Bacha Baa Botsa . . .
Liboka tsa Bokreste li ka Nthusa Joang?
“Ha ke kholoe hore likereke li ka u thusa hore u hōle moeeng. Ke bolela hore, ho ho motho hore na o batla ho ba motho oa moea kapa che.”—Kevin ea lilemo li 19.
KEVIN o nepile lintlheng tse ngata. Ka sebele ho ho motho ka mong ho khetha “hore na o batla ho ba motho oa moea kapa che.” Empa kaha u bala tokollo ena, ho hlakile hore bonyane u batla ho ba motho oa moea. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ha ua kholiseha ka ho felletseng hore na ha e le hantle motho oa moea ke ea joang kapa hore na ke joang u ka bang motho oa moea.
Ka mantsoe a bonolo, motho oa moea ke ea lumellang hore mehopolo ea hae, maikutlo, le liketso li tataisoe ke Molimo o Holimo-limo, Jehova. O nahana ka ’Mōpi oa hae ha a etsa liqeto tsa letsatsi le letsatsi, ha a iketsetsa lipakane, kapa ha a beha lintho tse tlang pele bophelong. Ka mantsoe a mang, motho oa moea o laoloa ke Molimo.
Leha ho le joalo, joaloka mocha, u ka ’na ua fumana hore “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho” a khina khōlo ea hao ea moea. (Mattheu 13:22, NW) Ho kopa-kopana letsatsi lohle le bao u kenang sekolo le bona bao e ka ’nang eaba ba ‘na le tšekamelo ea ho etsa bobe ka linako tsohle’ ho ka boetse ha u nyahamisa. (Genese 6:5, NW) E ka ’na eaba ba bang “baa tlaka, ’me ba bua tse mpe,” ba u thatafaletsa ho tsepamisa mohopolo oa hao ho se setle. (Pesaleme ea 73:8, BPN) ’Me haeba batsoali ba hao kapa litho tse ling tsa lelapa li sa lumela, ba ka u fa khothatso e fokolang haholo ea moea. U ka etsa eng hore u hlōle litšusumetso tsena tse mpe le hore u hōle moeeng?
Ntho e ’ngoe eo u ka e etsang ke hore u kopanele ka mehla libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Ho fapana le litšebeletso tsa likereke, liboka tse tšoaroang moo li u khothalletsa ho phehella “boinehelo ba bomolimo e le pakane ea hao” ’me li u thusa khōlong ea hao ho tloha boseeng ba moea ho ea bonneng ba moea.—1 Timothea 4:7, NW; Ba-Efese 4:13, 14.
Liboka tse U Thusang Hore U Ithute
Liphuthehong tse ka holimo ho 63 000 lefatšeng lohle, Lipaki tsa Jehova li latela khothatso ea Bibele ea ho “phutha sechaba, banna, le basali, le bana . . . ba tle ba utloe, ’me ba ithute.” (Deuteronoma 31:12) Kahoo u tla fumana batho ba bangata ba bacha joaloka uena ka har’a Lipaki.
Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li kopanela lenaneong le tšoanang la thuto. Lenaneo lena le na le liboka tse hlano tsa beke le beke, se le seng se bolelele ba hora. Liboka tsena tse hlano ke:
Seboka sa Phatlalatsa—puo ea Bibele e totobatsang sehlooho se itseng sa Bibele.
Thuto ea Molula-Qhooa—thuto e tebileng ea lithuto tsa Bibele eo ho eona ho sebelisoang makasine oa Molula-Qhooa, e leng tokollo ea sehlooho ea Lipaki tsa Jehova.
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo—se ruta batho mahlale a ho bua bakeng sa tšebeletso ea Bokreste.
Seboka sa Tšebeletso—se fana ka lipuisano le lipontšo tsa mekhoa e sebetsang ea ho ruta tšebeletsong ea ntlo le ntlo le thutong ea Bibele.
Thuto ea Buka ea Phutheho—puisano ea lipotso le likarabo e tšoaroang ke lihlopha tse nyenyane ho sebelisoa thuso ea ho ithuta Bibele—’me hangata e tšoareloa malapeng.
Mananeo a thuto a libokeng tsena a ka u thusa hore u ithute “esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 2:10, NW; Liproverbia 2:5) Leha ho le joalo, ho na le melemo e meng e tlisoang ke ho ba teng libokeng.
“Joalokaha Tšepe e Leotsa Tšepe”
Michelle ea lilemo li 15 o re: “Ho bonolo ho ba Mokreste ha u le har’a ba bang bao le bona ba sebeletsang Molimo. Empa ha u e-ea sekolong, ho thata haholoanyane hobane bao u kenang sekolo le bona ba na le litekanyetso le lipakane tse fapaneng le tsa hao.” Ka hona, molemo o mong oa ho kopanela libokeng, ke monyetla oa ho kopana le balumeli-’moho.
Morena Salomone ea bohlale o itse: “Joalokaha tšepe e leotsa tšepe, le motho e mong o leotsa kelello ea e mong.” (Liproverbia 27:17, The New English Bible) Ka linako tse ling, ho hlokahala hore “kelello” ea rōna ea moea, ke hore, tsebo le temoho ea rōna ea moea, li leotsoe. Empa joalokaha ho leotsa thipa ea sebele ho hloka bohlale le lisebelisoa tse nepahetseng, kahoo ho hlokahala hore u kopane le batho ba nepahetseng, ba nang le matla a ho ‘u fa mpho e itseng ea moea.’—Ba-Roma 1:11, NW.
Holong ea ’Muso, u tla fumana batho ba joalo, ba lilemo tse sa tšoaneng, merabe le bochaba. Ka ho utloahalang, u ka ’na ua hoheloa ke lithaka tsa hao. Leha ho le joalo, hlokomela ka ho khetheha ba seng ba qetile lilemo tse ngata ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. (Levitike 19:32) Phihlelo ea bona ea bophelo hammoho le tsebo ea bona e tebileng ea Bibele e ka ba thuso e khōlō ho uena. U ka tseba batho ba joalo joang? Leka ho ba botsa lipotso tse kang, ‘U tsebile ’nete joang?’ kapa, ‘Tšebeletso ea tšimo e ne e le joang ha u ne u sa le mocha?’ Ba ka ’na ba u fa limpho tsa moea!
Ke ’nete hore ha u e-ea ho ba bang ka phuthehong, qalong u ka ’na ua ikutloa kamoo Craig ea lilemo li 12 a neng a ikutloa ka teng, hobane o re: “Ke ne ke tšaba ho bua le ba hōlileng. Ke ne ke nahana hore haeba nka bua ntho e fosahetseng, ke ne ke tla fuoa khalemelo.” Hona joale Craig oa tseba hore maikutlo a hae a ne a se na mabaka. Oa hlalosa: “Ke ikutloa ke phutholohile ha ke bua le bona hona joale.” Ke hobane’ng ha u sa etse boiteko bo tšoanang ba ho tloaelana le ba hōlileng moeeng ka phuthehong? Ho etsa joalo ho tla u fa monyetla oa bohlokoahali oa ho hlokomela le ho etsisa Bakreste ba hōlileng.—2 Ba-Thessalonika 3:9.
“Leleme la ba Rutehileng”
Sebaka se seng seo ho hlokahalang hore u hatele pele ho sona se ama matla a hao a ho ruta. Ka mohlala, na u khona ho fetisa linnete tsa Bibele ka tsela e hlakileng? Na u khona ho hapa tlhokomelo ea bamameli? Na u tseba kamoo u ka etsang hore ho bala ha hao ho be le moelelo oa sebele? Moprofeta Esaia o itse: “Morena Jehova o ’neile leleme la ba rutehileng.” (Esaia 50:4) ’Me ka ho koetlisoa, le uena u ka ba le leleme la ba rutehileng. Ho na le seboka seo ka ho khetheha se ka u tsoelang molemo tabeng ena: Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Na u se u ngolisitse sekolong seo?
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se etselitsoe ho ruta Bakreste ho bua le ba bang. Ha sea beheloa moeli oa lilemo, leha e le hore se hloka hore motho a kolobetsoe pele. Leha ho le joalo, u lokela ho tseba ho bala le ho ngola, u kopanele ka mafolo-folo le phutheho, ’me u phele bophelo bo lumellanang le melao-motheo ea Bokreste. Sekolo see sa tšebeletso se sebetsa joang?
Ka mor’a ho ngolisa, u tla abeloa ho fana ka puo e khutšoaane sehloohong se tobileng sa Mangolo. Sebetsa ka thata ha u lokisetsa puo ea hao. Ka mohlala, hangata boitsebiso bo eketsehileng sehloohong seo u buang ka sona bo ka fumanoa ka ho etsa lipatlisiso litokollong tsa Bibele ka ho sebelisa Watch Tower Publications Indexes le ka ho bala buka ea boitsebiso bo tebileng ba Bibele Insight on the Scriptures.a Haeba u hloka thuso tabeng ena, kōpa batsoali ba hao kapa Mokreste ea nang le phihlelo hore a u thuse. Patlisiso eo u e etsang e tla etsa ho hoholo puong ea hao ’me e tla susumetsa khōlo ea hao ea moea.—Liproverbia 2:1-5.
Ha u fana ka puo ka pel’a phutheho, mosebeletsi ea tšoanelehang ea tsamaisang sekolo o tla be a mametse ka hloko. Ka mor’a puo ea hao, o tla fana ka khothatso le keletso tse loketseng tse theiloeng boitsebisong bo fumanoang ho Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo, e leng tokollo e etselitsoeng ho thusa libui tsa phatlalatsa. Mamela keletso ena ka hloko. Ha ea etsetsoa ho u nyatsa-nyatsa kapa ho u hlabisa lihlong. Likeletso tse fanoang li reretsoe ho u thusa. Haeba u ‘inehela ho bala,’ khatelo-pele ea hao ea moea e tla ‘lemohuoa ke bohle.’—1 Timothea 4:13-15.
‘Rorisa Jehova ka Molomo oa Hao’
Tsela e ’ngoe eo u ka hōlang moeeng ka eona libokeng tsa Bokreste ke ka ho ithaopela ho arabela kapa ho fana ka litlhaloso ha bamameli ba kōpuoa hore ba kopanele. Ho lokisetsa esale pele ke sona senotlolo.b Empa mohlomong u ho fumana ho le thata ho fana ka tlhaloso esita le haeba u lokiselitse bakeng sa liboka. Boemong bo joalo, kōpa thuso ea Jehova. Morena Davida o ile a rapela: “Morena, ahlamisa melomo ea ka, ’me molomo oa ka o tla tumisa lithoko tsa hao.”—Pesaleme ea 51:15.
Hopola: Ha ho hlokahale hore karabelo e be e telele haholo kapa e be e rarahaneng hore e tle e be e hahang. Joalokaha Rachel ea lilemo li 12 a bolela: “Ho e-na le ho fana ka tlhaloso e telele haholo, tlhaloso e ka ’na ea ba polelo e le ’ngoe feela.” Ka lekhetlo la pele, ho bua libokeng ho ka bonahala ho le thata, ’me u ka ’na ua batla thuso, empa ha nako e ntse e ea, u tla ikutloa kamoo Rachel a ileng a ikutloa ka teng. Oa hlalosa: “Ha u fana ka tlhaloso ka bouena, ke ea hao ka sebele, ’me u ikutloa u le motlotlo ka eona.” Ho feta moo, u tla hōla moeeng, ka lebaka la boiteko ba hao.
Ha ho bonolo ho ameha ka lintho tsa moea lefatšeng la kajeno le tletseng boithati. Empa haeba ka mehla u kopanela libokeng, u lokisetsa ka ho felletseng, u nka karolo, ’me u etsa boiteko ba ho tloaelana le ba hōlileng, ka sebele liboka tsa Bokreste li tla u thusa hore u hōle moeeng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka lokisetsang le ho nka karolo libokeng, bona Tsoha!, July 8, 1988, maqephe 11-13.
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se koetlisitse bacha ba likete hore e be mati-chere a tšoanelehang a Lentsoe la Molimo