Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 9/8 maq. 5-9
  • Na CFS ke Lefu la Sebele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na CFS ke Lefu la Sebele?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhaloso ea CFS
  • Na CFS e ka ba ho Tepella Maikutlo?
  • Matla a Bopaki ba Morao-rao
  • Ho Thoe’ng Haeba CFS ke Lefu la Sebele?
  • Bohlokoa ba ho Hlokomela Bohloko Bona
  • Ho Talimana le Phephetso ea CFS
    Tsoha!—1992
  • Lefu Leo e Leng Sephiri Lea Hlokomeloa
    Tsoha!—1992
  • Ho Batla Sesosa
    Tsoha!—1992
  • Ho Tepella Maikutlo—Kamoo ho ka Phekoloang Kateng
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 9/8 maq. 5-9

Na CFS ke Lefu la Sebele?

PRISCILLA eo e leng mokuli oa CFS (chronic fatigue syndrome [lefu la mokhathala o sa feleng]) oa Washington State, U.S.A. o ile a hlalosa: “Ke se ke mathile lingakeng tse ngata. Ho ile ha etsoa litlhahlobo tsa mali ’me ke ile ka hlongoa lipotso ka mokhoa oa ka oa bophelo. Ho ile ha boleloa hore e hlile ha ho letho le phoso ka ’na ’me ho ile ha etsoa tlhahiso ea hore ke batle keletso ea lingaka tsa kelello. Ha ho ngaka le e ’ngoe e neng e ikemiselitse ho nka taba ea ka kapa matšoao a ka ka ho teba.”

Phihlelo ena e tloaelehile. Ngaka e ’ngoe ha e ne e ngola ho JAMA (Journal of the American Medical Association) selemong se fetileng e ile ea re: “Mokuli ea tloaelehileng oa CFS nakong e fetileng o ne a se a ile ho lingaka tse fapaneng tse 16. Ba bangata ba ile ba bolelloa hore ba ntse ba phetse hantle, le hore ba ne ba tepelletse maikutlo, kapa ba ne ba le tlas’a khatello e khōlō haholo. Ba bangata ba ile ba romeloa lingakeng tsa kelello. Boemo bo ntlafetse kajeno, empa eseng haholo.”

CFS e fana ka liphephetso tse khethehileng joalokaha The American Journal of Medicine e hlokomela: “Ho na le khatello e khōlō ea ho sebetsana le boemo bona boo ho bona motho a bonahalang a phela hantle ’meleng, le boo ho bona litlhahlobo tsa ’mele le tsa lilaboratori li senolang hore o phetse hantle. Hangata lefu lena le amahanngoa le likamano tse senyehileng pakeng tsa balekane, beng ka motho ba bang, bahiri, matichere, lingaka le lik’hamphani tsa insurance.”

Phephetso ho lingaka ke hore ho khathala ke letšoao le tloaelehileng la lefu lena. Mohlophisi oa koranta ea bongaka o ile a ngola: “Haeba ngaka e ne e ka fumana [R3] bakeng sa mokuli e mong le e mong ea neng a tletleba ka mokhathala, e ne e tla ba morui ’me e ne e ke ke ea hlola e sebetsa joaloka ngaka.” Empa ho hlakile hore ke ba seng bakae ba tletlebang ka mokhathala ba nang le CFS. Kaha ho se tlhahlobo ea bongaka ea lefu lena, ngaka e ka le hlokomela joang?

Tlhaloso ea CFS

Ka March 1988 CDC (U.S. Centers for Disease Control [Litsi tsa Taolo ea Mafu tsa U.S.]) ho Annals of Internal Medicine li ile tsa hatisa sehlopha sa lipontšo le matšoao a lefu lena tseo hammoho li khethollang CFS. (Bona lebokose leqepheng le latelang.)

Litsela tse khethehileng haholoanyane tsa ho hlokomela CFS ke (1) tlhaselo e ncha ea ho khathala ka nako e fetang likhoeli tse tšeletseng e bileng e fokotsang matla a motho ka karolo ea 50 lekholong le (2) ho behelloa ka thōko ha maemo a mang a meriana kapa maemo a kelello ao e ka bakang sesosa sa bohloko bona. Leha ho le joalo, e le hore ho ka etsoa qeto ea hore o na le CFS, mokuli o boetse o lokela ho ba le matšoao a 8 ho a 11 lethathamong la matšoao ao e seng a bohlokoa hakaalo kapa a 6 ho a 11 esita le a 2 ho a 3 lethathamong la matšoao a hlokomeloang ka ho hlahloba ’mele.

Ho hlakile hore batho bao litlhahlobo li senolang hore ba na le CFS e se e le nako e telele ba kula haholo. Litsi tsa Taolo ea Mafu li hlalositse CFS ka mokhoa o lekanyelitsoeng haholo hore batho bana ba ka hlokomela ka ho hlakileng. Ba nang le mefuta e seng mabifi hakaalo ea matšoao a lefu lena hona joale ha ba akarelletsoe tlhalosong ena.

Na CFS e ka ba ho Tepella Maikutlo?

Ho thoe’ng ka lingaka tse bolelang hore bakuli ba CFS ba kulisoa ke ho tepella maikutlo le mathata a mang a kelello? Na bakuli baa ba na le mofuta o khethehileng oa matšoao a ho tepella maikutlo?

Ka tloaelo bakuli ba bangata ba CFS ba tepelletse maikutlo, empa joalokaha Dr. Kurt Kroenke, moprofesa oa sekolo sa bongaka Bethesda, Maryland, U.S.A., a ile a botsa: “Na motho leha e le ofe o ne a ke ke a tepella maikutlo haeba a ne a lula a khathetse ka nako e ka etsang selemo kapa ho feta moo?” Kahoo ke ho loketseng ho botsa: Na ho tepella maikutlo ke sesosa sa CFS kapa ke phello ea eona?

Hangata ho thata ho arabela potso eo. Ngaka e ka ’na ea nahana ka ntlha ea bobeli ea matšoao e ka sehloohong, a bontšang hore ‘maemo a kelello ao e ka bang sesosa sa matšoao a lokela ho behelloa ka thōko,’ ’me ea etsa qeto ea hore mokuli o hlokofatsoa ke ho tepella maikutlo eseng ho kula ’meleng. Leha ho le joalo, maemong a mangata ena hase tsela ea ho hlokomela lefu ho motho.

Koranta ea bongaka The Cortlandt Consultant e ile ea hlokomela: “Bopaki bo matla ba hore CFS ke ‘lefu la ’mele’ ke tlhaselo ea lona ea tšohanyetso karolong ea 85 lekholong ea bakuli. Boholo ba bakuli bana bo boletse hore lefu la bona le ile la simolla ka letsatsi le itseng ka lefu le kang sefuba se kang feberu, [’metso o bohloko, li-lymph node tse ruruhileng, mesifa e bohloko], le matšoao a mang a amanang le ao.” Lingaka tse ileng tsa sebetsana le bakuli ba CFS li kholisehile hore ho tepella maikutlo hangata ke sesosa sa matšoao a bohloko bona.

Dr. Anthony Komaroff, eo e leng Mookameli oa Sepetlele sa Basali sa Brigham Boston, U.S.A., o ile a tlaleha: “Ha re bapisa boemo ba bakuli ba rōna, re ile ra thabisoa ke ’nete ea hore bakuli ba bangata ba ile ba bolela hore ba phela hantle ka ho phethahetseng, ba ne ba le mahlaha-hlaha le ho ba ba atlehileng bophelong ho fihlela ka letsatsi le leng ha ba tšoaroa ke sefuba, mokhohlane kapa bronchitis ’me ha ba ka ba hlola ba fola. Matšoao a lefu lena ao ho nahanoang hore ke a kelello—ho tepella maikutlo, malaise, ho hlobaela le a mang—a ne a le sieo pele ba tšoaroa ke lefu lena.”

Mofuta o mong o khethehileng oa letšoao la ho tepella maikutlo ke ho felloa ke thahasello nthong e ’ngoe le e ’ngoe. Empa Dr. Paul Cheney o ile a hlalosa: “Bakuli bana ke ba fapaneng. Ba amehile haholo ka se boleloang ke matšoao a bona a bohloko. Ba hlōleha ho sebetsa. Ba bangata ba tšohile. Empa ha ba felloe ke thahasello libakeng tse ba pota-potileng.”

Litšoeletsa tse ruruhileng, feberu, lenane le sa tloaelehang la lisele tse tšoeu tsa mali, ho tšoaetsoa ha lipeipi tsa matšoafo nako le nako, mesifa le manonyeletso a bohloko le ho fokola le mesifa e bohloko tse ka ’nang tsa e-ba teng ka mor’a boikoetliso ba ’mele bo leka-lekaneng—matšoao ana ha a amane le ho tepella maikutlo.

Matla a Bopaki ba Morao-rao

JAMA tokollong ea eona ea November 6, 1991, e ile ea tlaleha: “Boitsebiso ba pele bo tsoang phuputsong e tsoelang pele e etsoang ho bakuli ba tšoaneloang ke tlhaloso ea Litsi tsa Taolo ea Mafu ea mokhathala o sa feleng (CFS) bo bontša hore bakuli ba bangata ba tšoeroeng ke lefu lena hase bahlaseluoa ba ho tepella maikutlo kapa ba mathata a mang a kelello.”

Dr. Walter Gunn, ea ileng a hlokomela liphuputso tsa CFS Litsing tsa Taolo ea Mafu, o ile a hlalosa tokollong ea JAMA: “Ho sa tsotellehe ’nete ea hore lingaka tse ngata li ne li ka nahana hore bakuli bana [bao ho etsoang phuputso ka bona] ba ne ba tepelletse maikutlo, re fumane hore ke feela karolo ea 30 lekholong ea bakuli ba CFS ba neng ba e-na le bopaki ba ho tepella maikutlo ha ba ne ba qala ho khathala.”

Ha e le hantle, ho boetse ho teng phapang ea ’meleng pakeng tsa bakuli ba bangata ba CFS le ba tepelletseng maikutlo. Makasine oa bongaka The Female Patient o ile oa hlokomela: “Bakuli ba tepelletseng maikutlo ka matla major depression disorder (MDD) hangata mahlo a bona a tsamaea ka lebelo le sa tloaelehang ha ba robetse rapid-eye-movement (REM), ha mahlo a bakuli ba CFS a ema ka ho sa tloaelehang ha ba [robetse] non-REM.”

Makasine oa Science oa December 20, 1991, o tlalehile ntho e ’ngoe ea bohlokoa e fumanoeng. O boletse hore phuputso e bontša hore “bakuli ba CFS ba na le litekanyetso tse fetohileng tsa li-hormone tse itseng tsa boko” ’me oa hlokomela: “Le hoja phapang pakeng tsa batho ba sa tšoaroang ke CFS e ne e le e itekanetseng, bakuli ba CFS baa tšoana ka ho bontša ho fokotseha ha hormone e bitsoang cortisol, le ho eketseha ha hormone ea pituitary ACTH (adrenocorticotropin hormone), e leng se fapaneng le liphetoho tse ileng tsa bonoa ho bakuli ba tepelletseng maikutlo.”—Mongolo o tšekalletseng ke oa rōna.

Ho Thoe’ng Haeba CFS ke Lefu la Sebele?

Lingaka li na le pelaelo ka lefu leo li sa le utloisiseng le kang CFS. Dr. Thomas L. English o ngotse: “Ho belaella taba ena ho jele setsi mosebetsing oa rōna. Ho belaela ka tsela e molemo ke ‘mokhoa o tloaelehileng oa ho nahana’ oa lingaka tse bohlale.” Leha ho le joalo, Dr. English o botsa hore na ho belaela ho na le molemo ofe ho mokuli ea utloang bohloko haeba “CFS ke lefu la sebele.” O botsa lingaka tse ling tse belaellang bakuli: “Ho thoe’ng haeba le fositse? Liphello e tla ba life ho bakuli ba lona?”

Dr. English ka boeena o na le CFS, ’me selemong se fetileng JAMA e ile ea hatisa sehlooho sa hae se neng se lebisitsoe ho lingaka tse ling. O ile a li mema hore li ipehe boemong ba mokuli ea hlasetsoeng ke bohloko boo, ha a hlalosa matšoao a bohloko bona o re:

“U tšoaroa ke ‘sefuba’ ’me ka mor’a moo boleng ba bophelo ba hao bo fetoha ka ho sa feleng. Ha u tsebe ho nahana ka mokhoa o hlakileng . . . Ka linako tse ling ho bala koranta kapa ho tsitsisa mohopolo lenaneong la thelevishene ho hloka matla a hao kaofela. U ikutloa u khathetse ka linako tsohle. Joaloka ngaka, ka nako e ’ngoe u ne u kholisehile hore u ka khona ho hlokomela bakuli, hona joale ha ho sa le joalo. Myalgias [bohloko ba mesifa] bo likarolong tsohle tsa ’mele. Matšoao a bohloko bona aa fihla ’me aa fela, matla a eketseha le ho fokotseha. . . . Mohlomong le uena u ne u ka belaella matšoao a mang haeba u ne u sa ka ua bua letho ka ’ona ho bakuli ba bang ba nang le liphihlelo tse tšoanang . . . kapa ua bua le lingaka tse boneng bakuli ba makholo-kholo ba leng boemong bo tšoanang. . . .

“Ke buisane le bakuli ba bangata ba ileng ba ea ho lingaka bakeng sa thuso, empa ba ile ba khutla ba soabile, ba halefile ebile ba tšaba. ’Mele ea bona e ne e ba bolella hore baa kula, empa maikutlo a lingaka tsa bona a hore lefu la bona e ne e le la kelello feela a ne a tšosa ebile a halefisa—e ne e se maikutlo a fanang ka kholiseho. Seo se ba hlokomelisitse hore lingaka tsa bona li utloisisa bothata ba bona ba sebele ka mokhoa o fokolang. . . . Na re lokela ho lumela hore kaha matšoao a bohloko ke a makatsang le a sa tloaelehang ha se a sebele? Na re lokela ho nahana hore litlhahlobo tsa rōna tsa laboratori li tseba ho fumana mafu a macha ka tsela e tšoanang le eo li fumanang a khale ka eona? Ho se tšepe likhopolo tse ncha ho bile teng ka lilemo tse lekanang le tseo moloko oa batho o bileng teng ka tsona; ho joalo le ka liphello tsa ho hloka tšepo.”—JAMA, February 27, 1991, leqephe 964.

Bohlokoa ba ho Hlokomela Bohloko Bona

Setsebi sa mafu a tšoaetsang Dr. Allan Kind, o ile a hlokomela: “Lingaka tse qetang nako e telele li buisana le bakuli ba CFS li utloa pale e tšoanang; ke mofuta oa pale oo batho ba CFS ba tla u bolella oona. Nka u bolella hore Chronic Fatigue Syndrome [Lefu la Mokhathala o sa Feleng] ke lefu la sebele.”

Hona joale lingaka tse ngata lia lumela. Kahoo The Female Patient e ile ea khothalletsa lingaka: “Ho fihlela ha ho fumanoe pheko ea sebele, ngaka e na le boikarabelo bo khethehileng ba ho bolella bakuli bana hore ba tšoeroe ke lefu la sebele, le hore sena ha se ‘bothata ba kelello.’”

Ho na le melemo e mengata ea ho lumela boteng ba lefu lena ho mokuli. Ha ngaka e ne e bolella mosali e mong hore o na le CFS, o ile a re: “Likhapha li ile tsa keleketla.” Ho utloa ngaka e bolela hore bohloko ba hae e ne e le ba sebele, le bo nang le lebitso ebile ntho e mo imollang maikutlo.

Leha ho le joalo, CFS e bakoa ke’ng? Liphuputso li senotse eng?

[Lebokose le leqepheng la 7]

Matšoao a Lefu la Mokhathala o sa Feleng

Matšoao a ka Sehloohong

1. Ho qaleha ha ho khathala ho nkang nako e kaholimo ho likhoeli tse tšeletseng ’me ho fokotsa matla a motho ka karolo ea 50 lekholong

2. Ha ho maemo a mang a phekolo e etsoang ke lingaka tsa meriana kapa tsa mafu a kelello a bakileng matšoao a lefu lena

Matšoao ao e Seng a Bohlokoa Hakaalo

Matšoao a tlameha ho qala nakong eo ho khathala ho sa feleng ho qalehang ka eona kapa ka mor’a moo

1. Feberu e fokolang

2. ’Metso o bohloko

3. Li-lymph node tse bohloko

4. Ho fokola ha mesifa ka kakaretso

5. Mesifa e bohloko

6. Mokhathala o sa feleng ka mor’a ho ikoetlisa

7. Hlooho e bohloko

8. Manonyeletso a bohloko

9. Ho hlobaela

10. Ho tletleba ka lintho tse kang bolebali, ho ferekana, ho thatafalloa ho tsitsisa mohopolo nthong e le ’ngoe, ho tepella maikutlo

11. Mokhathala o qalehang ka matla (o tšoarellang lihora tse seng kae ho isa matsatsing a seng makae)

Matšoao a Hlokomeloang ka ho Hlahloba ’Mele

1. Feberu e fokolang

2. Ho ruruha ha ’metso

3. Lintlha tsa li-lymph node tse hlahelletseng kapa tse bonolo

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Lingaka li tlameha ho tseba ho khetholla ho tepella maikutlo ho lefu la mokhathala o sa feleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela