Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 12/8 leq. 3
  • Boikemisetso ba ho Thusa Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boikemisetso ba ho Thusa Bana
  • Tsoha!—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letšolo le Tsoelang Pele la ho Batla Tharollo
    Tsoha!—2000
  • Bana ba Tlokotsing
    Tsoha!—1992
  • Lijo Bakeng sa Bohle na ke Toro Feela?
    Tsoha!—1997
  • Boiteko ba ho Pholosa Bana
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 12/8 leq. 3

Boikemisetso ba ho Thusa Bana

MAOBANE bana ba 40 000 ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba ile ba shoa linaheng tse fokolang moruong. Ba bang ba 40 000 ba tla shoa kajeno. Ba bang ba 40 000 ba tla shoa hosane. Boholo ba mafu ana bo ka be bo thibetsoe.

Ka lilemo-lemo boemo bona bo ’nile ba bitsoa “boemo ba tšohanyetso bo hlaselang ka lenyele” kapa “koluoa e khutsitseng,” ho bolelang hore ka kakaretso lefatše ha lea e hlokomela. ’Muelli oa U.S. litabeng tsa bana Sebokeng sa Lefatše sa Machaba a Kopaneng Mabapi le Bana se neng se tšoaretsoe ntlo-khōlō ea Machaba a Kopaneng New York ka 1990, Peter Teeley o ile a tletleba ka hore: “Haeba liphooko tse maroboko tse 40 000 li ne li shoa letsatsi le leng le le leng, eo e ne e tla ba ketsahalo e utloisang bohloko. Empa bana ba 40 000 baa shoa, ’me sena ha se hlokomeloe ho hang.”

Ba bang ba ile ba ikutloa hore qetellong seboka sena se tla fetola boemo bona kaofela. Bahlanka ba ’muso ba phahameng, ho kopanyeletsa le lihlooho tsa Linaha tse 71, ba bile teng ho tsoa linaheng tse 159. Ha ba kopane ba ne ba emela karolo ea 99 lekholong ea palo ea baahi ba lefatše. Maikutlo ana a ile a akaretsoa ke Mikhail Gorbachev ea ileng a re: “Batho ba ke ke ba hlola ba mamella ’nete ea hore bana ba limillione baa shoa selemo se seng le se seng.”

Matsatsing a etellang seboka sena pele, lefatše le ile la bontša tšehetso ea lona. Ha e le hantle liboka tse makholo-kholo tsa sechaba, liseminare, mananeo a thuto le lipuisano li ile tsa lebisa tlhokomelo tlokotsing ea bana. Batho ba fetang millione linaheng tse 80 ba ile ba khantša likerese ho tšoantšetsa tšepo ea bona hore ho sa tsotellehe mathata le likotsi tse larileng ka pele, lefatše le ka etsoa sebaka se molemo haholoanyane.

Letsatsi la ho qetela la seboka le ile la thoholetsoa ke UNICEF (United Nations Children’s Fund [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana]) joaloka leo “mohlomong e leng letsatsi la bohlokoa ka ho fetisisa ho bana lefatšeng lohle.” Ke hobane’ng ha ho bile le cheseho e kaalo? Ke hobane baeta-pele ba lefatše ba ne ba amohetse ‘Morero o Tobileng oa ho Nka Khato’ ea ho fokotsa masisa-pelo le ho shoa ha bana lefatšeng lohle.

Ke ’nete hore histori ea lipuisano mahareng a lichaba e tletse litšepiso tse ileng tsa senyeha. Leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba utloa moea o mocha oa botšepehi le tšebelisano-’moho ka baka la ho fela ha Ntoa ea Mantsoe pakeng tsa mebuso e meholo ea lefatše. Ka cheseho motsamaisi e moholo oa UNICEF James Grant o ile a re: “Ha e le hantle, lihlooho tsa Naha le ’Muso li ile tsa nka bohato ba pele mabapi le ho theha boiketlo ba batho bohle—ba ‘bana ba hōlileng’ esita le ba banyenyane—e le morero o ka sehloohong oa tsoelo-pele taolong ea lefatše le lecha.”

Ka sebele, nakong e etsang selemo ka mor’a seboka sena, lichaba tse ngata li ne li se li entse litokisetso tsa ho kenya liqeto tsa seboka tšebetsong. Sena se ile sa susumelletsa Motsamaisi Grant hore a re: “Hona joale re na le tšepo e tiileng ea hore bophelo bo botle bakeng sa bana bohle bo tla be bo finyeletsoe ka selemo sa 2000.”

Empa ha e le hantle tlokotsi ea bana ke eng, na ke lekunutu la malapa lefatšeng lohle le hlabisang lihlong le senotsoeng ke khaso ea litaba ea machaba? Na hona joale, mehleng ea ka mor’a ho fela ha Ntoa ea Mantsoe pakeng tsa mebuso e meholo ea lefatše le boemo ba machaba ba tšebelisano-’moho, ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore Machaba a Kopaneng a tla etella pele taolong ea lefatše le lecha le babatsehang? Na ka sebele re ka ba le tšepo ea bokamoso bo khanyang bakeng sa bana ba rōna? Lihlooho tse peli tse latelang li tla arabela lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela