Lijo Bakeng sa Bohle na ke Toro Feela?
KA MONGOLLI OA TSOHA! ITALY
MORAO koana ka 1974, World Food Conference e neng e tšehelitsoe ka lichelete ke Food and Agriculture Organization (FAO) ea Machaba a Kopaneng e ile ea phatlalatsa: “Monna, mosali le ngoana e mong le e mong ba na le tokelo ea ho ba ba lokolohileng tlaleng le khaellong ea phepo e nepahetseng.” Joale ho ile ha etsoa mohoo oa ho ntša tlala ka metso lefatšeng “lilemong tse leshome tse latelang.”
Leha ho le joalo, ha baemeli ba linaha tse 173 ba ne ba kopane ntlo-khōlō ea FAO e Roma selemong se fetileng sebokeng sa matsatsi a mahlano sa World Food Summit, morero oa bona e ne e le ho botsa: “Ho ile ha senyeha hokae?” Hase feela hore lijo ha lia anela batho bohle empa hona joale, lilemo tse fetang mashome a mabeli hamorao, boemo bo mpefetse ho feta.
Mathata a ka sehloohong a lijo, sepenya sa baahi le bofutsana ke a potlakileng. Joalokaha tokomane e lokolotsoeng sebokeng seo e ile ea bontša hore ntle le hore ho rarolloe mathata ana, “ho tsitsa ha bophelo linaheng le libakeng tse ngata ho ka ’na ha e-ba kotsing, mohlomong ha senya le khotso ea lefatše.” Moshebelli e mong o ile a bua puo-phara: “Re tla bona ho timela ha tsoelo-pele le mekhoa ea bophelo ea lichaba.”
Ho ea ka Motsamaisi-Kakaretso oa FAO, Jacques Diouf, “kajeno batho ba fetang limilione tse 800 ha ba fumane lijo tse lekaneng; har’a bona ke bana ba limilione tse 200.” Ho hakanngoa hore selemong sa 2025, baahi ba teng hona joale lefatšeng ba limilione tse 5800 ba tla be ba eketsehile ho ba limilione tse 8300, keketseho e khōlō e hlaha linaheng tse tsoelang pele moruong. Diouf oa tletleba: “Palo e feletseng ea banna, basali le bana ba amohuoeng tokelo ea bona ea mantlha ea bophelo le seriti e phahame ka tsela e sa amoheleheng. Mehoo ea tlala e tsamaea le bothata bo sa bonahaleng ba mobu o khathetseng, meru e hlobotseng le tšenyo e tsoelang pele ea matamo ao ho tšoasoang litlhapi ho ’ona.”
Ho buelloa tharollo efe? Diouf o re tharollo e itšetlehile ka “ho nka khato e tiileng,” ea ho fa linaha tse haelloang ke lijo “lithuso tsa mantša-tlala” hammoho le tsebo, matsete le theknoloji tse tla li nolofalletsa ho itjara.
“Lithuso Tsa Mantša-tlala”—Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho li Finyella?
Ho ea ka tokomane e ntšitsoeng ke seboka seo, “lithuso tsa mantša-tlala li sebetsa ha batho bohle, ka linako tsohle, ba e-na le se ba khotsofatsang ’meleng le moruong, ba e-na le lijo tse bolokehileng le tse matlafatsang tse finyellang litlhoko tsa bona tsa phepo le lijo tseo ba khethang ho li ja hore ba tsebe ho ba sehlahlo le ho ba ba phelang hantle.”
Maqakabetsi a baphaphathehi ba Zaire a ile a bontša kamoo lithuso tsa mantša-tlala li ka hlōlehang kateng. Nakong ea ha baphaphathehi ba Rwanda ba milione ba ntse ba e-shoa ke tlala, mekhatlo ea Machaba a Kopaneng e ne e e-na le meqeqeko ea lijo tseo ba neng ba ka li ja. Empa ho lokisetsa ho li tsamaisa le ho li aba ho ne ho hloka tumello ea bo-ralipolotiki le tšebelisano-’moho ea ba laolang sebaka seo—kapa balaoli ba sesole haeba e le bona ba lebetseng likampo tsa baphaphathehi. Boemo ba qomatsi Zaire bo boetse bo bontša kamoo ho leng thata kateng ho mekhatlo ea machaba ho fepa ba lapileng, esita leha lijo li le teng. Moshebelli e mong o ile a hlokomela: “Mekhatlo le mekhatloana e mengata e lokela ho kōpuoa le ho rerisoa pele ho etsoa ntho leha e le efe.”
Joalokaha ho bontšitsoe ke tokomane ea Lefapha la Temo la United States, lithuso tsa mantša-tlala li ka ’na tsa fokolisoa haholo ke lisosa tse ’maloa. Kantle ho likoluoa tsa tlhaho, lisosa tsena li akarelletsa lintoa, liqhoebeshano tsa lehae, maano a sa lokelang a puso, khaello ea bofuputsi le theknoloji, ho senyeha ha tikoloho, bofutsana, sepenya sa baahi, ho se lekane ha litokelo tsa ba batona le ba batšehali le ho kula.
Ho ’nile ha e-ba le lintho tse itseng tse finyelloang. Ho tloha ka bo-1970, karolelano ea phepelo ea lijo tse fanang ka matla, e leng e bontšang lijo tse jeoang, e ile ea nyoloha ho tloha ho lik’hilojule tse 8970 ho ea ho tse 10 560 mothong ka mong ka letsatsi linaheng tse tsoelang pele moruong. Empa ho ea ka FAO, ha ho talingoa keketseho ea sepenya sa baahi ba limilione tse likete selemong sa 2030, “hore ho bolokoe boemo bo teng hona joale ba lijo ho tla hlokahala hore ho eketsoe tlhahiso ea phepelo ka karolo e fetang ea 75 lekholong kantle le ho senya mehloli ea tlhaho eo kaofela ha rōna re itšetlehileng ka eona.” Kahoo mosebetsi oa ho fepa ba lapileng ke o sa thabiseng.
‘Re Hloka ho Nka Khato, Eseng ho Tšoara Liboka Tse Eketsehileng’
Ho ile ha nyatsoa mehato e mengata ea World Food Summit hammoho le boitlamo boo e bo entseng. Moemeli e mong oa Latin America o ile a nyatsa “tekanyo” ea tumellano ea ho fokotsa palo ea batho ba haelloang ke phepo e ntle hore e be halofo feela ea ba boemong boo hona joale, e le e “hlabisang lihlong.” Linaha tse 15 li hlalositse litlhahiso tseo seboka seo se lumellaneng ka tsona ka mekhoa e sa tšoaneng. Koranta ea Italy ea La Repubblica e boletse hore esita le ho fihlela qeto ea ho ngola phatlalatso e itekanetseng le ho rera ho nka khato, “ho ile ha hlokahala lilemo tse peli tsa liqhoebeshano le lipuisano. Ho ile ha sekasekoa lentsoe le leng le le leng, feeloane e ’ngoe le e ’ngoe e le hore ho se thonkhoe maqeba . . . ’me a qala ho lutla mali hape.”
Ba bangata ba ileng ba kenya letsoho ho lokisoeng ha litokomane tsa seboka seo ha baa ka ba thabela liphello tsa sona. E mong o ile a re: “Re hlile re belaella haholo hore litlhahiso tse molemo tse phatlalalitsoeng ha li na ho sebetsa.” ’Moko-taba oa khang ena e ne e le hore na ho fumana lijo ho lokela ho hlalosoa e le “tokelo e hlomphuoang ke machaba” kapa che, kaha “tokelo” e ka loaneloa ka makhotleng a molao. Motho e mong oa Canada o ile a hlalosa: “Linaha tse ruileng li tšaba hore li tla qobelloa ho fana ka lithuso. Ke kahoo li phehellang hore temana eo ea phatlalatso e hlapolloe.”
Ka lebaka la lipuisano tse sa feleng libokeng tse tšehelitsoeng ka lichelete ke Machaba a Kopaneng, letona le leng la ’muso o mong oa Europe le ile la re: “Ka mor’a ho fihlela liqeto tse ngata haholo sebokeng sa Cairo [se neng se tšoeroe ka 1994, mabapi le palo ea baahi le tsoelo-pele], re iphumana sebokeng se seng le se seng se latelang re ntse re tapa-tapa nģa e le ’ngoe.” Le ile la etsa tlhahiso: “Ho kenya tšebetsong mehato e reriloeng bakeng sa ho ruisa batho ba habo rōna molemo ho lokela ho ba ka holimo lethathamong la litaba tseo ho tla buisanoa ka tsona, eseng hore ho tšoaroe Liboka tse ling tse eketsehileng.”
Hape bashebelli ba ile ba bontša hore le ho ba teng sebokeng ho bakela linaha tse ling litšenyehelo tse boima tseo ho leng thata hore li ka li lefa. Naha e ’ngoe e nyenyane ea Afrika e ile ea romela baemeli ba 14 hammoho le matona a mabeli, bao kaofela ba ileng ba lula Roma libeke tse fetang tse peli. Koranta e ’ngoe ea Italy ea Corriere della Sera e tlalehile hore mosali oa mopresidente e mong oa Moafrika, ea tsoang naheng eo ho eona motho a le mong a fumanang ka karolelano chelete e ka tlaase ho R14 600 ka selemo, o ile a hafotsa R102 000 a reka lifeshene tse tummeng ka ho fetisisa litsing tsa mabenkele, Roma.
Na ho na le lebaka la ho lumela hore Morero oa ho Nka Khato o amohetsoeng sebokeng seo o tla atleha? Moqolotsi e mong oa litaba oa araba: “Seo re nang le tšepo ea sona hona joale ke hore mebuso e tla nka [morero oo] ka ho teba ’me e nke khato ho bona hore litlhahiso tseo lia phethahatsoa. Na e tla ho etsa? . . . Histori ha e fane ka lebaka la ho ba le tšepo.” Eena mohlalosi enoa o ile a bolela ntlha e ’ngoe e khathatsang matla ea hore le hoja ho ne ho lumellanoe ka hore ho eketsoe menehelo ea lithuso tsa ntlafatso ka karolo ea 0,7 lekholong ea kakaretso ea tlhahiso naheng ka ’ngoe, sebokeng sa Rio de Janeiro Earth Summit se neng se tšoeroe ka 1992, “e bile linaha tse seng kae feela tse ileng tsa finyella pakane eo ea boithaopo.”
Ke Mang ea Tla Fepa ba Lapileng?
Histori e pakile ka ho lekaneng hore ho sa tsotellehe boikemisetso bo botle ba batho, “tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Kahoo ha ho bonahale eka batho ka boiteko ba bona ba tla ke ba fane ka lijo bakeng sa bohle. Meharo, ho hloka tlhophiso le boiphahamiso li behile batho lintšing tsa selomo. Motsamaisi-Kakaretso oa FAO Diouf o ile a hlalosa: “Ka mor’a ho leka lintho tsena kaofela, ho hlokahalang ke hore ho fetoloe maikutlo, likelello le litakatso.”
Seo ke se ka etsoang ke ’Muso oa Molimo feela. Ha e le hantle, lilemong tse makholo tse fetileng, Jehova o ile a profeta mabapi le batho ba hae: “Ke tla ngola molao oa ka ka hare ho bona, ke [o] ngole lipelong tsa bona; ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka.”—Jeremia 31:33.
Ha Jehova Molimo a ne a lokisa serapa sa pele bakeng sa ho ba lehae la batho, o ile a neha motho “limela tsohle tse behang peo, tse kahohle lefatšeng, le sefate se seng le se seng se behang litholoana tse nang le peo” hore e be lijo. (Genese 1:29) Lijo tseo li ne li le ngata, li matlafatsa ’me li fumaneha habonolo. E ne e le sohle seo batho ba se hlokang ho khotsofatsa tlhoko ea bona ea lijo.
Morero oa Molimo ha o e-s’o fetohe. (Esaia 55:10, 11) Khale haholo o ile a fana ka tiiso ea hore ke eena a ’notši ea tla khotsofatsa litlhoko tsohle tsa batho ka ’Muso oa hae ka Kreste, a fe bohle lijo, a felise bofutsana, a laole likoluoa tsa tlhaho ’me a felise lintoa. (Pesaleme ea 46:8, 9; Esaia 11:9; bapisa le Mareka 4:37-41; 6:37-44.) Nakong eo ‘lefatše le tla melisa lijo tsa lona. Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.’ “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.”—Pesaleme ea 67:6; 72:16.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]
Dorothea Lange, FSA Collection, Library of Congress