Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 4/8 leq. 11
  • Lerato la Chelete—Motso oa Bokhopo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato la Chelete—Motso oa Bokhopo
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matla a Chelete ka Lapeng
  • Chelete, Chelete Hohle
  • Tlaleho ea ho Fapana
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Chelete
    Tsoha!—2014
  • Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 4/8 leq. 11

Lerato la Chelete—Motso oa Bokhopo

MOLOKO o mong le o mong o ka pheha khang ka hore o bone telekiso e khōlōhali ea ntho e batloang ka ho fetisisa lefatšeng—chelete! O mong le o mong o ka supa lintoa tseo o li loanneng hore o fumane matlotlo le leruo, nako eo ntoa e e qetileng hangata e lekanyetsoa ka nako eo chelete e tšoareletseng ka eona.

Lefatšeng ka bophara, ho ’nile ha bolaoa batho ba limilione ka lebaka la chelete. Bana ba batsoali ba ruileng ba ’nile ba koeteloa ’me ba tšoaroa bakeng sa thekollo—chelete eo batsoali ba tla e lefa bakeng sa hore bana ba khutlisoe ba sireletsehile. Bahlaseluoa ba sa lebellang ba ’nile ba qhekelloa chelete eo ba e bokeletseng bophelo ba bona bohle ke baqhekelli. Matlo a batho a ’nile a phenyekolloa le ho thuhoa ka lebaka la chelete. Banna ba libete ba ’nile ba rehoa “Sera sa Pele sa Sechaba” hobane ba utsoelitse banka e le ’ngoe ka boqhobane. Ha ho moloko o ka bolelang hore ke oona feela o latsoitseng liketso tsena tse hlabisang lihlong. Ka mohlala, ha ho moloko o kileng oa bona telekiso ea chelete e meharo ho feta o ileng oa bona motho ea molato ea nyatsehang a eka motsoalle oa hae e moholo, motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, ka licheletana tse 30.

Leha ho le joalo, hamorao molokong ona ho lelekisa mokhoa ona oa thekisetsano oo ho leng thata ho o finyella, oo mongoli e mong oa Leamerika a ileng a o bitsa “dolara e matla ’ohle, ntho e khōlō ea boinehelo ba bokahohleng,” ho se ho tebile ho feta leha e le neng pele. Ha ho moloko o mong o boneng bosholu bo sebete ho feta ba mehleng ena ba libanka—limilione tsa liranta tse nkiloeng ho basebetsi ba libanka ba supiloe ka lithunya, eseng feela ke banna le basali empa esita le bacha. Bosholu bo joalo bo se bo le bongata hoo bo seng bo sa tsotelloe hakaalo ke ba phatlalatso ea litaba. Litsi tsa lichelete ka bongata li oele hobane ka ho tlōla molao ka bolotsana beng ba tsona ba meharo ba ile ba tsipa chelete e baloang ka limilione ea baboloki bakeng sa tšebeliso ea bona ea botho, ka tsela eo ba omeletsa matsete a banka ’me ba siea baboloki ba bangata ba se na letho.

Ho ka thoe’ng ka basebetsi ba liofisi ba bangata kajeno ba utsoang limilione tsa liranta ho bahiri ba bona e le ha ba batla ho phela bophelo ba batho ba ruileng le ba tummeng? Ho ka ngoloa meqolo ka batho ba sollang literateng tse mabone a lerōthō hore ba utsoetse bafeti se ka mekotleng le ka lipacheng tsa bona. Ho thoe’ng ka ho utsoetsoa ho sebete motho a supiloe ka sethunya ho etsoang motšehare oa lengeta ho bonoang ke ba bangata, bahlaseluoa ba bolaoa ’me ba nkeloa chelete eohle ea bona? Libakeng tse ling tsa litoropo, baahi baa tletleba: “Ha se taba ea hore na ke tla thibelloa seterateng empa ke hore na hangata hakae.” Ba bang ba bile ba tšoara ’chelete ea masholu’ ho khotsofatsa lesholu, leo ho ka ’nang ha etsahala hore le baballe bophelo ba bona. Ka masoabi, moloko ona oa ho qetela oa lekholo la bo20 la lilemo o bona telekiso ea chelete e sehlōhō ka ho fetisisa eo lefatše le kileng la e tseba.

Matla a Chelete ka Lapeng

Bona liqabang tsa chelete tsa letsatsi ka leng lipakeng tsa banna le basali. Mofuputsi e mong o ile a ngola: “Chelete ke ’makenete o hohelang matšoenyeho ’ohle bophelong ba rōna.” O ile a re: “U tlameha ho utloisisa kamoo uena le molekane oa hao le sebelisang chelete kateng hore le tle le khaotse ho e loanela.” Ho sa tsotellehe hore na malapa a ruile kapa a futsanehile kapa a mahareng feela, litsebi tse ngata li lumela hore banyalani ba bangata ba loana haholo ka lebaka la chelete. Mofuputsi e mong o ile a re: “Hoa ’makatsa kamoo lintoa tse ngata li amang ho sebelisoa kapa ho bolokoa ha chelete kateng.” Ka mohlala, nahana ka ba hafang ka nkatana. Hangata molekane ea hlokolosi ka tšebeliso ea chelete o batla ho boloka chelete ea hae, ha ea sa tsotelleng eena a batla ho e sebelisa. Ho sa tsotellehe leruo, lintoa li ba teng—eseng ka lebaka la ho haella ha chelete empa ka lebaka la bongata ba eona. Ho na le ba nyallang motho chelete, ba thabele mekhoa ea bophelo e fetisang eo ba neng ba e batla, ebe hamorao ba hlala hore ba tle ba fumane chelete e ngata bo tšosang.

Tsamaisong ena ea lintho e hlanyetsang chelete, chelete e bapisoa le matla le boikutlo ba ho itšepa. Hangata sena se baka likhopiso ha mosali a amohela chelete e ngata ho feta molekane oa hae. Ha ho le joalo, monna oa hae a ka ba le boikutlo ba hore matla a hae le boemo ba hae li lahlehile. Mōna oa hlaha—eseng ka lebaka la motho e mong—empa ka lebaka la ranta e matla ’ohle e laba-labeloang e bileng le sebete sa ho ba arohanya. Ntoeng e lipakeng tsa lerato le chelete, hangata chelete e hlōla ntle le khanyetso ea letho.

Ke kamoo ho leng kateng. Kannete “lerato la chelete ke motso oa lintho tsa mefuta eohle tse hlahisang kotsi.” (1 Timothea 6:10, NW) Empa, khaello ea chelete e bakile tsieleho e khōlō le bohloko ho bao e bileng bahlaseluoa ba ba e lelekisang.

Chelete, Chelete Hohle

Hangata ho boleloa hore ho hlokahala chelete ho etsa chelete. Hlokomela lipalo tse khōlō-limilione tse ngata—tse senngoang bakeng sa ho hohela eo e tla ba moreki ho reka thepa e bapatsoang ka matla ke baphatlalatsi. Hlahloba poso ea hao e fihlang—mohlomong u tla ba ea latelang ho ‘hapa liranta tse limilione tse leshome.’ Ha ho bonahale eka ho sa na le motho ea thahasellang liranta tse milione feela; joale e se e le limilione tse leshome le ho feta. Ba bangata ba etsa lipeeletso tsa limakasine tseo ba sa li batleng, le tseo mohlomong ba ke keng ba li bala, ka ho tšaba hore ba ka ’na ba fetoa ke ho fumana chelete ho sa lebelloang. Tšepiso e bapalitsoeng “Ha ho hlokahale hore u reke hore u tle u tšoanelehele ho hapa” e bonahala e belaetsa ho ba bangata.

Sheba litoropo tsa Amerika tse seng li na le li-lottery tse nang le meputso e ka fihlang ho limilione bakeng sa ba hapang! Limilione tse seng kae ke “litsieane.” Matsatsing ana, liranta tse lipakeng tsa limilione tse 50 le tse 100 li ka haptjoa ka ho huleloa hang. Ha ho bonahale chelete ea li-jackpot e fela. Linaheng tse ngata, li-lottery tsa sechaba li ’nile tsa e-ba teng ka meloko e mengata. Batho ba ’nile ba sebelisa moputso oa beke kaofela bakeng sa monyetla o le mong oa ho hapa chelete e ngata. Malapa a mang ha a na lijo le liaparo tse lekaneng—ho e-na le ho hlokomela seo, chelete e etsoa sehlabelo ho “molimo oa Lehlohonolo.”—Esaia 65:11, NW.

Hlokomela batho ba limilione ba nahanang ho hapa chelete e ngata lipapaling tsa monyetla. Nahana ka ba lekang ho phethahatsa litoro tsa bona matlong a lipapali tsa chelete ho potoloha lefatše. Ka ho lahla letaese hang, ho hula karete hang, ho hula mofeng oa mochine oa papali ea chelete hang, ba tšepa ho phethahatsa litoro tsa bona. Leha ho le joalo, ka linako tsohle ho ka ba bonolo hore bao ba tšoare le ho fupara oli ka matsoho.

Kahoo telekiso e sa ineheleng ea ranta e sa tšoareheng e tsoela pele ka lebelo le phahameng, ho lelekisa moea. Le hoja ba bangata ba bokeletse letlotlo le lengata, ba fumane hore ka potlako, ka motsotso o le mong ba sa lebella, le nyametse. Ka hona mantsoe a Morena Salomone ea bohlale a lokela ho ba le moelelo oa bohlokoa ho bona: “Chelete ea hao e ka nyamela ka ho panya ha leihlo, joalokaha eka e metse mapheo ’me ea fofela hōle joaloka ntsu.”—Liproverbia 23:5, Today’s English Version.

Tlaleho ea ho Fapana

Ho ke ke ha hanoa hore ho na le ba ipaketseng le ho bakela malapa a bona mahlomola a maholo ka ho sebelisa ranta ea bona ea ho qetela papaling ea monyetla. Hangata ke ba futsanehileng, ba nang le matla a fokolang, ba amohelang feela sa ho thiba lephako. Ba bang ba botsoa ’me ba khetha papali ea chelete ba lelekisa chelete eo ba sa e sebeletsang. Leha ho le joalo, kajeno boholo ba bafutsana ba lefatše ke bahlaseluoa ba maemo ao ba sitoang ho a laola. Ba se nang leha e le thuto e lekaneng hore ba khone ho ngola mabitso a bona ba ka etsa limilione tse se nang palo. Athe ba bang ba bangata, moruo o oang oa libaka tsa habo bona o theoletse meputso ea bona boemong ba bofutsana. Esita le ba nang le mangolo a thuto e phahameng ba ile ba tlameha ho tobana le ho hanoa ha likopo tsa bona tsa mosebetsi. Ha likoporasi tse khōlō li fokotsa tlhahiso hobane seo li se hlahisang se feta se hlokoang, ba likete ba iphumana ba felloa ke mosebetsi. Ba phomella joang?

Menyetla ea ho fumana chelete ka mekhoa e sa tšepahaleng e ka ’na ea ipiletsa ho bona. Ba ka beha lebaka la hore sephetho se lokafatsa mokhoa. “Nka etsa sohle bakeng sa ho phelisa lelapa la ka” ke boikutlo bo tloaelehileng ba ba talimanang le maemo a hlobaetsang a moruo. Litsela tsa ho se tšepahale li ngata, botekatsi ba basali, bosholu ba banna. Na ho se tšepahale, ho utsoa, kapa papali ea chelete—ho lelekisa ranta e sa sebeletsoang—ho na le mohla ho lokafatsoang? Lefatše le tletse batho ba nahanang joalo.

Na u lumela ho ’Mōpi e Moholo, Jehova Molimo? Keletso ea hae ke hore u akhele meroalo ea hao ho eena, ho itšetleha ka tšehetso ea hae linakong tsa tlhoko. Ka mor’a lilemo tse 25 tsa phihlelo ea Bokreste, moapostola Pauluse o ne a ka ngola: “Ke tseba ho kokobetsoa, ke tseba le ho ateloa ke lintho; kahohle le nthong tsohle, ke ithutile ho khora le ho lapa, ho ba naleng le ho ba bofumeng. Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:12, 13) Ka ho hlakileng, Pauluse o ne a sa balehele mekhoeng e sa tšepahaleng ha a fokolloa ke lintho, empa o ne a tšepa Jehova ’me o ile a tšehetsoa.

Kahoo haeba u futsanehile, ua hloka, se ke ua batla leruo le sa tšepahaleng. Ka sebele, ha ho na phoso ka ho etsa chelete ka botšepehi; Jesu ka boeena o ile a re “ea sebetsang o lokeloa ke moputso oa hae.” (Luka 10:7) Leha e le hore ho phoso ho ba ea ruileng. Empa le ka mohla u se balehele ho sekisetseng boitšoaro bakeng sa ho finyella litlhoko tsa hao. Haha kamano le ’Mōpi oa hao e Moholo, Jehova Molimo, ’me u itšetlehe ka eena bakeng sa ho u thusa ho mamella mathata a bophelo. “Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a oona; hobane oa le hlokomela.”—1 Petrose 5:6, 7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela