“Boemo ba Tšohanyetso bo Patehileng” bo Haufi le ho Fela!
“HA HO bapisoa le nakoana e sa tsoa feta, re phela lefatšeng la matletsetletse. . . . Ho na le lijo tse ngata bakeng sa bohle . . . ha re bua feela.” Ke kamoo ho bolelang phuputso ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO). Haeba ho joalo, hantle-ntle bothata bo bakang khaello ea phepo e nepahetseng bo hokae?
WHO e re: “Bothata ke hore lijo ha li hlahisoe kapa hona ho ajoa ka ho lekana. Ka bomalimabe, mafutsana linaheng tse nonneng tse hōlang moruong a sala a itlhophere ho se seo a ka se etsang—’me a lapile—ha kotulo e khōlō le chai ea lijalo e rekisetsoa linaha tse ling. Phaello ke ea nakoana ho batho ba seng bakae, tahlehelo ke ea nako e telele ho ba bangata.” Phuputso ea haufinyane tjena ea Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng (FAO) e bontša hore ‘batho ba etsang karolo ea bohlano ea ba ruileng ka ho fetisisa’ lefatšeng ‘ba ja karolo ea 45 lekholong ea nama eohle le tlhapi; ba etsang karolo ea bohlano ea ba futsanehileng ka ho fetisisa ba fumana feela karolo ea 5 lekholong.’
Ka lehlakoreng le leng, mokhatlo oa Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana o re: “Ho se fumane thuto e ntle le boitsebiso bo nepahetseng le tsona ke lisosa tsa khaello ea phepo e nepahetseng,” ’me oa phaella: “Ntle le hore ho be le meralo e entsoeng ka hloko ea ho fana ka boitsebiso le mananeo a molemo le a fumanehang habonolo a thuto, batho ba ke ke ba elelloa, ba tseba le ho itšoara ka tsela e hlokahalang bakeng sa ho loantša khaello ea phepo e nepahetseng.” Empa ho haella ha lijo le hona ho fokotsa bophelo bo botle ba ’mele le matla a hore motho a fumane thuto e molemo—e leng letoto le iphetang la liketsahalo.
Toka le ho Thahasella ba Bang ka ho Hloka Boithati
Ho sa tsotellehe litšitiso tseo tse nyahamisang, litsebi tse ling lefapheng lena li ntse li e-na le tšepo. Ka mohlala, motsamaisi-kakaretso oa FAO, Jacques Diouf, o ile a bolela tšepo ena: “Ke na le pono ea lefatše leo ho lona letsatsi le leng le le leng le chabang, monna, mosali le ngoana e mong le e mong ba nang le lijo tse lekaneng tse matlafatsang le tse sireletsehileng. Ponong ea ka, leruo le feteletseng le bofutsana bo feteletseng ka mokhoa o tšosang li fokotsehile. Ke bona batho ba mamellana eseng ba khethollana; ho e-na le khotso eseng ntoa ea lehae; tikoloho e sa senngoe ho e-na le hore e sohlokoe; batho ka kakaretso ba atleha ho e-na le ho hloka tšepo ho nyahamisang.”
Leha ho le joalo, joalokaha re bone, ho tla hlokahala ho hong ho feta feela tlhahiso le kabo e eketsehileng ea lijo hore tšepo eo e phethahale. Ho hlokahala toka e akaretsang le ho thahasella ba bang ka ho hloka boithati. Empa litšobotsi tsena tse babatsehang ha lia tloaeleha lefatšeng la khoebo la kajeno.
Na ho ka etsahala hore ho tlosoe litšitiso tse khōlō tse kang meharo, bofutsana, ntoa le boithati ’me kahoo ho felisoe khaello ea phepo e nepahetseng lefatšeng? Kapa ee ke toro e ke keng ea phethahala?
Tharollo Feela ea Sebele
Ho ea ka Bibele, ha rea lokela ho makatsoa ke mathata a ka sehloohong a bakang khaello ea phepo e nepahetseng. Lentsoe la Molimo le re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, . . . ba hlokang lerato la se molemo, . . . ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona.”—2 Timothea 3:1-5.
Na moloko oa batho o ka motsula boikutlo bo joalo bo metseng ka metso ntle ho thuso ea Molimo? Ha ho bonahale eka ho ka ba joalo, na ha ho joalo? Mohlomong u hlokometse hore ka linako tse ling batho ba boholong ba na le boikemisetso bo botle mabapi le mathata a bophelo a moloko oa batho, empa boithati, lerato la chelete, le ho se phethahale ha ba bang ho kena-kenana le ho sitisa esita le sepheo se setle ka ho fetisisa.—Jeremia 10:23.
Leha ho le joalo, tharollo hase toro e ke keng ea finyelloa. Bibele e tšepisa hore ’Muso oa Molimo o tla felisa bothata ba ho hloka toka hammoho le mahlomola a mang ’ohle a hlasetseng moloko oa batho kajeno.
Esaia 9:6, 7 e re fa tšepo ena e babatsehang: “Re tsoaletsoe ngoana, re filoe mora; ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae. O tla rehoa lebitso la Moeletsi ea Hlollang, Molimo ea Matla, Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso. Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso, teroneng ea Davida le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata le ho o tšehetsa ka toka le ka ho loka, ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.”
Ke oona ’Muso ona oo batho ba o rapellang ha ba pheta Thapelo ea Morena ’me ba re ho Molimo, “’Muso oa hao o ke o tle.” (Matheu 6:9, 10) Hlokomela hore Esaia o bolela hore “cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.” E, Jehova Molimo o ’nile a thahasella haholo ho fa batho seo ba se hlokang. O entse lefatše lena hore le hlahise lijo tse ngata bakeng sa bohle.
Pesaleme ea 65:9-13 e re ka eena: “U lebisitse tlhokomelo ea hao lefatšeng, e le hore u ka le fa nala; u le entša haholo. Molapo o tsoang ho Molimo o tletse metsi. U lokisetsa lijo-thollo tsa bona, etsoe ke tsela eo u lokisang lefatše ka eona. Litsela tsa lona tsa mehoma lia tlala, makote a lona aa batalatsoa; u le nolofatsa ka lipula tsa melupe; u hlohonolofatsa mahlōmela a lona. . . . Makhulo a apere mehlape, likhohlo li koahetsoe ka lijo-thollo.”
E, ’Mōpi, Jehova, ke eena mohlokomeli ea molemo oa moloko oa batho. Ke eena “ea fang nama eohle lijo: etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 136:25.
Re ka kholiseha hore ’Muso oa Molimo tlas’a Kreste o tla hlokomela batho bohle. “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba,” joalokaha Bibele e bolela. Empa ho tla boetse ho ajoa lijo ka ho lekana, hobane “[Jesu Kreste] o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. . . . O tla pholosa meea ea ba futsanehileng.” (Pesaleme ea 72:12, 13, 16) Kahoo e-ba le tšepo! ‘Boemo bona ba tšohanyetso bo patehileng’ bo haufi le ho rarolleloa ruri.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
“Ha ho buuoa, tlala le khaello ea phepo e nepahetseng ke lintho tse ka felisoang. Chelete e teng. Phephetso . . . e boitekong ba ho etsa maano a sebetsang le ho nka bohato bo kopanetsoeng sechabeng le machabeng.”—Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 10]