Ho Batla Sesosa
HO NKILE lilemo tse ngata ho fumana se neng se sitisa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ho bakuli ba AIDS, empa ho boetse ho nka nako e telele haholoanyane ho tseba se senyang ’mele le boko ba batho ba tšoeroeng ke CFS (chronic fatigue syndrome [lefu la mokhathala o sa feleng]). Le hoja sesosa se e-s’o fumanoe, lingaka li tseba ho fana ka bopaki bo kholisang ba ho se phele hantle ho bakuli. Ha e le hantle, bopaki bo joalo bo ’nile ba sebelisoa lekhotleng la molao.
Medical Post ea Canada e ile ea tlaleha hore tsekong ea lekhotla, lingaka tse tsebahalang li ile tsa fana ka bopaki ho tšehetsa tseko ea hore matla a mokuli a ho tseba ho ahlola lintho a qetiloe ke lefu la hae. Kahoo moahloli William G. N. Egbert o ile a susumelletseha ho fihlela qeto ena: “Lefu lena le ama litšobotsi tsohle tsa kahlolo. . . . Likarolo tse nyenyane tsa boko li ntšoa kotsi.”
Na see ke ’nete?
Ho Kula ha Boko
Phuputso ea bongaka e tšehetsa khang ea hore boko ba mokuli oa CFS boa ameha. The New York Times ea January 16, 1992, e ne e na le sehlooho se reng: “Phuputso e Senola ho Kula Bokong ba Bakuli ba Lefu la Mokhathala o sa Feleng.” Sehlooho sena, se itšetlehile tlalehong e hatisitsoeng letsatsi pele ho moo ho Annals of Internal Medicine, se ile sa hlokomela:
“Phuputso e khōlō ka ho fetisisa ea lefu la mokhathala o sa feleng e fumane bopaki ba borurusi ka bokong ba bakuli, e leng bopaki ba pele ba ho kula methapong ea kelello bo amanang le lefu leo e leng sephiri.” Sehlooho sena se ile sa phaella ka hore: “Phuputso ena ke ea morao-rao letotong la haufinyane le bontšang phapang ea metsoako e sireletsang ’mele mafung le li-hormone tsa batho ba nang le matšoao a lefu lena le ba phetseng hantle.”
Phuputso e ’ngoe e hapileng tlhokomelo ka ho pharalletseng e ile ea tlalehoa tokollong ea Journal of Clinical Endocrinology and Metabolism ea December 1991. Ho ile ha fumanoa matšoao a khaello ea li-hormone litšoeleseng tsa endocrine le bokong ba batho ba tšoeroeng ke CFS. Phuputso ena e ekelitse bopaki ba hore tšusumetso ea metsoako ea lik’hemik’hale le ea ho itšireletsa ha ’mele mafung e hlahisa matšoao a lefu la CFS.
Ha Dr. Walter Gunn, a ntse a sebetsa Litsing tsa Taolo ea Mafu tsa United States (U.S. Centers for Disease Control), o ile a hlahloba liphuputso tse ngata tsa bakuli ba CFS. O ile a hlokomela hore “bo-rasaense ba bang ba molemo ba qala ho nka karolo liphuputsong tsa CFS.” Le hoja seo bafuputsi bana ba se fumaneng hangata se bontša lisosa tse fapaneng, Dr. Gunn o ile a hatella: “Ntho e ’ngoe e sa fetoheng ke hore ha ho motho ea tlalehang hore ha ho na ho kula.”
Ha e le hantle CFS e bakoa ke’ng? Na e bakoa ke kokoana-hloko kapa likokoana-hloko? Haeba ho joalo, ka tsela efe? Ke joang tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e amehang ka tsela e kotsi? Ke joang ho se sebetse ha eona ho ka bakang matšoao a bonahalang ho bakuli ba CFS?
Lintho Tseo e ka Bang Lisosa
Liphuputso li bontša hore likokoana-hloko lia ameha. Empa ke likokoana-hloko life? Tse ngata li sibollotsoe ke bafuputsi. The Journal of the American Medical Association e ile ea hlokomela ka November selemong se fetileng: “Likokoana-hloko tsa spuma, enteroviruses, Epstein-Barr le tsa herpes tsa mofuta oa 6 kaofela li har’a mofuta o tsebahalang o bakang CFS.”
Likokoana-hloko li ka baka CFS ka tsela efe? Ha ho tsejoe. Leha ho le joalo, Dr. Anthony L. Komaroff, mofuputsi e moholo oa CFS o ile a hlokomela: “Mokhoa o hlahellang ke tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e sebetsang ka mafolo-folo, tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e amehang mofuteng o mong o itseng oa ntoa khahlanong le ntho eo ’mele o hlokomelang hore hase karolo ea oona.”
Tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa khahlanong le mafu e sebetsang hantle e arabela ka ho thibela kokoana-hloko kapa likokoana-hloko tse hlaselang ka ho ntša lik’hemik’hale tse bitsoang li-cytokine bakeng sa ho loantša kokoana-hloko e hlaselang ’mele. Leha ho le joalo, ha boemo ba tšohanyetso bo se bo hlokometsoe, hangata tlhahiso ea li-cytokine ea khaotsa. Empa ho bakuli ba CFS ho bonahala tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e hlōleha ho khaotsa. Ka ho hlokomelehang, phuputso e tsoelang pele bathong ba tšoeroeng ke CFS e senola ho hlahisoa ho eketsehileng ha li-cytokine.
Sena ke sa bohlokoa kaha hase kokoana-hloko ena e etsang hore motho a ikutloe a kula ha e hlasela ’mele oa hae. O ikutloa a kula hobane lisele tsa ’mele oa hae li hlahisa li-cytokine e leng ho bakang feberu, bohloko le mokhathala. Dr. William Carter, moprofesa oa bongaka oa U.S. o ile a hlokomela: “Li-cytokine lia salla ebe li qala ho lematsa motho ho fihlela re bona mokuli ea seng a sa tsebe ho tsamaea.”
Leha ho le joalo, ke eng se etsang hore tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e ’ne e hlahise li-cytokine ha e tlameha ho khaotsa? Ho latela Dr. Jay A. Goldstein, “kokoana-hloko ena e robetseng ho bonahala e tsosoa ke ho hong ho etsang hore lisele tsa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e hlahise [li-cytokine] ka bongata bo sa tloaelehang.”
Ho phaella moo, ho bonahala hore lisele tse bolaeang tse ling le li-macrophage, e leng tsona tse hlahelletseng bakeng sa ho sireletsa ’mele hore o se ke oa hlaseloa, lenane la tsona lea fokotseha kapa matla a tšebetso ea tsona aa fokotseha ho bakuli ba CFS, ’me sena se fokolisa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Ntho e ’ngoe e hlokomelehang ke hore tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ea bakuli ba CFS ho bonahala e sebetsa ka mokhoa o sa tloaelehang le hoja ho na le maikutlo a fapaneng tabeng ea lebaka la hore seo se etsahale.
Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, hangata lingaka li hlokomela hore ho bakuli ba bangata ho tepella maikutlo ha se sesosa sa CFS. Leha ho le joalo, ho bakuli ba bang lingaka tse ling li ikutloa hore mathata a kelello a kang ho tepella maikutlo e ka ba sesosa. Hoa thahasellisa hore ebe phuputso e senotse hore ho tepella maikutlo ho ka senya tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Dr. Kurt Kroenke, oa Setsi sa Bongaka sa Walter Reed Army Washington, D.C. oa ngola: “Ho tepella maikutlo ka bohona ho ka baka litšitiso tšebetsong ea li-hormone le tsamaisong ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.”
Kahoo, maemong a mang ho tepella maikutlo ho ka baka phetoho tsamaisong ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ho ka tlatsetsang ho CFS. Leha ho le joalo, ho na le lisosa tse ling tse ngata tsa ho fokola ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.
Lisosa Tse Ngata
Bafuputsi ba bangata baa lumela hore e hlile hase ntho e le ’ngoe e bakang CFS. Makasine oa bongaka Cortlandt Forum o ile oa hlalosa: “Ho e-na le hoo, mohlomong CFS ke ho kula ho hlahellang ho motho ea ka tšoaetsoang habonolo eo ho eena ho tepella maikutlo, [li-allergy], ho tšoaetsoa ke likokoana-hloko kapa lisosa tse ling li entseng hore tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e fokotsehe.”
Ngaka e ’ngoe ha e ne e ngola ho Medical Post ea Canada e ile ea hlokomela: “Mohlomong liphatsa tsa lefutso le mokhathala e ka ba sesosa se seng. Joale maemong a matla, moo ho nang le tšoaetso ea likokoana-hloko, motho ea fokolang oa hlaseloa. Mohlomong ha lisosa tsena kaofela li kopana li senya tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.”
Dr. Charles Lapp o ile a re: “Ho tepella maikutlo ke se seng sa lisosa tse khōlō ka ho fetisisa seo re se bonang. Ka linako tse ling re ile ra bona karolo eo lik’hemik’hale li e phethang. . . . Bakuli ba ka ba bangata (le hoja re e-s’o etse phuputso) ba boletse hore ho bonahala meriana e bolaeang likokonyana, liferefe le livaneshe li ameha nakong eo bohloko ba bona bo neng bo simolla.”
Historing ha ho mohla tšilafalo ea tikoloho e kileng ea pepesetsa batho litlhaselo tse khōlō hakana ’meleng ea bona. Metsoako e tšeloang lijong le lithethefatsi li ka boela tsa ba kotsi ’meleng le tsamaisong ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Lingaka tse ling li boetse li bolela hore ho noa lithethefatsi tse loantšang likokoana-hloko ka nako e telele ho fokolisa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.
Ho ka ameha le lisosa tse ling tsa bohloko boo bakuli ba CFS ba likete bao re ba bonang ba bo utloang. Empa le hoja ho na le mabaka le menyetla e thahasellisang, sesosa sa CFS se ntse se sa tsejoe.
Pontšo ea Mehla ea Qetello
Jesu Kreste boprofeteng ba hae bo boholo mabapi le mehla ea qetello ea tsamasio ea lefatše o ile a bolela esale pele: “Ho tla ba le . . . mafu a akaretsang libakeng ka ho latellana.” (Luke 21:11, NW) Sena ke ’nete hakaakang mehleng ea rōna! Mafu a mangata kajeno ha ho tsejoe sesosa sa ’ona, leha ho le joalo, sena ha se a etse hore e se be ntho ea sebele.
Ka ho hlakileng ho bonahala CFS e le lefu le leng le bōpang karolo ea pontšo eo Jesu a boletseng hore e tla tšoaea mehla ea bofelo. Empa ho hlokomela sena ha ho etse hore bophelo bo be bonolo ho ba hlokofatsoang ke eona. Bakuli ba CFS ba ka tobana le masisa-pelo a bona joang?