoro tsa rōna li ne li fetile, tšepo ea rōna ka bokamoso, lerato la rōna—kaofela li bolailoe ke mokhanni ea tahiloeng.
“Re ea le mosali oa ka mabitleng. Ke taba e thata ka ho fetisisa eo re lokelang ho itšetleha ka eona. Re bala mantsoe a Eric a ngotsoeng lejoeng la lebitla: ‘Ke tla le hloloheloa ka pelo ea ka eohle, ’me ke tšepa hore re ke ke ra arohana haholo; ’me haeba re arohane, ke tla lla hobane ke ne ke sa rate hore sala hantle.’ Le rōna ha re rate hore sala hantle.”
Mohlolohali e mocha: “Lena ke lelapa la ka. Monna ea lilemo li 22 o ile a tloha moketeng oa lenyalo a bolela hore ha a ikutloe a tahiloe. Ka teraka ea hae e nyenyane e mathang ka lebelo le tšosang ho theosa tseleng e lefifi, eo a sa e tloaelang, o ile a atamela letšoao la tsela le mo hlokomelisang ’me a le hlokomoloha, a feta mohoalotso letšoaong le mo laelang hore a emise eaba oa re chaisa. Motsotso o latelang ke hopola ke phaphamisoa ke khatello ea lehlaba le bohloko ka sefubeng. Ha ke ntse ke leka ho bula mahlo, ke ile ka tseba ho bona monna oa ka a tšoarelletse lebiling la koloi. Ke ile ka utloa lesea la ka le lla. Ke hopola ke botsa, ‘Ho etsahetse eng?’
“Ha ho ea ileng a araba. Monna oa ka, Bill, ea lilemo li 31; mor’a ka e moholo, ea lilemo li 6; le bashemane ba ka ba mafahla ba lilemo li 4, ba ne ba shoele. Tšepo ea ka feela e setseng e ne e le moralinyana oa ka ea likhoeli li robong ea ileng a okeloa sepetlele a tsoile maqeba a mabe hloohong.
“Ha ke ntse ke le sepetlele Laboraro hoseng ho utloisang bohloko, le ho mongobo, monna oa ka le bashemane ba bararo ba ne ba bolokoa. Ke ile ka nahana ka makase a mane, litopo tse ’nè tse silakantsoeng, batho ba bane bao nke keng ka hlola ke ba bona le ka mohla, ho ba utloa, kapa ho boela ke ba tšoara hape. Ke ne ke tla tsoela pele joang?
“’Na le moralinyana oa ka re ne re tlameha ho qalisa bophelo bo bocha. Ke ile ka rekisa ntlo ea ka kaha ke ne ke sitoa ho phela le mohopolo oa se ntlhahetseng. Ke ile ka thatafalloa ho mamella ’nete ea hore monna oa ka le bashemane ba ka ba bararo ba bohehang ba shoele. Tlhokomelo eohle, ho belaela, le lerato li ne li sa lekana ho ba sireletsa. Bohloko, ho ferekana, le ho ikutloa o se na thuso ke lintho tse ke keng tsa hlalosoa habonolo. Ba ile ba phela nakoana feela.
“Motho ea nkileng bophelo ba lelapa la ka e ne e se senokoane se pelo e thata kapa letahoa kapa motlōli oa molao oa nako le nako—e ne e mpa e le motho ea itekanetseng feela ea neng a intšitse ho ea thabela botsoalle mantsiboea. Joale ke ’na ea lefang moputso ona o bohloko ka baka la motho e mong ea ileng a khetha ho noa le ho khanna. E se e ka ntho e tjena e ke ke ea u hlahela kapa ea hlahela motho e mong eo u mo ratang.”
’Mè: “Lebitso la morali oa ke Rhonda Lynn. O ne a lokela ho qeta sekolong se phahameng ka la 21 June. Ka la 10 June, o ne a le mokhahlelong oa ho qetela oa thuto ea hae ea ho khanna. Letsatsing leo batho ba babeli ba neng ba tsoa moketjaneng oa boithabiso ’me ba tahiloe haholo ba ile ba etsa qeto e hlokang boikarabelo ea ho khanna. Ka ho panya ha leihlo, ba ile ba bolaea Rhonda hammoho le morupeli oa hae oa ho khanna le ba bang ba babeli bao a neng a kena sekolo le bona.
“Thapameng eo ke ile ka amohela molaetsa oa thelefono o bolelang hore Rhonda o hlahetsoe ke kotsi. Khopolo e ileng ea ntlela ke hore ke ne ke lokela ho ba le eena. Ha ke fihla sepetlele, ke ile ka bolelloa hore ke se kene ho bona Rhonda. Empa ke ne ke lokela ho kholiseha. Joale ke ile ka ba kōpa hore ba tlose lakane. Sefahleho sa hae se ne se ruruhile ebile se ngoapehile hampe. Ke ile ka tsoela pele ho boha mahlo a hae a matle le ho pholla letsoho la hae, empa ho ne ho se letho le molemo leo ke neng ke le etsetsa ’mele oa hae o tsoileng kotsi. Seo ke ileng ka se etsa feela e bile ho kama moriri oa hae o motle. O ne a sa arabele. O ne a shoele.
“Ke bile le kabelo e bohloko ea ho bolella ntat’ae le banab’abo hore o shoele. Joale matsatsi a rōna ha a sa tšoana le pele ka baka la lephaka le tšosang. Hoja feela re ile ra mo aka, ra mo tšoara hape. Bophelo bo ke ke ba hlola bo tšoana le pele. Ho setseng ke mehopolo feela.”
Motlōli oa Molao
Mohlankana: “Pale ea ka e fapane le tseo le li utloileng ho fihlela mona. Pale ea ka e qaleha likhoeling tse 23 tse fetileng. Ke hopola sena joaloka hoja ke maobane. Kharebe ea ka e ne e nkile karolo tlhōlisanong ea bowling bosiung boo, kahoo ke ile ka etsa qeto ea hore ke noe methamo e se mekae le ho shebella papali ea bowling. Ke ile ka noa ligalase tse hlano kapa tse tšeletseng tsa biri ka lihora tse peli le halofo tse latelang. Ke ile ka nahana hore ke tla ba le boikarabelo le ho leta hora pele ke khutlela hae.
“Ka nako e ka bang metsotso e 30 leetong la ka ho khutlela hae, ho ne ho na le ambulense ka tseleng, ’me ho ne ho na le motho ea emeng har’a tsela bakeng sa ho laola sephethe-phethe. Ha kea ka ka bona motho eo ho fihlela e se e le morao haholo. Ke ile ka leka ho mo qoba le ho hata mariki. Hang ha fesetere ea koloi ea ka e ka pele e pshatleha, ke ile ka ipolella: ‘E mpe e be ke tšepe kapa ntja!’ Empa ke ile ka tseba hore ha ho joalo. Ke ile ka tsoa ka koloing ’me ka ea ho eena, ka hoeletsa, ‘Na ha u oa tsoa kotsi? Na ha u oa tsoa kotsi?’ Ha aa ka a nkaraba. Ke hopola ke eme ke mo okametse, ke mo talimme ka mahlong. Le eena o ne a shoele.
“Mapolesa a ’muso a ile a fihla ’me a ntlhoma lipotso. A ile a re: ‘U sebelisana le rōna hantle, empa o tsamaea ka mokhoa o sa tloaelehang ebile o bua ka mokhoa o sa tloaelehang. Na u ne u ntse u noa?’ A ile ka nkisa liahelong tsa mapolesa ’me a etsa liteko. Tekanyetso ea joala maling e ne e le 0,08 [e leng tekanyetso ea joala maling e sa lumelloeng ke molao likarolong tse ngata tsa United States]. Ke ne ke sa lumele hore sena se etsahala ho ’na. Le ka mohla ke ne ke sa nahane hore ntho e joalo e ka ntlhahela. Leha ho le joalo, ke ne ke talimane le qoso ea bonokoane ea ho bolaea batho ka ho se tsotelle, DWAI [Driving While Ability Impaired (Ho Khanna ha Matla a Ntse a Sitisoa)].
“Ho ne ho setse khoeli e le ’ngoe feela hore ke fumane lengolo la ka la botichere. Ak’u nahane kamoo sechaba se talimang matichere ka teng. Sechaba se lebelletse hore matichere e be a hlokang sekoli boitšoarong. Ke seo ke neng ke se sebeletsa, empa joale ke ne ke talimane le ho lahleheloa ke sena sohle.
“Ke ile ka fumana kahlolo e ntumellang ho ba ka ntle ho teronko nako ea selemo, ka lahleheloa ke lengolo la ka la ho khanna ka likhoeli tse 19, ke ile ka lefisoa liranta tse 625, ka qeta mafelo-beke a le mang ke le teronkong, ka sebetsa lihora tse 600 tsa tšebeletso ea sechaba, ’me ka ea thupelong ea likhoeli tse robong ea ho koetlisetsoa ho se noe joala. Ho feta moo, ke hopola masiu ao ke neng ke tsoha ke thothomela, ke hopola setšoantšo sa motho eane. Ke ile ka tlameha ho khutlela morao le ho tobana le metsoalle ea ka eohle le lelapa. Ho tsoela ka bophelo ba ka ho ile ha bonahala ho le boima. Ke ne ke sa kholiseha hore na ke tšoanela ho phela kapa che. Ke ne ke lokela ho khutlela mosebetsing oa botichere le ho hlokomela bana bao. Ho ne ho se thuso empa ka ipotsa hore na ke ba bakae ba tsebang seo ke se entseng. Ke ne ke tletse maikutlo a molato le ho ikoahlaea mabapi le lelapa la motho eo.
“Bosiung boo kotsi e hlahileng ka bona, ke ile ka tlameha ho etsa ntho e boima ka ho fetisisa eo ho seng mohla nkileng ka e etsa bophelong ba ka—ho bitsa ’mè le ho ’molella, ‘’Mè, ke bolaile motho kotsing [ea koloi]. Ke hloka koloi e tla nkisa hae.’ Ha a fihla moo, re ile ra tšoarana ’me ra lla. Ke ne nke ke ka lakaletsa sera sa ka se seholo hore se fete ho seo ke fetileng ho sona. Batho ba noang ebile ba khanna—ke bothata boo ke batlang ho ba thusa ka bona. Ha u tloha sebokeng sena, tsamaea u ntse u re hopola. Le ka mohla u se re lebale.”
Sehlopha sa Basebeletsi Sea Qetella
Patricia Johnston, mohokahanyi oa sehlopha sena sa ba shoetsoeng o ile a phetha ka phihlelo ea hae e bohloko ka ntat’ae ea noang joala ea ileng a shoa kotsing ea koloi. O re: “Haeba nka tseba ho thibela bohloko boo joala bo bo bakang le ho ‘fetola bohloko bona,’ le ka mohla ho ne ho ke ke ha hlokahala hore ho be le lenaneo le kang lena!”
Qetellong, molula-setulo o ile a botsa hore na ho na le ea nang le lipotso. Ha ho lipotso tse ileng tsa botsoa. Empa ho ne ho e-na le ba bangata ba mahlo a sekileng meokho ba ileng ba re: “Le ka mohla le ke ke la hlola le utloa letho ka ’na ka ho noa le ho khanna.”
Ke nako feela e tla bolela hore liphello tsa lihlopha tse joalo e tla ba life tabeng e amang sekhahla sa batho ba ileng ba tšoaroa ba boelang ba khutlela tseleng ho boela ba khanna ba tahiloe. Empa se etsang hore bothata bona e be bo bong bo tšosang ke manane a phahameng, limillione tsa batho ba khannang ba sa hlaphoheloa hantle empa ba sa tšoaroe.
Litlaleho tsa haufinyane tjena tse tsoang ho Mokhatlo oa Lipalo-palo oa Toka oa U.S. li bontšitse hore Lefapha la Toka le bolela hore selemong se fetileng feela, batho ba ka bang limillione tse peli ba ile ba tšoaroa ka baka la DUI (Driving Under the Influence [Ho Khanna Tlas’a Tšusumetso]). Empa lipalo-palo li boetse li bontša hore bakeng sa ho tšoaroa ho hong le ho hong ho etsoang ka baka la DWI (Driving While Intoxicated [Ho Khanna Motho a Tahiloe]), batho ba ka bang 2 000 kapa ho feta ba ka iphetela mohoalotso libakeng tse sa lisoeng ba sa hlokomeloe, ha manane a mangata a tla eketsa likotsi.
Ke eng e khothallelitseng boemo boo bo bolaeang joalo le khato e hlokang boikarabelo? Ke hobane’ng ha ntoa khahlanong le ho noa le ho khanna e ntse e tsoela pele ho loanoa empa e sa hlōloe? A re ke re hlahlobeng likarabo tse ling.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Batlōli ba molao ba boela ba talimana le sehlopha sa ba shoetsoeng