Na Saense e ka Finyella Liphephetso tsa Lekholo la bo21 la Lilemo?
“Hona joale ho na le bopaki bo bongata ba saense bo bontšang hore ’Mè Lefatše a ke ke a hlola a sa khona ho hlokomela bana bana ba hae ba bangata ba sa tsotelleng, ba sa laoleheng ka nako e telele.”—The European, March 19-25, 1992.
LITSEBI tsa saense ea kahisano ka ho eketsehang li na le maikutlo a hore tšokelo ea lefatše, e hōle le ho ba ntho e sa reng letho, le e tebileng le e hlokang ho lemohuoa. Ha e le hantle, li bolela hore ho hlokahala bohato bo potlakileng haholo haeba ho tla qojoa tlokotsi. Bofelong ba lilemo tsa bo-1980 mopresidente oa Mokhatlo oa Worldwatch o ile a re: “Ha re na meloko. Re na le lilemo feela, moo re ka etsang boiteko ba ho fetola boemo.”
Bahlophisi ba buka e bitsoang 5000 Days to Save the Planet ba ne ba hlile ba tobile taba ha ba ne ba hatisa buka ea bona ka 1990. Ho tloha ka nako eo litokisetso tsa bona li ’nile tsa tsoela pele. Ho latela nako eo ba neng ba e behile e setseng ea ho pholosa polanete, hona joale e solla letsatsing la bo4 000. ’Me nako eo lekholo la bo21 le fihlang ka eona, ka ntle le haeba ho etsahala ntho e ’ngoe e sa tloaelehang, palo eo e tla fokotsehela ho matsatsi a ka bang 1 500.
Ke maemo afe a sa tloaelehang a bakileng tlokotsi ee e bonahalang? Lekholo la lilemo le tlang le tlisa liphephetso life?
Ha ho na Khaello ea Mathata
Batho ba ratang khotso ba thabela hore Ntoa ea Mantsoe e ile ea lala. Empa phephetso ea ho finyella khotso ea lefatše le ho e boloka hase ntho ea sebele. Ka January ea 1990 ha Mopresidente Mitterrand oa Fora a ne a bua ka mathata a ho kopanngoa ha Europe o ile a re: “Re tlohela lefatše le leeme empa le tsitsitseng, ’me re na le tšepo ea lefatše le tlang ho ba le toka haholoanyane, empa leo ka sebele e tlang ho ba le sa tsitsang haholoanyane.” The European e ile ea ngola: “Moputso oa tokoloho [lichabeng tsa eo e kileng ea e-ba Soviet] ke ho hloka botsitso ho eketsehang, ho ekelitseng monyetla oa ntoa ea nuclear, le hoja kotsi e fokola e sa ntse e le teng.”
Bonneteng, tse ling tsa liphephetso tseo lefatše le tobaneng le tsona hona joale li ne li hlile li sa tsejoe ha Ntoa ea Mantsoe e ne e qhoma. Ho joalokaha buka 5000 Days to Save the Planet e hlokomela: “Hoo e batlang e le lilemong tse 50 tse fetileng tikoloho ea lefatše e ne e leka-lekana. . . . Lefatše e ne e le sebaka se seholo ka ho fetisisa, se setle le se matla; joale ke joang re ka le ntšang kotsi? Kajeno re bolelloa hore polanete ea rōna e tlokotsing, le hore re senya le ho silafatsa tsela ea rōna e lebisang tlokotsing ea lefatše lohle.”
Likoluoa tsa tlhaho—likhohola, lifefo, litšisinyeho tsa lefatše, ho phatloha ha lithaba tse ntšang seretse se chesang—li etsahala hohle. Hore na ke ho isa bohōleng bofe motho a kena-kenanang le tikoloho mohlomong ha ho tsejoe hantle. Ho na le bopaki ba hore libakeng tse ling lera le sireletsang lefatše la ozone le ntse le e-ba lesesanyane ka mokhoa o kotsi. Hona joale, bo-rasaense ba hlokomelisa hore liphetoho tsa boemo ba leholimo tse ka bakang likotsi, li ka hlasela ka tšohanyetso ho e-na le hore li tsoele pele butle-butle.
Ke khale kankere, mafu a pelo, mathata a pelo le maloetse a mang a mangata a phephelitse tsebo ea lingaka. Ho sa tsotellehe lilemo tse ngata tsa tsoelo-pele ea meriana, mafu ana a ntse a bolaea. Europe feela, ho hakanngoa hore batho ba 1 200 000 ba bolaoa ke kankere selemo le selemo, e leng hoo e ka bang karolo ea 65 lekholong ho feta lilemong tse leshome tse fetileng. Ka baka la tšabo ea lefu lena le lecha—AIDS, le seng le bolaile batho ba bangata ho feta kankere—tahlehelo ena e khōlō hakaana ea batho ba bolaoang ke kankere selemo le selemo ha e hlokomeloe.
Phephetso e ’ngoe ke ena: Nakong e ka tlaase ho lilemo tse 200, palo ea baahi ba lefatše e eketsehile ho tloha ho batho ba limillione tse sekete ho ea ho batho ba ka bang limillione tse likete tse hlano le halofo. Ho sa tsotellehe ho fokotseha ho sekhahla ha lenane la batho, ba bang ba hakanya hore ka selemo sa 2025, palo ea baahi ba lefatše mohlomong e tla be e fetile limillione tse likete tse robeli, ’me ho ea bofelong ba 2050 e tla be e atametse limillione tse likete tse leshome. Batho bana kaofela ba tla lula kae? Ba tla ja eng? Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e ntšitsoeng ka 1991 e ile ea hakanya hore batho ba limillione tse sekete ba se ba ntse ba phela bofutsaneng ka ho feletseng, ’me bophelo ba bona “bo khetholloa ka khaello ea phepo e nepahetseng, ho se tsebe ho bala le ho ngola le mafu tse nyenyefatsang tlhaloso leha e le efe e loketseng ea boitlhompho ba batho.”
Paul R. Ehrlich, moprofesa oa thuto ea palo ea batho Univesithing ea Stanford United States, o hlokomela boholo ba bothata bona ka hore: “Le hoja sepenya sa batho lichabeng tse futsanehileng ho bonahala se ba boloka e le bafutsana, ho bonahala sepenya sa batho lichabeng tse ruileng se nyenyefatsa matla a polanete eohle bakeng sa ho boloka bophelo.”
Monyetla oa hore mabaka a boletsoeng pelenyana—kapa a mang a kang tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, khaello ea matlo, tlōlo ea molao le liqhoebeshano tsa merabe—mohlomong nakong e tlang e haufi li ka qholotsa tlokotsi ea lefatše lohle e leng ntho e fanang ka lebaka la sebele la ho ameha. Phephetso ena e hlakile. Empa mokhoa oa ho sebetsana le eona ha oa hlaka.
Ho Batla Litsela tsa ho Sebetsana le Eona ka Katleho
Leha ho le joalo, ka baka la botebo ba mathata ana, mebuso, ka litekanyo tse fapaneng tsa ho potlaka, e batla litharollo. Ka mohlala, tabeng ea tikoloho, seboka se seholo ka ho fetisisa mabapi le tikoloho se ne se tšoeroe ka June ea selemo se fetileng Rio de Janeiro. Seboka sa Lefatše se tšehetsoang ke Machaba a Kopaneng e bile se seholo ka ho fetisisa se latelang se neng se tšoaretsoe Stockholm, Sweden ka 1972. Ka nako eo ralipolotiki e mong oa Jeremane ea tsebahalang o ile a re: “Seboka sena e ka ba phetoho ea bohlokoa phellong ea polanete.”
Ka ho hlakileng, seboka sa 1972 se ile sa hlōleha ho finyella litebello tsena. Maurice F. Strong, mohlophisi e moholo oa seboka sa 1972 le sa 1992, o ile a lumela: “Re ithutile lilemong tse 20 ho tloha Stockholm hore melao ea tikoloho, eo e leng eona feela kofuto ea sebele eo mekhatlo ea tikoloho e nang le eona, ke ea bohlokoa empa e ea haella. E lokela ho tsamaisana le liphetoho tsa bohlokoa tseo e leng motheo oa litšusumetso tsa rōna tsa boitšoaro moruong.”
Leha ho le joalo, na seboka sa 1992 se tla ipaka ho ba se atlehileng haholoanyane ho finyella “liphetoho tsee tsa bohlokoa” ho feta seboka se neng se tšoeroe ka 1972? ’Me haeba ha ho joalo, na polanete ea rōna e tla ’ne e tsebe ho ba le sebaka sa ho amohela baeti lilemong tse ling tse 20 ka 2012 bakeng sa Seboka sa boraro sa Lefatše se ka ’nang sa tšoaroa?
Ho Talimana le Phephetso ea Eona e Khōlō ka ho Fetisisa
Ka kakaretso batho ba ntse ba e-ba le pelaelo ea hore na bolumeli le lipolotiki li tla khona ho rarolla mathata a lefatše. Empa haeba bolumeli le lipolotiki li hlōleha, ke eng se ka finyellang liphephetso tsee tse tebileng tsa lekholo la bo21 la lilemo?
Buka e boholo ba makasine e hatisitsoeng ke Tšebeletso e Kopaneng ea Liphuputso le Theknoloji ea Jeremane e hlakisa potso ena. “Ho sebetsana le mathata ana ho hloka leano la lipolotiki le ke keng la thusa feela ho qoba liphetoho tse eketsehileng tse bakoang ke motho empa hape le le tla thibela liphello tse mpe tsa liphetoho tsa lefatše lohle. Ka baka la mathata ana a rarahaneng ao re tobaneng le ’ona, liqeto tsa lipolotiki tse loketseng li tla khoneha feela haeba li thehiloe liphuputsong tsa saense tse tšepahalang le mehlaleng e tšepahalang e nahannoeng esale pele. Ena e bonahala e le eona feela tsela ea ho qoba tsoelo-pele e bitsang chelete e boima kapa esita le liphello tse sa rateheng le tse kotsi. Ho etsa hore boitsebiso bona bo fumanehe ho fana ka phephetso e khōlō ka ho fetisisa ho bo-rasaense nakong ea hona joale.”
Saense e se e kile ea tobana le liphephetso tse khōlō pele ’me e ile ea sebetsana le tsona ka katleho, empa bonyane ho isa bohōleng bo itseng. Ho sa le joalo, ha se phoso ho botsa hore na saense e ka finyella liphephetso tsena tse khethehileng tse tlisoang ke lekholo la bo21 la lilemo le tlang. Na ho na le motheo oa ho ba le tšepo?
Tsoha! e thabela ho tsebisa hore puisano ea mathata ana a tebileng e tla akaretsoa ka letoto la lihlooho ho qala ka tokollo ena. Karolo 1 ea latela.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Ke’ng seo saense e ka se etsang ka tšilafalo, maloetse le sepenya sa baahi?
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
WHO photo by P. Almasy
WHO photo by P. Almasy