Borapeli Ba Satane Mehleng ea Rōna
HA HO pelaelo hore Satane o batla ho rapeloa. Ha a ne a leka Jesu, o ile a mo tšepisa hore a ka mo fa moputso o moholo tlas’a boemo bo le bong: “Ha u ka oa ka mangole, ua nkhumamela.” (Mattheu 4:9) Leha ho le joalo, Jesu o ile a hana, empa hase bohle ba latetseng mohlala oa Jesu. Borapeli ba Satane bo atile lefatšeng la rōna la kajeno.
Ka mohlala, Canada The Calgary Herald e ile ea ntša letoto la lihlooho tlas’a sehlooho se seholo se neng se re “Barutuoa ba Diabolose.” Koranta e ile ea qotsa tlaleho ea lepolesa le leng la lipatlisiso, e reng: “Ka lipuisano ke fumane hore Bosatane ha bo fumanehe feela har’a sehlopha se itseng sa batho. Boitsebiso bo bokeletsoeng ke Litšebeletso tsa Sepolesa sa Calgary le Sepolesa se Palameng se Seholo sa Canada bo senola hore Calgary feela ho na le ba sebelisang borapeli ba Satane ba ka bang 5 000.
Litlaleho tse ling tsa likoranta li bontša hore mekha ea Satane, ka libopeho tse sa tšoaneng, e ntse e hlahella ho haola United States le Europe. Le ’ona mapolesa a bontša ho thahasella Bosatane. Hobane’ng? Hobane mabakeng a mangata a fumana likamano pakeng tsa litlōlo tsa molao le mekha ea Bosatane. Haufinyana, leponesa la lefokisi le ile la qotsoa le re: “Seo re sebetsanang le sona ke bolumeli le batho ba lumelang ho bona joalokaha ba bang ba lumela Bokreste, Bojode kapa Bosolomane. Seo u se bonang hase litlōlo tsa molao tse etsoang feela hobane ho tlōloa molao, empa ke litlōlo tsa molao tse etsoang ka lebaka la bolumeli.”
Mohlala o le mong o totobetseng ke oa ho fenethoa ha morabe oa Manson California morao koana ka 1969. Ho ea ka setsebi sa histori Jeffrey Russell, “Manson o ne a ipolela hore ke Kreste e bile ke Satane. . . . Ha a tlile ho tla bolaea Sharon Tate, molateli oa Manson Tex Watson o ile a phatlalatsa, ‘Ke diabolose; ke tlile mona ho tla etsa mosebetsi oa diabolose.’” Empa Bosatane ha bo pepenene tjena kamehla.
Boloi, Tšebelisano le Meea, le Bonohe
Ha e le hantle, borapeli ba Satane ha boa lekanyetsoa feela borapeling bo tobileng ba Satane ka lebitso. Moapostola Pauluse o ile a lemosa: “Lintho tsee bahetene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela batemona.” (1 Ba-Korinthe 10:20) ’Me borapeli ba bademona ka sebele ke ntho e le ’ngoe le borapeli ba Satane, kaha Satane o bitsoa “morena oa batemona.” (Mareka 3:22) Ke mekhoa efe ea “lichaba” e ka tsebahatsoang e le borapeli ba bademona, kapa borapeli ba Satane? Mantsoe a Molimo ho Iseraele a re fa mehlala e itseng: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . mophofi ea phofang, kapa selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea profeta, leha e le ea botsang bafu; hobane bohle ba etsang litaba tseo, ba manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10-12.
Kahoo, re lemosoa khahlanong le mahlabelo a mali le litšebeletso tsa selallo tsa moea tsa baprista ba voodoo Brazil kapa lihoba tsa houngans le mambos ea Haiti. Hape re lemosoa khahlanong le mekhoa e tšoanang ea Santeria, e sebelisoang ke Macuba a mang a baphaphathehi a United States. Hape re lemosoa khahlanong le linohe tse ipolelang hore li buisana le meea e shoeleng ho kenya tšabo ho ba phelang.—Bapisa 1 Samuele 28:3-20.
Boloi bo atile haholo likarolong tse fapaneng tsa Afrika. Ka mohlala, Afrika Boroa, lingaka tsa litaola li na le matla a maholo, ’me batho ba lumela ho tsona ka botebo haholo. Liketsahalo tsa morao-rao tse tlalehiloeng likoranteng e ne e le tsa mahoohoo a chesang batho ba ntse ba phela ba neng ba nģosoa ka hore ba entse hore lehalima le bolaee batho ba bang ba motse! Lingaka tsa moo tsa litaola li nģosa baqosuoa bana ba se nang molato ka liketso tsena “tseo e seng tsa tlhaho” ’me ba ba tlamella sefateng hore ba chesoe. Ho lumela boloi kapa liketso tsa matla a phahametseng a tlhaho ho joalo ka ho tšoanang ke borapeli ba bademona.
Leha ho le joalo, boloi ha boa fella feela Afrika. Ka 1985, Herbert D. Dettmer, ha a ne a sebeletsa kahlolo ea hae setsing sa khalemelo Virginia, U.S.A., o ile a neoa tokelo ke Lekhotla la Setereke la Setereke se ka Bochabela sa Virginia hore a fumane liaparo le thepa e le hore a ka sebelisa bolumeli ba hae chankaneng. ’Me bolumeli ba hae e ne e le bofe? Ho ea ka tlaleho ea lekhotla, e ne e le setho sa “Kereke ea Wicca (e tsebisahalang haholo e le boloi).” Ka baka leo, borapeling ba hae, Dettmer o ne a e-na le tokelo ea molao ea ho sebelisa sebabole, letsoai la leoatle, kapa letsoai le se nang iodine; likerese; mokubetso; sesupa-nako se seholo se hlabang mokhosi ha se beetsoe nako; le seaparo se selelele se habu-habu se sesoeu.
E, ho ea ka lipontšo, boloi bo atile haholo ka Bophirima. Koranta ea Brithani Manchester Guardian Weekly e ile ea tlaleha: “Lilemong tse hlano tse fetileng, ho ne ho nahanoa hore ho na le baloi ba ka bang 60 000 Brithani: baloi ba bang ba hakanya hore kajeno [1985] palo e phahametse ho 80 000. Tokollo ka ’ngoe ea makasine e tsoang ka khoeli le khoeli ea bolepi le boloi, Prediction, e tsamaisoa ka likopi tse 32 000.”
Bosatane le ’Mino
Moprofesa Russell, bukeng ea hae Mephistopheles—The Devil in the Modern World, o re hlokomelisa ka tsela e ’ngoe eo ka eona ho ntšetsoang pele merero ea Satane. Oa ngola: “Bosatane bo pepenene bo ile ba fela ka potlako kamorao ho bo-1970, empa metsoako ea litumelo tsa Bosatane e ile ea tsoela pele ho kenella ho bo-1980 ka ’mino oa rock o nang le morethetho o boima ka lithapelo tsa oona tse kenellang nako le nako tsa lebitso la Diabolose le tlhompho e matla bakeng sa litekanyetso tsa Bosatane tsa sehlōhō, lithethefatsi, bobe, ho tepella kelellong, ho ikhotsofatsa ho tlōla tekanyo, pefo, lerata le pherekano, le ho hloka thabo.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Mohlomong libini tse ileng tsa kenyelletsa metsoako ea Bosatane ’minong oa tsona li ne li sa nka taba ka botebo bo boholo. Mohlomong li ne li mpa li leka ho nyarosa kapa ho etsa ntho e sa tloaelehang. Leha ho le joalo, batho ba bang ba khahloang feela ba ile ba ameha ka matla. Moprofesa Russell o hlokomela hore “boitsebiso boo e kang ke bosoasoi bo sebelisoang hohle nako le nako bakeng sa bobe bo bile le liphello tse senyang likelellong tse sethoto le tse fokolang. Phello e ’ngoe e bile litlōlo tsa molao tse se nang boitšoaro tse tlang ka potlako e sisimosang, ho akarelletsa ho tlatlapa bana le ho holofatsa liphoofolo.”
Taba ea haufi tjena e ile ea sisimosa batho ba New York. Ho ea ka tlaleho ea koranta, moshanyana ea lilemo li 14, “a hlasetsoe ke Bosatane,” a bolaea ’m’ ae ka thipa eaba joale oa ipolaea. Moeletsi oa malapa oa Canada, joaloka ha ho tlalehiloe makasineng ea Maclean’s, o boletse hore palo e ntseng e eketseha ea bacha ba tšoenyehileng e ipoletse hore e sebelisa “bosatane, hangata e bo kopantse le lithethefatsi le metsoako e hatellang haholoanyane ea ’mino oa rock o nang le morethetho o boima.”
Hase Mokhoa Feela o Keneng ka Sekhahla
Mokhoa o keneng ka sekhahla o haolang United States hona joale o bitsoa tsela ea lipuisano. Hangata batho ba lefa liranta tse makholo-kholo ho kopanela mananeong ao ho ’ona “mocha oa puisano,” ke hore “senohe” sa mosali (mecha ea puisano hangata ke basali) se ipolelang hore se buisana le moea oa motho eo e leng khale a shoele. Tabeng ea mocha o mong, likoranta li ile tsa tlaleha hore mananeo a lipuisano a boleloa “nako le nako ka libaka tse metseng e tšeletseng e kopantsoeng hammoho moeeng ka thelevishene ho bontša ntho e le ’ngoe ho batho ba likete ka nako e tšoanang.” Mokhoa ona o mocha ke o bontšang ka ho totobetseng ho se utloe keletso ea Bibele ea ho qoba linohe le lilaoli. Kahoo, ke mofuta oa borapeli o ka tsebahatsoang le borapeli ba bademona. ’Me joaloka litšebelisano tsohle tse etsoang le meea, o theiloe leshanong la bosatane la hore moea oa motho ha o shoe.—Moeklesia 9:5; Ezekiele 18:4, 20.
Tšusumetso ea Diabolose Lefatšeng le Tletseng Lehloeo
Boemo bo sisimosang ba batho lekholong lena la bo20 la lilemo bo etsa hore re ipotse hore na tšusumetso ea Satane ha ea fetela pejana ho feta moo. Moprofesa Russell o ama sena ha a re: “Hona joale, ka pokello ea lihlomo tsa nuclear eo ho hakanngoang hore e ngata ka makhetlo a mashome a supileng ho feta e hlokahalang ho bolaea sebopuoa se seng le se seng se phelang lefatšeng, ka manganga re lokisetsa ntoa e sa tl’o ba le molemo ho motho ofe kapa ofe, sechaba, kapa khopolo empa e tla ahlolela ba likete tsa limillione lefung le tšabehang. Ke matla afe a ntseng a re susumeletsa tseleng eo letsatsi le letsatsi e ipakang hore e kotsi? Timetso ea nuclear ea lefatše e tla ba molemong oa mang? E tla ba feela molemong oa matla ao ho tloha qalong ka sehlōhō le ka lonya tse sa lekanngoeng a ratileng ho timetsa bokahohle bo hlophisitsoeng.”
Matla ao ke mang kapa ke eng? Moprofesa o fana ka karabo ea hae ka mantsoe ana: “Diabolose o hlalositsoe e le moea o batlang ho etsa lefeela le ho senya bokahohle bo hlophisitsoeng ba Molimo ho isa moo matla a hae a fellang teng. Na matla a re phehellang hore re sebelise lihlomo tsa nuclear hase ’ona matla ao kamehla a ’nileng a loanela ho iphapanya hore hase ’ona a etsang joalo? Tlokotsing ena e fetisisang ea lefatše la rōna, re ke ke ra iphapanyetsa monyetla oa hore e ka ’na eaba ke ’nete ho joalo.” Ka sebele Bakreste ha ba iphapanyetse monyetla oo! Jesu ka boeena o ile a bontša tšusumetso e khōlō ea Satane lefatšeng lena ha A mo bitsa “morena oa lefatše lena.” (Johanne 12:31) Ha e hlalosa boikutlo ba kelello ea Satane kajeno, buka ea Tšenolo e re ‘o halefile haholo ka ho tseba hore nako ea hae ha e sa le ekae.’ (Tšenolo 12:12) Ha e bua ka seo Satane a lekang ho se finyella mehleng ea rōna, buka eona eo e bolela hore o sebelisa mashano a bodemona a boleloang hohle khahlanong le babusi ba lefatše lena ho ba “memela ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” (Tšenolo 16:14) Che, re ke ke ra latola tšusumetso ea Satane Diabolose ha re leka ho utloisisa lebaka la tsela ea bohlanya ea batho ea ho itimetsa.
Moapostola Pauluse o ile a bitsa Satane “morena ea busang matla a sebaka, e leng moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele,” hape a mo bitsa “molimo oa lefatše lena.” (Ba-Efese 2:2; 2 Ba-Korinthe 4:4) Hase ho makatsang hakaalo hore e be ba bangata ba botsa hore na lihlōhō tsohle tsa mehla ee e “tsoetseng pele” thutong ea mahlale—lintoa tse peli tsa lefatše, boiteko ba ho felisa lichaba tse ling Europe le Kampuchea, litlala tse susumetsoang ke lipolotiki Afrika, likarohano tse tebileng tsa lefatše ka bophara tsa bolumeli le tsa merabe, lehloeo, lipolao, litlhokofatso tse hlophisitsoeng, ho silafatsoa ha batho ho etsoang ka tlōlo ea molao ka lithethefatsi, ho bolela tse seng kae feela—na e be ha li latele polane e khōlō ea matla a mang a maholo, matla a bobe a sekametseng ho tloseng batho ho Molimo ’me mohlomong le ho isa ho ipolaeeng ha lefatše lohle.
E be joale Satane ke mang? Hantle-ntle o habile hokae? Rōna re le batho ka bomong re ka etsa’ng ka hona? Re u mema hore u nahane ka puisano ea lipotso tsena lihloohong tse peli tse latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Le hoja ba qoba ’mino oa bosatane, batho ba Molimo ba batla boikhathollo bo hahang