Bana ba Nyametseng—Tlokotsi ee e Jele Setsi Hakae?
‘NGOAN’A KA O NYAMETSE!’
Ho ka ba le mabaka a mangata a tsieleho a etsang hore batsoali ba bangata ba bue mantsoe ana. Le hoja kakaretso e tobileng ea bana ba nyametseng malapeng a habo bona lefatšeng ka bophara e sa tsejoe hantle, re ka ithuta kamoo tlokotsi ena e jeleng setsi kateng litlalehong tse phatlalalitsoeng tse tsoang linaheng tse ngata.
UNITED STATES, ho tloha ho bana ba 500-000 ho isa ho ba fetang 1 000 000, ho itšetlehile ka hore na ba oela sehlopheng sefe, ba ngolisitsoe e le ba nyametseng malapeng a habo bona selemo le selemo. Mohlomong ba nyamela ka nako e khutšoanyane kapa ba nyamella ruri. Engelane e tlaleha hore bana ba ka bang 100 000 ba nyamela selemo le selemo, le hoja ba bang ba bolela hore palo eo e phahame haholoanyane. Naha eo pele e neng e le Soviet Union e boletse ka bana ba likete tse mashome e le ba nyametseng. Ho boleloa hore Afrika Boroa palo ena e feta 10 000. ’Me Latin America, bana ba limilione ba talimane le tlokotsi ena.
’Muelli oa Litaba tsa ka Har’a Naha oa Italy o bontšitse boholo ba bothata bona moo ha a ne a ngola ho L’Indipendente: “Ba tloha lapeng ka letsatsi le tšoanang le a mang. Ba ea sekolong kapa ho ea bapala, empa ha ba khutle. Baa nyamela, ba fela joaloka mouoane. Litho tsa lelapa li ba batla li se na tšepo, empa ho na le mehlala e lerootho, menyenyetsi e sa lekanang, e seng mekae—le lipaki tse boneng ka mahlo—tse sa tiisehang.”
Phuputso ea morao-rao e entsoeng United States mabapi le boholo ba bothata bona e senotse hore sehlooho se reng, “bana ba nyametseng” ha e le hantle, se akarelletsa likarolo tse ngata. Karolo e ’ngoe ke ea bana ba koeteloang ke batho ba sa tsejoeng. E ’ngoe ke ea bana ba koeteloang ke motsoali, joaloka tabeng ea tokelo ea molao ea ho nka ngoana. Joale ho teng bana ba lahloang, bana ba sa batloeng ke batsoali kapa bahlokomeli. Joale ho teng karolo e ’ngoe e khōlō, bana ba balehang lapeng. ’Me ho teng ba lahlehang kapa bao ka tsela e itseng ba arohanang le malapa a habo bona lihora tse ’maloa feela kapa matsatsi a se makae—boholo ke bana ba sa beng teng lapeng ka nako eo ho lumellanoeng ka eona kapa bana bao ka phoso batsoali ba bona ba sa utloisisang boikemisetso ba bona. Ke ka seoelo haholo bana ba nyamellang ruri.
Leha ho le joalo, ke’ng se etsahallang bana ba nyametseng likarolong tse ling tse tebileng haholoanyane? Ke hobane’ng ha tlokotsi ena e etsahala? Tokollo ena ea Tsoha! e hlahloba litšobotsi tse fapaneng tsa tlokotsi ena le ho arabela potso, E tla fela neng?