Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 10/8 leq. 3
  • Ho Phahama le ho oa ha Borapeli ba Satane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phahama le ho oa ha Borapeli ba Satane
  • Tsoha!—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bacha Ba Kajeno—Na Ba Hlaseloa Habonolo ke Borapeli ba Satane?
    Tsoha!—1994
  • Borapeli Ba Satane Mehleng ea Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Satane—Na Kannete O Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 10/8 leq. 3

Ho Phahama le ho oa ha Borapeli ba Satane

Litšebeletso tse etsoang ka tloaelo tsa bosatane tse phethoang ke baprista ba apereng liaparo tse telele tse ntšo ka liphaposing tse lefifi tse ka tlaase ho lefatše, ba bina lithapelo bakeng sa liphofu tse tlanngoeng tse holim’a aletare, ka likerese tse ntseng li phatsima li hlahisa liriti tse tšosang maboteng ha borapeli ba molimo oa bona, Satane, bo ntse bo tsoela pele. Ba khobokantsoe hammoho ke tsebo ea lekunutu ea sephiri se arolelanoang ka ho retelehela ho matla a phahametseng a tlhaho, bacha ba kopanetseng leetong lena le lebisang tšebelisanong le meea ba thabisoa ke boikutlo bo tšosang bo bang teng sebakeng seo. Ba atamelana haufi-ufi ka boikutlo bo bonahalang bo na le tšobotsi ea matla a phahametseng a tlhaho boo ka ho khethehileng e leng bona feela ba nang le bona.

Na e mpa e le mokhoa o chesehelloang ka nakoana o se nang kotsi, o iphetelang? Kapa na ke bobe ba bodemona bo jeleng setsi sechabeng sa kajeno?

HO ’NILE ha ngoloa lintho tse ngata-ngata likoranteng, limakasineng, le libukeng ka liketso tse tšosang tsa lihlotšoana tsa bosatane. Litaba tse qaqileng tse atileng tsa lihlopha tse mabifi tsa bosatane li ’nile tsa hasoa thelevisheneng le seea-le-moeeng tsa sechaba. Ho fetohile bothata bo boholo ho mapolesa metseng e meholo hammoho le e menyenyane ea Amerika, Canada, le Europe.

Borapeli ba Satane bo na le leraba le khethehileng ho bacha ba kajeno. Mothei oa Kereke ea Satane o hlalosa lebaka, joalokaha ho tlalehiloe makasineng ea ’Teen ea June 1993: “Ho e-na le ho laela litho hore li hatelle litakatso tsa tsona tsa tlhaho, re ruta hore li lokela ho li latela. Sena se akarelletsa litakatso tsa ’mele, takatso ea ho iphetetsa, taba-tabelo ea ho ba le lintho tse bonahalang.”

E tlameha ebe Satane o thaba hakaakang ka khopolo ee e susumetsoang ke eena, kaha e le khahlanong le melao-motheo ea Bokreste e susumelitsoeng ke Molimo!

Borapeli ba Satane boa phahama. Ke tšokelo e hōlang, empa ho fela ha bona ho haufi. Molimo oa bona o ahloletsoe lefu. Ho joalo le ka lefatše la Satane hammoho le batšehetsi ba lona, hobane “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19; Ba-Roma 6:16) Ho barapeli ba Satane le ho ba bang kaofela ba sebeletsang merero ea Satane ba tseba kapa ba sa tsebe, molaetsa oa Jehova ke hore: “Molimo oa khotso ke oona o tla phakisa o robokele Satane ka tlas’a maoto a lōna.”—Ba-Roma 16:20.

Joale moloko oa batho o utloang bohloko o tla tleloa ke bokamoso bofe bo tsoang ho “Molimo oa khotso”? Lihlooho tse tharo tse latelang li tla bontša ho phahama le ho oa ha Borapeli ba Satane le maemo a tla bo nkela sebaka lefatšeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela