Boitsebiso bo Thusang Bakeng sa Batsoali ba Lenyalo la Bobeli
LEFAPHA la U.S. la ho Bala Batho le bolela esale pele hore ka 1995 malapa a lenyalo la bobeli a tla feta malapa a lenyalo le tloaelehileng. Ka nako eo, bana ba 59 ho bohle ba 100 ba tla phela “malapeng a tsoakaneng” (malapa a nang le motsoali oa bobeli) pele ba fihla lilemong tse 18. Ho latelang ke feela litlhahiso tse ’maloa tsa ho thusa palo e eketsehang ea batsoali ba lenyalo la bobeli.
Lumella Nako Hore Kamano ea Lelapa e Hōle: Batsoali ba lenyalo la bobeli ba tlameha ho hopola hore ho nka nako hore bana ba lenyalo la pele ba amohele motsoali e mocha. Setsebi sa bophelo bo botle ba kelello Mavis Hetherington o hlalosa hore na ke hobane’ng likhoeli tsa pele tse ’maloa—kapa lilemo—e ka ba tse boima haholo: “Likarolong tsa pele tsa ho nyala hape, bara le barali ba koatile, ba hloname, ba na le maikutlo a fosahetseng le ho halefela eseng feela ntate oa bona oa bobeli empa le ’mè oa bona. Ba halefetse . . . ’mè oa bona bakeng sa ho nyaloa hape.” Batsoali ba lenyalo la bobeli ba tlameha ho utloisisa maikutlo a bana, le hoja hoo e ka ba phephetso.—Bona Liproverbia 19:11, BPN.
Hlaolela Kamano e Ntle Pele: Joy Conolly, bukeng ea hae Stepfamilies, o hlokomelisa ka bohlale hore batsoali ba lenyalo la bobeli ba tla ba boemong bo molemonyana ba ho fana ka taeo boitšoarong ba bana ba bona ba lenyalo la bobeli ka mor’a hore ba hlaolele kamano e ntle le bona. Khabareng, ho ka ba molemo ka ho fetisisa ha motsoali oa tlhaho a fana ka taeo e hlokahalang. (Bapisa le Liproverbia 27:6.) Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba lenyalo la bobeli ba ka fa bana boikutlo ba hore lintho tse ling bophelong ba bona ha lia fetoha ka ho tšehetsa lintho tseo ba neng ba tloaetse ho li thabela pele—joaloka ho otlolla maoto nako e teletsana kapa ho bapala hammoho. Leha ho le joalo, bo-ntate ba lenyalo la bobeli ha baa lokela ho sebelisa nako ea lijo e le nako ea ho laea lelapa.
Qoba Tšekamelo ea ho Bontša ho Rata ba Bang ho Feta ba Bang: Bo-ntate ba lenyalo la bobeli kapa bo-mè ba lenyalo la bobeli ba lokela ho qoba, haeba ho etsahala, bopaki leha e ka ba bofe ba tšekamelo ea ho bontša ho rata bana ba bona ba tlhaho ho feta ba bang, leha hona ho ka ba thata ka linako tse ling.—Bapisa le Ba-Roma 2:11, NW.
Ikatametse ka Hloko: Patlisiso e entsoeng haufinyane ea malapa a lenyalo la bobeli e fumane hore hangata ho thata haholo-holo bakeng sa bo-ntate ba lenyalo la bobeli le barali ba lenyalo la pele ho utloana. Mongoli e mong o hlalositse tjena: “Bo-ntate ba lenyalo la bobeli ba leka ho hlaolela puisano, empa banana ha ba rate ho bua. Bo-ntate ba lenyalo la bobeli ba leka ho fana ka taeo, empa banana baa e hana.” Mongoli o hlalosa ka bokhutšoanyane: “Ho bonahala ho se letho leo ntate oa lenyalo la bobeli a ka le etsang le banana le atlehang maemong a qalang.” Ka hona ho hlokahala mamello e khōlō le kutloelo-bohloko. Le hoja banana ba ananela thoriso ea mantsoe e tsoang ho bo-ntate ba bona ba lenyalo la bobeli, hangata ha ba ikutloe ba lokolohile ka lipontšo tsa ’mele joaloka ho kopa ka matsoho. Ntate oa lenyalo la bobeli o lokela ho elelloa hore ngoanana a ka ikutloa ka tsela ena. Haeba ho le joalo, o lokela ho phehella thorisong ea mantsoe le puisanong ho e-na le lipontšo tsa lerato tsa ’mele.—Bapisa le Liproverbia 25:11.
Itebele Khahlanong le ho Boulela: Phihlelo e bontša hore barali ba bangata ba lenyalo la pele ba sekamela ho talima ’mè oa lenyalo la bobeli joaloka motho eo ba hlōlisanang le eena. ’Mè oa lenyalo la bobeli ea nahanelang le ea utloelang maikutlo a ngoanana bohloko a ka ’na a thibela ka bohlale ho hlōlisana ho sa hlokahaleng bakeng sa tlhokomelo. Ntate a ka etsa ho hongata ho felisa khatello ka ho kholisa morali oa hae ka lerato le tlhompho ea hae e sa feleng. (Liproverbia 15:1) Litsebi li hlokomelisa hore hangata bo-mè ba lenyalo la bobeli ba leka ka thata haholo le kapele haholo ho amoheloa e le bo-mè ke barali ba bona ba bacha ba lenyalo la bobeli. Hape, mamello ke eona tharollo.
Ha ho bonolo ho ba motsoali oa lenyalo la bobeli. Empa ho ka etsoa, joalokaha ho bontšoa ke mehlala e atlehang e likete. Hape hopola, Bibele e fana ka keletso e molemo ka ho fetisisa ea ho atleha boemong leha e ka ba bofe ba lelapa ha e re: “Le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kolosse 3:14.