Ho Talimana le Phephetso ea CFS
LINGAKA li ne li buisana ka ho phekola CFS (chronic fatigue syndrome [lefu la mokhathala o sa feleng]) nakong ea seboka sa litaba tsa thelevishene ha e ’ngoe e re: “Bakuli bana kaofela ba bonahala ba phetse hantle joaloka motho e mong le e mong sehlopheng sena.” Ka baka la hobane bakuli ba joalo ba sa bonahale ba kula, hangata ba phekoloa ka tsela e totisang masisa-pelo a bona.
Patricia, mokuli oa CFS oa Texas, o ile a hlokomela: “Ka linako tse ling ke ikutloa joaloka Jobo eo hangata metsoalle ea hae e neng e se molemo ho eena.” Ka mohlala, moeti e mong o kile a re ho eena: “’Na ke bona u phetse hantle! Ke ne ke nahana hore u kula e le kannete. Uena le matsal’ao lea tšoana. Le eena o tšoenyehile ka mafu a inahaneloang feela.”
Litlhaloso tse kang tseo li utloisa bohloko, ’me li etsa hore CFS e be phephetso e khōlō. Betty, mokuli oa CFS ea lulang Utah oa hlalosa: “Bohloko ba maikutlo ba ho nyelisoa ka baka la ho se ‘iteke’ ke bo ke keng ba hlalosoa. ’Me ke karolo e bohloko ka ho fetisisa eo lefu la CFS le e tlisang.”
Ho Hlokahala ho Utloisisa ho Lerato
Betty o buile mantsoe ao mohlomong e leng maikutlo a bakuli bohle ba CFS ha a re: “Ha re rate ho qeneheloa. Re hloka kutloelo-bohloko. Hoja feela re ba le kutloisiso e itseng! Molimo ke oona o tsebang mathata le masisa-pelo a rōna, ’me seo ke sa bohlokoa ka ho fetisisa. Empa hape ke habohlokoa hore re fumane tšehetso ea maikutlo ho baena ba rōna ba Bakreste le likhaitseli.”
Leha ho le joalo, ho batho ba bangata, CFS e sa ntse e le lefu leo ho leng thata hore le ka utloisisoa, joalokaha bakuli ba bacha ba Washington State ba sa tsoa hlokomela. E mong o ile a re: “Ntho e le ’ngoe eo ke ratang hore batho ba ka be ba e-na le eona ke kutloelo-bohloko. Seo ha se bonolo hobane hase batho ba bangata ba ileng ba sebetsana le lefu le kang lena.”
Leha ho le joalo, ha hoa lokela hore ho be thata ho utloisisa bakuli ba CFS. Ke ’nete hore mohlomong re ke ke ra utloisisa boemo ba ’mele ea bona. Empa re ka ithuta ka lefu la bona ho fihlela re utloisisa hore na ba kula hakae. Ho fapana le AIDS e bolaeang, mokuli e mong o hlalositse hore CFS “e etsa hore u lakatse e ka u ka be u shoele.” Deborah ea ileng a kula ka 1986 o ile a hlalosa: “Ka nako e telele ke ile ka rapela Molimo bosiu bo bong le bo bong hore a ntumelle hore ke shoe.”—Bapisa le Jobo 14:13.
Ha e le hantle, re batla ho ba ba khothatsang, ba thusang bakuli ho tobana le phephetso ea CFS, empa ka bomalimabe, litlhaloso tsa rōna li ka etsa se fapaneng. Ka mohlala, moeti e mong ka maikutlo a matle o ile a etsa tlhahiso ena ho mokuli oa CFS: “Seo u se hlokang ke ho noa lebese le futhumetseng mantsiboea. Le tla u thusa hore u robale ’me nakong ea matsatsi a se makae lintho li tla loka.” Tlhaloso eo e senola ho utloisisa CFS ka tsela e fosahetseng. E utloisa mokuli bohloko ho feta ho mo thusa.
Hangata bakuli ba ka ’na ba ikutloa ba hlōleha ho etsa lintho tse kang ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ha nako eo e fihla, mohlomong boiteko bo amehang ke bo phahametseng kutloisiso ea bona. Ho e-na le ho ba hopotsa ka nako eo ba neng ba le sieo ka eona, mohlomong re ka re: “Hoa thabisa ho u bona hape. Kea tseba hore ha ho bonolo ho ba teng mona, empa re thabela ho u bona mantsiboeeng ana.”—Bona lebokose le ka holimo.
Hangata tsamaiso ea methapo ea kelello ea mokuli oa CFS ea ameha, ’me e etsa hore ho kopana le batho ba bang ho be thata. Jennifer eo monna oa hae a tšoeroeng ke CFS o ile a hlalosa: “Re tlameha ho ba tšireletso pakeng tsa bona le batho ba bang. Re tlameha ho ba thusa ka ho ba fa nako ea boinotši, ka ho se ba halefele le ho ba thusa ho qoba maemo a mofuta ofe kapa ofe a utloisang bohloko.”
Jennifer o ile a lumela hore lefu la bakuli bana e ka ba moroalo o boima ho litho tsa lelapa tseo mohlomong li khathalang ho ba etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa joalokaha a hlokometse, haeba bakuli ba sa lumelloe ho phomola, ho hlaphoheloa ha bona ho tla lieha, ’me qetellong motho e mong le e mong o tla utloa bohloko. Hoa thabisa hore ho bonahala e le ka seoelo lefu lena le ka tšoaetsang haeba le ka tšoaetsa le hoja ho na le maikutlo a hore lefutso lea tlatsetsa lefung lena.
Tottie, mokuli oa CFS eo hape e leng mosali oa molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova, o bolela hore monna oa hae o ile a mo thusa ho tobana le liphephetso tsa lefu lena ka lilemo tse ngata. O ’molella ka kananelo ea hae empa oa hlokomela: “Hangata metsoalle e botsa ka ’na le ka boiketlo ba ka, empa Ken le eena o hloka khothatso.”
Tebello e Ntle ea ho Hlaphoheloa—Empa e le Kotsi
Ke ka seoelo CFS e bolaeang. Tsebo eo e ka u thusa ho tobana le phephetso ena. Ba bangata baa hlaphoheloa ha nako e ntse e feta ’me ba bangata baa fola. Dr. Anthony Komaroff o ile a hlokomela: “Ha ho mokuli lea mong eo re ileng ra ’mona ho ba makholo bao re entseng liphuputso ka bona ea bileng le lefu lena, bao boemo ba bona bo ileng ba mpefala ha nako e ntse e feta. Ha ho lea mong ea bileng boemong bo joalo. Kahoo, ho fapana le mafu a mang a tsoelang pele a sa khaotse, lefu lena ke le fapaneng haholo.”
Dr. Andrew Lloyd, mofuputsi e moholo oa CFS Australia ha a lumela sena o itse: “Ha motho a hlaphoheloa, joalokaha re lumela hore ke tloaelo hore seo se etsahale, ho hlaphoheloa hoo ke ho felletseng. . . . Ka hona seo ka bosona se bolela hore ho sa tsotellehe hore na tšebetso ena e tlisa eng boemong bona ba ho khathala, boemo bona bo ka fetoha ka ho felletseng.” Ho bonahala hore litho tsa ’mele tsa bakuli ha li tsoe kotsi ka mor’a ho hlaphoheloa.
Deborah, eo ka mehla a neng a rapela hore a shoe hobane a ne a ikutloa a kula, qetellong bophelo ba hae bo ile ba ntlafala. O ikutloa eka ha ho mohla a kileng a kula ’me o ile a bolela hore haufinyane o rerile ho kopanela le monna oa hae tšebeletsong ea nako e tletseng. Ba bang ba ile ba thabela ho hlaphoheloa ho joalo. Leha ho le joalo, ho hlokahala temoho. Hobane’ng?
Keith, eo lefu lena le ileng la boela la mo tšoara oa hlokomelisa: “Ke habohlokoa haholo ho hlokomela botebo ba lefu lena, u se potlakele ho nahana hore le se le fetile.” Ha Keith a ikutloa a hlaphohetsoe hape, o ile a khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng le boikoetlisong ba ’mele, o ne a matha ka mehla le ho phahamisa litšepe. Empa ka masoabi, lefu lena le ile la khutla ’me o ile a kula hape!
Ena ke tšobotsi e bolotsana ea lefu lena; ho kula hape ho tloaelehile. Leha ho le joalo, ho thata ho qoba litšobotsi tsena. Joalokaha Elizabeth a hlalositse: “Ha ho thata haholo ho leka ho lefelletsa nako e senyehileng ha u qala ho ikutloa hamolemonyana. U batla ho lebala ka lefu lena ka hohle kamoo u ka khonang—ho na le lintho tseo u batlang ho li etsa.”
Ka baka leo, ho hlokahala boiteko bo boholo le mamello ho thulana le liphephetso tsa CFS.
Seo Bakuli ba ka se Etsang
Ke habohlokoa hore bakuli ba fetole likelello tsa bona hore li lumellane le lefu lena la mokhathala o sa feleng leo ho sa tsejoeng hore na le tla khutla kapa che. Beverly, mokuli oa nako e telele oa hlalosa: “Ha ke qala ho nahana hore ke ikutloa hantle ka libeke kapa likhoeli, hangata ke boela ke kula ka ho tebileng ’meleng. Kahoo nako le nako ke sebeletsa ho lumela mefokolo ea ka.” Keith o ile a re: “Mohlomong mamello ke tšobotsi ea bohlokoa ka ho fetisisa.”
Ho hlokahala hore bakuli ba CFS ba boloke matla a bona le ho lumella ’mele ea bona ho fola. Kahoo, ba atlehang ho mamella CFS ba hatella bohlokoa ba se bitsoang phekolo e tsoelang pele ea ho phomola. Sena se bolela ho itokisetsa liketsahalo tse larileng ka pele ka matla ka ho fumana phomolo e eketsehileng esale pele. Kahoo bakuli ba CFS ba ka tseba ho ba teng libokeng tsa Bokreste kapa liketsahalong tse ling tse khethehileng ka ntle le ho utloa bohloko ka ho sa hlokahaleng ka mor’a moo ka baka la ho ikitlaetsa.
Ntho e ’ngoe ea bohlokoa ke ho boloka moea o khutsitseng, o bonolo kaha khatello ea kelello kapa ea maikutlo li ka etsa hore habonolo feela motho a boele a kule ka potlako. Kahoo keletso e molemo ke ena: “U se ke ua senya matla a hao ka ho itšireletsa.” E, qoba ho leka ho hlalosetsa batho ba belaellang boemo ba hao.
Haeba u tšoeroe ke CFS, u lokela ho hopola hore taba ea bohlokoa hase seo batho ba bang ba se nahanang empa ke seo ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, a se nahanang. O utloisisa boemo ba hao ’me ka sebele o rata sohle seo u se etsang ho mo sebeletsa. U ka tšepa hore Jehova le mangeloi a hae ha baa talima mosebetsi oa hao, empa joaloka Jobo, ba talimme boikutlo ba hao, mamello le botšepehi.
Susan, ea ileng a tšoaroa ke CFS ka lilemo tse peli, o ile a hlokomela hore e ’ngoe ea litšobotsi tse kotsi ka ho fetisisa ea CFS ke ea hore motho a ikutloe hore bophelo ha bo na morero. Kahoo oa khothatsa: “Batla lintho tse u tlisetsang nyakallo kapa khotsofalo. Ke na le lipalesa tse tharo tsa li-African violet, ke ne ke li talima ka mehla ho sheba mahlomela a macha.” Empa o re ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho “itšetleha ka Jehova ka thapelo le ho etsa hore bomoea ba hao e be ntho e tlang pele bophelong.”
Bakuli ba bangata ba bolela hore ba ho fumana ho thusa ho mamela lik’hasete tsa Bibele le tsa limakasine tsa Watchtower le Awake! Habohlokoa haholo ho Priscilla eo ho builoeng ka eena sehloohong sa bobeli ke hore hang feela ha motho a finyelletse moo a khaotsang ho nahana ka se mo lahlehetseng, “CFS ha e sa le matla hakaalo.” O ile a re: “Bakeng sa ho tlosa monahano oa hore boemo bona bo tla tšoarella ka ho sa feleng, ke behile mangolo a khothatsang libakeng tseo ke a bonang habonolo ka kamoreng ea ka.”
Ho Thoe’ng ka Phekolo ea Lefu Lee?
Nakong ea joale lingaka li ke ke tsa etsa ho eketsehileng ho feta ho phekola matšoao a lefu lena. Ho bile le tšepo e matla litekong tse ileng tsa etsoa ka sethethefatsi se bitsoang Ampligen. Ba bangata ba neng ba sebelisa sethethefatsi sena bophelo ba bona bo ile ba bonahala bo ntlafala, empa liphello tsa sona tse seng ntle li entse hore Tsamaiso ea Lijo le Lithethefatsi ea U.S. e thibele tšebeliso ea sona ka nako e itseng.
Ho hlobaela, ho kopanyelletsang le insomnia li tloaelehile ho bakuli ba CFS. Ka ho thahasellisang, moriana o thibelang ho tepella maikutlo—ka linako tse ling ho nooa karolo ea lekholo bakeng sa ho tepella maikutlo—o thusa batho ba bang, empa eseng bohle, bakuli ba robala hamolemo ’me bophelo ba bona boa ntlafala. Beverly o ile a qoba lithethefatsi tse joalo ka lilemo empa o ile a leka se seng. O re: “Ke ile ka thuseha haholo. Ke lakatsa eka nkabe ke ile ka simolla pelenyana.”
The Female Patient e ile ea hlokomela: “Mekhoa e meng ea phekolo [ho kopanyelletsa le “phekolo e emang sebakeng” eo bakuli ba bang ba e fumanang e ipiletsa ha litekanyetso tsa motheo li hlōleha] e ile ea lekoa bakeng sa ho phekola CFS. Litekanyeto tsena li kopanyelletsa meriana, phekolo ea ’mele, . . . ho phekola ka ho hlaba ka linalete, homeopathy, naturopathy, candida le saense ea meriana ea Sehindu har’a e meng.”
Bukana ena ea bongaka e ile ea re: “Ho sa tsotellehe maikutlo a botho, ngaka e lokela ho ba le tsebo ea [liphekolo] tse joalo e le hore e ka li utloisisa le ho eletsa mokuli hamolemo. Bakuli ba bangata ba thabela ho fumana ngaka e ba mamelang le ho nka litletlebo tsa bona ka ho teba. . . . Bakuli ba bangata ba CFS ba ka thusoa ho ikutloa hamolemonyana—esita leha e le ka ho ba tiisetsa feela hore ngaka ke mothusi oa bona—’me bophelo ba ba bangata bo ka ntlafala haholo.”
Kaha ha ho na pheko, ba bang ba belaella bohlokoa ba ho ea ngakeng. Molemo oa ho batla thuso e joalo ke hore liphuputso li ka se akarelletse mafu a mang a ka bang le matšoao a tšoanang, a kang kankere, multiple sclerosis, lupus, le lefu la Lyme. Haeba mafu ana a mang a ka fumanoa a sa qala, ho ka fanoa ka phekolo ea bohlokoa. Emergency Medicine e etsa tlhahiso e latelang bakeng sa lingaka: “Hang ha ho fumanoa hore mokuli o na le CFS, ntho e bohlale eo u ka e etsang ke ho lebisa mokuli setsing sa liphuputso tsa lefu la mokhathala o sa feleng.”
Ho nahanoa hore ho phomola ke pheko e molemo ka ho fetisisa, empa ho hlokahala ho leka-lekana ho seli kaha ho phomola nako e telele haholo ho ka ba kotsi. Kahoo keletso e molemo ka ho fetisisa ke ena: Ithute ho se etse lintho ka lepotla-potla. Tseba mefokolo ea hao ’me u sebetsane le eona letsatsi le letsatsi, beke le beke le khoeli le khoeli. Boikoetliso ba ’mele bo seng matla joaloka ho tsamaea kapa ho sesa letangoaneng la metsi a futhumetseng ho ka ba molemo ha fela ho sa etsoe ho ea bohōleng boo ho bona u ka khathalang ’meleng kapa kelellong. Lijo tse loketseng tse thusang ho matlafatsa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ke tsa bohlokoa.
Ho hloka tšepo ho ka ’na ha tsamaisana le lefu lena, joalokaha ho bontšoa ke phihlelo ea mokuli oa lefu lena ea bitsoang Tracy ea ileng a nyahama ho fihlela a ipolaea. Empa ho ipolaea hase karabo. Motsoalle ea utloileng bohloko o ile a re: “Ka sebele ke ne ke tseba seo Tracy a neng a se batla. O ne a sa batle ho shoa. O ne a batla ho phela—empa o ne a batla ho phela bophelo bo se nang bohloko. Eo e lokela ho ba pakane ea hao.” E, ke pakane e babatsehang. Kahoo u se lebise mohopolo oa hao tabeng ea ho shoa, empa u o lebise tabeng ea ho pholoha bakeng sa ho finyella pakane eo neng kapa neng ha e tla.
CFS ke le leng la mafu a makatsang a eketsang lenane la mafu a seoa a hlokofatsang batho mehleng ea kajeno. Ho sa tsotellehe tsoelo-pele eo saense ea meriana e ka e etsang, ho phekola mafu ana kaofela ho tla hloka ho fetang tsebo ea bongaka. Ngaka e Khōlo, Jehova Molimo o nahanne ntho e khōlō—pheko ea lefatše kaofela ea mafu ’ohle—ka tsamaiso e lerato ea puso ea ’Muso oa hae. Ka nako eo “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Eo ke tšepiso e tiileng ea Molimo!—Esaia 33:24, NW.
[Lebokose le leqepheng la 12, 13]
Kamoo ba Bang ba ka Thusang ka Teng
Seo u sa Lokelang ho se Bua le ho se Etsa
◆ “U bonahala u phetse hantle” kapa “Ha u bonahale u kula.” Ho bua mantsoe a joalo ho etsa hore mokuli a ikutloe eka ha u lumele ho teba ha matšoao a lefu le mo tšoereng.
◆ “Le ’na ke ikutloa ke khathetse.” Tlhaloso ena e nyenyefatsa bohloko boo mokuli a bo utloang. CFS e akarelletsa ho fetang feela ho khathala ho tloaelehileng. Ke lefu le bohloko le qetang matla.
◆ “Ke khathetse. Le ’na ke nahana hore mohlomong ke na le CFS.” Sena se ka etsoa ka tsela ea bosoasoi, empa ha ho letho le tšehisang ka CFS.
◆ “Ke lakatsa e ka nka fumana matsatsi a se makae bakeng sa ho phomola.” Bakuli ba CFS ha ba nakong ea phomolo.
◆ “U ne u sebetsa ka thata haholo. Ke ka baka leo u kulang.” Sena se ka fana ka maikutlo a hore mokuli ke eena ea leng molato ka se etsahetseng.
◆ “U phela joang?” U se ke ua botsa sena ntle le haeba ka sebele u batla ho tseba. Ha e le hantle, ka kakaretso mokuli o ikutloa hampe empa mohlomong a ke ke a rata ho tletleba.
◆ “Semanya-manyane o na le CFS, ’me o ile a kula selemo feela.” Boemo bo bong le bong ba CFS boa fapana ka bolelele ba nako, ’me ho supa motho e mong ea ileng a fola kapele ho ka nyahamisa mokuli ea kutseng nako e telele.
◆ U se ke ua fana ka thuso ea bongaka ntle le haeba u kōpiloe ho etsa joalo ’me u tšoaneleha ho fana ka eona.
◆ U se ke ua neha bakuli ba CFS maikutlo a hore haeba ba boela ba khathala ka tsela e sa tloaelehang, e tlameha e le ka baka la ntho eo ba e entseng.
Seo u ka se Buang le ho se Etsa
◆ Bontša hore oa lumela hore ba kula e le kannete.
◆ Letsa mohala kapa u mo etele. Hangata ho letsa mohala pele ke khopolo e ntle.
◆ Hlompha lithibelo leha e le life mabapi le baeti le ho letsa mohala.
◆ Haeba batho ba sa lumelloe ho mo etela, mo romelle karete kapa lengolo. Hangata bakuli ba na le thahasello ea ho bula lengolo letsatsi le letsatsi.
◆ Bontša kutloelo-bohloko. Ka linako tse ling sena se bontša ho lumela boemo boo mokuli a leng ho bona.
◆ Ba etsetse mesebetsi e itseng, ba ele mabenkeleng, ba ise ngakeng le lintho tse ling.
◆ U ka ’na oa re feela: “Hoa thabisa ho u bona. Ka sebele Jehova o ananela ho mamella ha hao ka botšepehi.”