Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 2/8 maq. 14-16
  • Na re Lokela ho ea Sebokeng se Susumelletsang Libapali ho Hlōla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re Lokela ho ea Sebokeng se Susumelletsang Libapali ho Hlōla?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Thabo e Khōlō Kapa Cheseho e Fetelletseng?
  • Na ke Lokela ho Kena Sehlopheng sa Libapali Sekolong?
    Tsoha!—1991
  • Na ke Lokela ho Kena Thiming ea Lipapali?
    Tsoha!—1996
  • Lipapali Tsa Lithimi—na li Ntoketse?
    Tsoha!—1996
  • Mathata a Lipapali Kajeno
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 2/8 maq. 14-16

Bacha Baa Botsa . . .

Na re Lokela ho ea Sebokeng se Susumelletsang Libapali ho Hlōla?

‘LOANANG, sehlopha, loanang!’ ‘Hlōlang, hlōlang, hlōlang!’ Mapetjo ao a binoa ka mokhoa o pheta-phetoang ka cheseho e khōlō e kang ea bolumeli. Batho ba leng lebaleng la lipapali ba lumellana le morethetho o matla oa ’mino le meropa e llang. Bashemane le banana ba apereng liaparo tsa mebala-bala ba etella pele ka mantsoe a thoholetso a pheta-phetoang le ka lipina tsa tlhōlo, ’me ka nako e tšoanang ba khahlisa lithaka tsa bona ka liketso le ho tantša ho bontšang nyakallo e khōlo. Bakoetlisi ba lihlopha le batsamaisi ba lipapali ba fana ka tiiso ea boithoriso ea hore ba tla hlōla. Ha sehlopha sa libapali tsa sekolo seo se hlaha, batšehetsi ba sona ba etsa litlatse tse thibang motho litsebe. Letšoele le thabile haholo ’me nyakallo ea lona e fihla tlhōrong. Ke sehlopha sa bona se tla hlōla!

Likolong tse ngata, liboka tse susumelletsang libapali ho hlōla ke liketsahalo tse lebelloang ka cheseho e khōlō. Le hoja nako le nako ho tšoaroa mefuta e meng ea liboka ka morero oa ho hōlisa thahasello mananeong a fapaneng a sekolo, liboka tse susumelletsang libapali ho hlōla li mabapi le liketsahalo tsa lipapali tsa sekolo tse tlang: papali ea bolo ea maoto, baseball le basketball. Ho bacha ba bangata, seboka sena se bolela ho hongata ho feta ho khefutsa kemisong e tloaelehileng ea sekolo. Ke monyetla oa ho neha sehlopha sa sekolo tšehetso eo se e hlokang, ho thoholetsa bo-’mampoli ba bona le ho fehla moea oa hore sehlopha sa bona se hlōle! Liboka tsena li boetse li khothalletsa moea oa botšepehi le boikutlo ba bonngoe har’a liithuti.

Ke ’nete hore hase motho e mong le e mong ea tsotellang lipapali. Liithuti tse ling li mpa li thabela matla, thabo, le nyakallo ea liboka tsa lipapali. Mocha e mong o re: “Ke nako ea ho roba monakeli le ho lokoloha.” Ho ba bang, liboka tsa lipapali ke monyetla oa ho se be teng lithutong tsa sekolo—kapa ho kopana ka bolokolohi le batho ba batona kapa ba batšehali. Moshemane e mong o re: “Ke nako ea hore bahlankana le likharebe ba kopane.”

Leha ho le joalo, matichere a mangata a lumela hore ho tšehetsa liketsahalo tsa lipapali tsa sekolo ke karolo ea bohlokoa ea tsamaiso ea thuto. Bukeng ea hae The High School Survival Guide—An Insider’s Guide to Success, Barbara Mayer oa ngola: “Seithuti leha e le sefe se qetang sekolong se phahameng ka ntle le ho . . . lula sebakeng sa bashebelli le ho thoholetsa sehlopha sa habo sona . . . se fetiloe ke tse ling tsa linako tse thabisang ka ho fetisisa le menyetla e meholo ka ho fetisisa ea khōlo eo se ka ’nang sa e bona ka mor’a nako e telele.” Ha ho makatse hore likolong tse ling, liboka tse susumelletsang libapali ho hlōla li lumelloa ho nka sebaka sa lithuto tsa kemiso ea ka mehla ea sekolo.

Haeba liketsahalo tse joalo li e-ba teng sekolong sa lōna, mohlomong u ile ua nahana ka ho ea teng. Ka sebele, u ka ’na ua ba tlas’a khatello e itseng ea ho etsa joalo. Ho sitoa ho ba teng ho ka etsa hore ba bang ba u talime u le moikhantši kapa u le motho ea sa tšepahaleng. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a utloahalang ao bacha ba Bakreste ba sa lokelang ho ea libokeng tse joalo ka ’ona.

Na ke Thabo e Khōlō Kapa Cheseho e Fetelletseng?

Hase hore Bibele e hanana le lipapali. Bibele ea lumela hore “tlhakiso ea ’mele e na le bohlokoa bo itseng.” (1 Timothea 4:8, Today’s English Version) Bakreste ba bangata—ba banyenyane le ba hōlileng—ba thabela ho shebella le ho kopanela lipapaling tse fapa-fapaneng. Ha lipapali li bolokoa boemong bo leka-lekaneng e ka ba tse thabisang le tse ruisang molemo.a

Leha ho le joalo, liboka tse susumelletsang libapali ho hlōla li ka fetola thabo e loketseng ea lipapali hore e be cheseho e fetelletseng e kotsi. Ho latela buka Sports and Games in the Ancient World, “ho etsa litlatse ho sa laoleheng, ho hoeletsa le ho thoholetsa ho ne ho utloahala” liketsahalong tsa lipapali tsa Roma ea boholo-holo. Kahoo, ha ho makatse hore “cheseho e fetelletseng e ne e atile ka mokhoa o ke keng oa qojoa.” Nakong ea lipapali tsa boithabiso tsa lintoa, “bashebelli ba ne ba phaella ka khoeletso e reng: ‘Le ba bolaee! Le ba tule! Le ba otle!,’” ba sa tsotelle hore ba khothalletsa ho bolaoa ha motho e mong ka sehlooho.

Cheseho e fetelletseng ea lipapali e teng ’me e kotsi le kajeno. Ka mor’a papali ea bolo ea Europe, eo ho eona pefo ea batšehetsi e ileng ea fella ka ho bolaoa ha batho ba 38, makasine Discover o ile oa fana ka tlhahiso ea hore sesosa e ne e le “boikutlo ba ho se tsejoe” bo tlisoang ke ho ba ka har’a letšoele. Kahoo, motho o ikutloa a sa ikarabelle bakeng sa liketso tsa hae. Leha ho le joalo, Bibele ea eletsa ho Exoda 23:2: “U se ke ua latela bongata ho ea etsa tse mpe.” Empa na ha motho a mpa a thoholetsa le ho hoeletsa bakeng sa sehlopha sa habo o etsa bobe bo bokaalo? E. Makasine, Discover o hlokometse hore “ho hoeletsa le ho thoholetsa ketsahalong ea lipapali ho bontša mofuta o mong oa tlhaselo ea mantsoe oo habonolo ho batho ba bang o ka fetohang tlhaselo ea sebele.”

Joale, na ho bina mapetjo le lipina tse khothalletsang limathi hore li hlasele libapali tsa sehlopha se seng ke ntho e loketseng? Gerald e mocha o sa hopola liboka tsa lipapali tsa sekolo tse susumelletsang sehlopha ho hlōla tseo a neng a atisa ho ea ho tsona: “E ne e le tse lerata ka baka la ho hoeletsa ho tlerolang. Ka linako tse ling letšoele le ne le baka morusu haholo. Liboka tsena li ne li tšoana le liketsahalo tsa lintoa tse neng li re khothalletsa ho ipelaetsa. Mantsoe a kang ‘le ba bolaee,’ ‘le ba hatakele,’ le ‘le ba shape’ a ne a sebelisoa khafetsa.” Ka linako tse ling mantsoe ana a fetoha liketso tsa ’nete. Perry e mocha o hopola seboka sa lipapali seo ho sona “e mong le e mong a ileng a nka lithupa ’me a qala ho otla letšoao la sehlopha seo ba hlōlisang le sona. Ha seboka se se se felile, ba ne ba sentse letšoao leo.”

Ke mang ea ke keng a tšoaetsoa ke moea o joalo oa pefo? Ke kahoo ka lebaka le utloahalang Bibele e lemosang: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Ho joalokaha seithuti se seng secha se lumela: “Ha ho kamoo u ke keng ua susumelletsoa ho etsa seo e mong le e mong a se etsang.” ’Me haeba u kile ua kopanela liketsong tsa pefo, liphello e ka ba tse tebileng. Hopola hore Baedomo ba boholo-holo ba ile ba thoholetsa Bababylona ha ba ne ba ripitla Jerusalema. Baedomo ba ile ba hoeletsa: “Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ea hae!” (Pesaleme ea 137:7) Leha ho le joalo, Molimo o ile oa nyatsa moea oa bona oa boiphetetso le oa pefo ka matla. (Obadia 1:1, 8, 12) Na motho a ka tsoela pele ka ketso e tšoanang le kajeno ’me a se halefise Molimo?

Ke ’nete, hase liboka tsohle tsa lipapali—’me hase liketsahalo tsohle tsa lipapali—tse tletseng pefo. Empa esita leha ho e-na le tekanyetso e itseng ea ho hloka pefo, na ho loketse hore Mokreste a bine lipina tse bontšang cheseho e fetelletseng ea botšepehi kapa mohlomong esita le boikutlo ba borapeli ho sekolo kapa sehlopha sa libapali? (Bapisa le Exoda 20:5.) Na ho hoeletsa mapetjo a qholotsang ho lumellana le keletso e leng ho Ba-Efese 4:29, 31? Rea bala: “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna . . . tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna.” Na ho ba teng sebokeng sa batho ba laoloang ke maikutlo ho tla u thusa hore u hlaolele litholoana tsa moea oa Molimo, tse akarelletsang “bonolo” le “boitšoaro”? (Ba-Galata 5:22, 23) Kapa na ho tla tsosa moea o mobe oa tlhōlisano e matla?—Bapisa le Ba-Filippi 2:3.

Ho hlakile hore maemo aa fapana. Ka linako tse ling ho ba teng lipokanong tsa sekolo ke tlamo, ’me seboka sa lipapali tsa sekolo e ka ’na ea ba karolo ea lenaneo. Liboka tsa lipapali tsa sekolo ka botsona li ka fapana ka mokhoa oa tsona le ka seo li se etsang. ’Me le hoja ho se na molao o tiileng o ka etsoang ka ho ba teng kapa che, mocha oa Mokreste ea bohlale o tla buisana litaba tsena le batsoali ba hae ’me a hlahlobe mabaka a sa tšoaneng a amehang. (Bona Liproverbia 24:6.) Ha u etsa qeto ea ho se amehe libokeng tsa lipapali tsa sekolo, u ka tlameha ho mamella khatello e matla ea lithaka. Empa ka mehla u hopole hore botšepehi ba hao ba pele u bo lebisa ho Molimo—eseng sekolong se itseng kapa sehlopheng sa libapali.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona letoto la lihlooho tlas’a sehlooho “Sebaka Seo Lipapali li Nang le Sona” tokollong ea September 8, 1991, ea Tsoha!

[Lebokose le leqepheng la 16]

‘Ke Batla ho ba Moeta-pele oa Bashebelli ba Thoholetsang Libapali!’

Banana ba bangata—le bashemane—ba labalabela bophahamo, tlhokomelo le botumo tse tlisoang ke ho ba moeta-pele oa bashebelli ba thoholetsang libapali. Lisa, ngoanana ea qotsitsoeng makasineng oa Seventeen o re: “Ho etsa hore batho ba tsohe molota ba nyakalle ho etsa hore u ikutloe hamolemonyana. ’Me ho monate ha motho e mong le e mong a u shebile!” Bacha ba bang ba hoheloa ke menyetla ea botsoalle eo ho etella pele bashebelli ba thoholetsang libapali ho e tlisang. Ha batho ba bang ba ne ba leka ho etsa hore Hannah a saenele lipapali tsa liteko tsa boikoetliso o ile a bolelloa: “Ho tla etsa hore u be ea ratoang haholo ’me u tla tloaelana le bashemane.” Banana ba bang ba bolela hore ho etella pele bashebelli ba thoholetsang libapali ho ile ha eketsa seriti sa bona.

Leha ho le joalo, ka mehla bophelo ba moeta-pele oa bashebelli ba thoholetsang libapali hase bo bonolo. Hangata ho na le tlhōlisano e matla lipapaling tsa liteko tsa boikoetliso; ho se amoheloe e ka ba ho utloisang bohloko haholo. Lehloeo le matla le ka ’na la e-ba teng mahareng a lihlopha tsa baeta-pele ba bashebelli ba thoholetsang libapali tsa likolo tseo li hlōlisanang le tsona. Ho feta moo, e meng ea mekhoa e thata ea ho etella pele bashebelli ba thoholetsang libapali ea mehla ea kajeno e hloka tsebo ea litsebi tsa Liolimpiki. Likotsi li jele setsi. Baeta-pele ba bashebelli ba thoholetsang libapali ba tlameha ho qeta lihora tse ngata beke le beke ba ikoetlisa. Joalokaha bukana e ’ngoe e buang ka ho etella pele bashebelli ba thoholetsang libapali, motho o tlameha ho “inehela mosebetsing oa ho etella pele bashebelli ba thoholetsang libapali le oa ho phokola lipina e le tsela ea bophelo.”

Na ka sebele Mokreste o ne a ka “inehela” nthong ea lefeela e kang ho hōlisa moea oa botšepehi oa sekolo? Che; leha e le hore e ne e tla ba ho loketseng hore mocha oa Mokreste a khothalletse letšoele hore le bine mapetjo le lipina tse khothalletsang pefo le ho fana ka tlhompho ea borapeli ho lihlopha kapa bo-’mampoli ba libapali. ’Me joalokaha ho boletsoe pejana, kotsi ea “litloaelano tse mpe” ke taba ea sebele eo re amehileng ka eona. (1 Ba-Korinthe 15:33) Hape, re se ke ra lebala mathata a totobetseng a ka tlisoang ke ho iketsa mponeng—le ho tantša—motho a apere liaparo tse seng khabane tseo hangata ho hlokahalang hore baeta-pele ba bashebelli ba li apare.—1 Timothea 2:9.

Ha ho nahanisisoa ka mabaka ’ohle a utloahalang, ho hlakile hore ho etella pele batho ba thoholetsang libapali ha hoa lokela mocha oa Mokreste. Boinehelo ba hae ho Jehova ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Na moea o phahamisoang libokeng tsa lipapali tsa sekolo tse susumelletsang sehlopha ho hlōla o lumellana le litekanyetso tsa Bokreste?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela