Lefu Leo e Leng Sephiri Lea Hlokomeloa
CFS (chronic fatigue syndrome [lefu la mokhathala o sa feleng]) ke “tšokelo e khōlō ea bophelo bo botle le moruo e latelang AIDS.”
KE SEO Dr. Byron Hyde oa Canada a se boletseng sebokeng sa pele sa lefatše sa CFS se neng se tšoaretsoe Cambridge, Engelane, ka April 1990. Ha e le hantle, Dr. Jay Levy, mofuputsi oa AIDS oa San Francisco, o ile a bitsa CFS “bohloko ba lilemong tsa bo-1990.”
Emergency Medicine e hlalositse hore CFS ke “bohloko bo amang litsamaiso tse ngata tsa ’mele tse amanang le boko le lesapo la mokokotlo le tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ’me hangata le methapo ea hlooho.” Kameho ka lefu lena e ntse e eketseha. Ha makasine oa U.S. oa Newsweek o ne o hatisa taba e buang ka lefu lena e hlalosang setšoantšo se leng sekoahelong sa oona ka November 1990, o ile oa rekisoa ka ho fetisisa selemong seo.
CDC (U.S. Centers for Disease Control [Litsi tsa Taolo ea Mafu tsa U.S.]) tse leng Atlanta li nkile lefu lena ka ho teba. Ka 1988 mokhatlo ona oa U.S. o ka sehloohong oa bophelo bo botle o ile oa hlokomela lefu lena leo e leng sephiri ka molao ka ho neha lingaka litekanyetso kapa sehlopha sa lipontšo le matšoao, e le hore li ka le hlokomela. Mokhatlo ona o ile oa bitsa lefu lena chronic fatigue syndrome (lefu la mokhathala o sa feleng) hobane letšoao le ka sehloohong la lefu lena e le ho khathala.
Bothata bo Amanang le Lebitso
Leha ho le joalo, ba bangata ba ikutloa hore lebitso lena ha lea lokela. Ba bolela hore le fokotsa bohloko kaha ho khathala ho sa feleng e le hona ho khethollang CFS ho mokhathala o tloaelehileng. Mokuli e mong o ile a hlalosa: “Mokhathala oa rōna hase o tloaelehileng.”
Dr. Paul Cheney, ea kileng a sebetsana le phekolo ea bakuli ba makholo-kholo ba CFS o bolela hore ho bitsa bohloko bona lefu le sa foleng ho “tšoana le ho bitsa pneumonia ‘lefu la ho khohlela le sa foleng.’” Dr. J. Van Aerde, eo ka boeena a ileng a hlaseloa ke CFS oa lumela. Nakong e khutšoanyane e fetileng, ngaka ena e bile le mesebetsi e ’meli ea nako e tletseng—bosiu e ne e le ngaka ’me motšehare e le rasaense, ntle le ho ba monna le ntate. Selemong se fetileng o ile a bolela ka phihlelo ea hae ea CFS, ’me Medical Post ea Canada e ile ea hatisa tlaleho ea hae:
“Ak’u nahane ka lefu le qetang matla kaofela, le etsang hore ho phahamisa likobo e le hore u ka theoha betheng ho hloke boiteko ba sebele. Ho tsama-tsamaea moahong oo u lulang ho oona, esita le haeba u nanara, ho fetohe mosebetsi o boima, ho nka ngoana oa hao ho u koale moea. U qoba kamore ea ho ithuta e leng mokatong o ka tlaase hobane u hlōleha ho hloa methati ntle le hore u ’ne u tsamaee u lula fatše. Ak’u nahane u tseba ho bala mantsoe le lipolelo tsa sehlooho sa koranta empa u sa li utloisise . . .
“Ak’u nahane u ikutloa joalokaha eka ho kena lipeiti tse makholo mesifeng ea hao kaofela ka nako e le ’ngoe, sena se etsa hore ho be bohloko ha u lula, u thatafalloa ho tsamaea, ho etsa hore ho aka motho e se hlole e ba ntho e thabisang. . . . Nahana ka mohatsela oa nako le nako, ho fufuleloa ho tsamaisanang le tšabo le bohloko, tseo hangata li tsamaisanang le feberu e seng matla. Kopanya matšoao ana ’ohle ’me u a bapise le sefuba seo u kileng oa leka ho se phekola, ka ntle le moo boemo bona bo ’nile ba mpefala haholo ’me ba tšoarella selemo kaofela kapa mohlomong ho feta moo.
“Nahana ka tsieleho le masoabi ha u khutlela boemong boo ka makhetlo-khetlo, ha u ne u nahana hore u hlōtse ntho ena. Nahana u tšohile, u tsila-tsila hobane u ikutloa u le ’meleng oo u sa u tloaelang, ’me u sa tsebe hore na ho tla fela neng haeba ho tla fela.”—September 3, 1991.
Lebitso leo bohloko bona bo le rehiloeng United Kingdom le Canada le bontša ho teba ba lona. Moo le bitsoa myalgic encephalomyelitis kapa ka bokhutšoanyane feela ME. “Myalgic” e hlokomelisa ka bohloko ba mesifa, ’me “encephalomyelitis” e hlokomelisa ka phello eo lefu lena le bang le eona bokong le methapong.
Kaha lefu lena le ama tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, lihlopha tsa batho tse tšoeroeng ke lefu lena tse ruang molemo ka ho khothatsana le ho buisana United States, tseo hona joale li leng makholo li bitsitse lefu lena CFIDS (chronic fatigue immune dysfunction syndrome).
Na ka sebele lena ke lefu le lecha le ka phekoloang? Ho tlile joang hore batho ba le hlokomele?
Tlhahlobo ea Histori
Mohlomong CFS hase lefu le lecha. Ba bang ba ile ba le amahanya le letoto la mafu leo qetellong ea lekholo la lilemo le fetileng le neng le bitsoa neurasthenia, e leng lebitso le tsoang Segerikeng le bolelang “ho fokola ha methapo.” Matšoao a lefu la CFS a tšoana le a fibromyalgia, eo hape e tsebahalang joaloka fibrositis. Ba bang ba lumela hore CFS le fibromyalgia e ka ba lefu le tšoanang.
Ho qhoma ha lefu le kang CFS ho ile ha tlalehoa lilemong tse mashome tse fetileng, haholo-holo United States. Empa mohlomong le ile la hlahella Engelane, Iceland, Denmark, Jeremane, Australia le Greece. Mabitso a libaka a neng a hlalosa matšoao a lefu lena e ne e le bohloko ba Iceland, bohloko ba Akureyri, le bohloko ba Royal Free le mabitso a mang.
Haufinyane tjena, ka 1984 batho ba ka bang 200 toropong e nyenyane ea Incline Village, haufi le moeli oa California le Nevada, ba ile ba hlokofatsoa ke lefu le kang sefuba le ileng la ba tšoara nako e telele. Dr. Cheney, ngaka e ileng ea sebetsana le phekolo ea ba bangata ho batho bana e ile ea re: “Re ne re ba tseba e le batho ba baholo ba matla, ba thabileng le ba mahlaha-hlaha. Ka tšohanyetso ba ile ba kula ’me ba ne ba sa fole. Maemong a mang bosiu ba ne ba fufuleloa haholo hoo balekane ba bona ba neng ba tlameha ho tsoha le ho kenya lilakane tse ling.”
Ba bang ka tsela e eisang ba ile ba bitsa lefu lena le ileng la qhoma Incline Village Yuppie flu, kaha le ne le hlile le tšoere bacha haholo. Ho ne ho nahanoa hore mohlomong bakuli ba tšoeroe ke bohloko ba mononucleosis bo tšoaetsang empa litlhahlobo tsa lefu lena ha lia ka tsa thusa hore lefu lena le fumanoe ho bakuli ba bangata. Leha ho le joalo, litlhahlobo tsa mali li ile tsa senola tekanyo e phahameng ea metsoako e thibelang kokoana-hloko ea Epstein-Barr, e leng mofuta oa kokoana-hloko ea herpes. Ka nako e telele lefu lena le ne le bitsoa chronic Epstein-Barr.
Lefu Lena Lea Hlokomeloa
Ha Dr. Cheney a ne a tlalehela CDC se neng se etsahala Incline Village, tlaleho ea hae ha ea ka ea sekeheloa tsebe. Empa kapele-pele ho tsoa likarolong tse ngata tsa naha ho ile ha amoheloa litlaleho tse tšoanang tsa mathata a bophelo bo botle.
Ha nako e ntse e feta, liphuputso li ile tsa sibolla hore maemong a mangata kokoana-hloko ea Epstein-Barr e ne e se sesosa sa lefu lena. Ha e le hantle, kokoana-hloko ena e teng ho seo e ka bang karolo ea 95 lekholong ea batho ba baholo. E robetse ka har’a ’mele ea batho. Ngaka e etsang liphuputso tsa CFS e ile ea hlalosa: “Ha e tsosoa, mohlomong e ka tlatsetsa lefung lena.” Empa e hlile ha ho joalo.
Ho etsoa lipatlisiso tse ngata ho fuputsa lisosa tsa CFS. Ka baka leo, lingaka tse ngata lia lumela hore bothata ba sebele ba phekolo ea meriana mohlomong bo ama batho ba limillione. Dr. Walter Wilson, mofuputsi ea ka sehloohong oa mafu a tšoaetsang Mayo Clinic, Rochester, Minnesota, U.S.A., o boletse hore o fetotse boikutlo ba hae. Ha a bona batho ba bangata ba batla thuso ka litšenyehelo tse ngata o re, “u tlameha ho ba tšoara ka tsela e bontšang tlhompho ka baka la se ba tšoereng.”
Ho hlakile hore batho ba bangata ba bolaoa ke matšoao a tloaelehileng a lefu lena a amang batho ba bangata. Litsi tsa Taolo ea Mafu li amohela melaetsa ea thelefono e likete-kete e botsang ka boemo ba lefu lena khoeli le khoeli, ’me ke AIDS feela e etsang hore batho ba botse Setsi sa Machaba sa Bophelo bo Botle sa U.S. Dr. Walter Gunn ea ikarabellang ka liphuputso tsa CFS Setsing sa Taolo ea Mafu pele a phomotsoa mosebetsing morao tjena o ile a hlalosa: “Ho na le se etsahalang. Empa hore na ke lefu le le leng kapa a mangata, hore na sesosa se seng kapa li ngata, ha ho e-s’o hlake.”
Ba bang ba lumela hore CFS ke bothata ba kelello. American Journal of Psychiatry ea December 1991 e ile ea hlokomela: “Lingaka li pheha khang hore lefu lena la mokhathala o sa feleng le tla ba le phello e tšoanang le ea neurasthenia—le tla felloa ke botumo joalokaha ho bonahetse hore batho ba bangata bao le ba tšoereng ba na le bothata ba kelello.” Buka e ncha, From Paralysis to Fatigue, e khetholla CFS joaloka “lefu le lecha,” e leng se fanang ka maikutlo a hore le ke ke la ipaka e le lefu le tummeng.
Na ka sebele CFS ke bothata bo boholo ba kelello? Na matšoao a bohloko boo hangata a bakoa ke ho tepella maikutlo? Na CFS ke lefu la sebele?