Ha Bana ba Koeteloa ke Batho Bao ba sa ba Tsebeng
“RE KŌPA HORE LE RE THUSE HO MO BATLA. KA KŌPO HLE, THUSANG SARA HLE!”
Sello sena sa phohomela e ne e le sa batsoali ba babeli ba tsielehileng ba ileng ba bontšoa thelevisheneng hohle United States boitekong ba ho fumana morali oa bona ea lilemo li 12, Sara Ann Wood. E ne e se e le libeke tse tharo a koetetsoe a le tseleng ea sebakeng sa mahae ha a khutlela lapeng ka baesekele.
LETŠOELEHALI le hlophisitsoeng le ile la tsoa letšolo ho batlana le mehlala ea ngoanana ea nyametseng morung, masimong le matšeng a haufi. Ka nako e tšoanang, Tina Piirainen, motsoali e mong ea tsielehileng toropong e haufi, le eena o ile a hlahella thelevisheneng a etsa boipiletso mabapi le morali oa hae ea nyametseng. Tseleng e fetang morung, Holly ea lilemo li leshome o ile a nyamela nakong e ka tlaase ho hora. Hamorao setopo sa hae se ile sa fumanoa tšimong e ’ngoe.
Bophelo ba batsoali ba bana ba nyametseng ke phihlelo e bohloko ka ho fetisisa. Letsatsi le letsatsi ba loana le ho se tsebe hantle hore na ngoana oa bona o sa phela, kapa o ntšitsoe kotsi ’meleng, kapa o hlekefelitsoe ka likamano tsa botona le botšehali, kapa o shoele, joaloka tabeng ea Ashley. Ashley o ne a ile le lelapa labo ho ea shebella moholoane oa hae tlhōlisanong ea papali ea bolo. Ka ho felloa ke thahasello, o ile a ea lebaleng la lipapali tsa bana—’me a nyamella ruri. Hamorao, setopo sa Ashley se ile sa fumanoa tšimong e haufi. O ne a khanngoe.
Phihlelo e Tšosang
United States, selemo le selemo, malapa a 200 ho isa ho a 300 a tla ba le phihlelo ena e tšosang ea ho koeteloa ha ngoana mohlomong le ho se hlole a bona ngoana eo hape a phela. Le hoja manane a fokola haholo ha ho bapisoa le litlōlo tse ling tsa molao tsa pefo tse etsoang, letšoho le tšabo li nametse lichabeng tsohle ’me li ama batho ba likete. Ka ho makala baa ipotsa, ‘Ho tla joang hore tlokotsi e tjena e etsahale mona? Na ngoana oa ka ke eena ea latelang?’
United States, lenane la selemo le selemo la litlaleho tsa bana ba koetetsoeng le mahareng a 3 200 le 4 600. Ba etsang likarolo tse peli kapa ho feta ba hlaseloa ka likamano tsa botona le botšehali. Ernest E. Allen, mopresidente oa Setsi sa Sechaba sa Bana ba Nyametseng le ba Tšoeroeng Hampe, o ile a hlokomela: “Lebaka la sehlooho ke likamano tsa botona le botšehali, li lateloe ke boikemisetso ba ho bolaea.” Hape, ho latela Lefapha la Toka, ho tlalehoa liketsahalo tse ling tse fetang 110 000 tsa boiteko ba ho koetela selemo le selemo, tseo boholo li etsoang ke bo-ramakoloi, hangata e le banna, ba lekang ho hohela ngoana hore a palame koloi ea bona. Linaha tse ling le tsona li thulana le leqhubu la pefo khahlanong le bana.
Na Sechaba se Jara Molato?
Mabapi le ho bolaea ngoana, mofuputsi oa Australia o bontša hore “hase ketsahalo e itlhahelang feela tjee.” Paul Wilson, bukeng ea hae Murder of the Innocents—Child-Killers and Their Victims, o bolela hore “babolai hammoho le babolauoa ba tšoasehile boemong bo mpefalitsoeng ke sechaba ka bosona.”
Ho ka ’na ha bonahala ho makatsa ho nahana hore sechaba se ka ’na sa ikarabella tlokotsing ena, kapa bonyane sa kenya letsoho ho eona, kaha batho ba bangata ba nka tšoaro e mpe ea bana le ho ba bolaea e le ketsahalo e sisimosang. Leha ho le joalo, lichaba tse tsoetseng pele moruong, esita le tse sa tsoelang pele hakaalo, li tletse lifilimi, lipale tsa TV, le boitsebiso bo baloang bo phahamisang likamano tsa botona le botšehali le pefo.
Hona joale ho na le lifilimi tsa bootsoa tse ngata le ho feta tse bontšang litšoantšo tse pepesang likamano tsa botona le botšehali tse hlahisang bana esita le batho ba baholo ba aparang joaloka bana. Lifilimi tsena li bontša likamano tsa botona le botšehali ka ho hlakileng esita le pefo e akarelletsang bana. Wilson o tsoela pele ho bontša bukeng ea hae hore ho na le lihlooho tsa lifilimi tse kang Death of a Young One, Lingering Torture, le Dismembering for Beginners. Pefo ee e sehlōhō le litšoantšo tsa bootsoa li shebelloa ke batho ba bangata hakae? Ke indasteri ea lidolara tse libilione!
Litšoantšo tsa pefo le bootsoa li na le tšusumetso e matla haholo bophelong ba batho ba tšoereng bana hampe. Motlōli oa molao oa likamano tsa botona le botšehali ea ahlotsoeng ea ileng a bolaea bashemane ba banyenyane ba bahlano o ile a lumela: “Ke mosodoma ea bileng le likamano tsa botona le botšehali le bana ea ahlotsoeng ka lebaka la ho bolaea, ’me libuka le litšoantšo tsa bootsoa e bile lebaka le ikarabellang bakeng sa ho oa ha ka.” Moprofesa Berit Ås, oa Univesithi ea Oslo, o hlalosa phello eo libuka le litšoantšo tsa bootsoa li bileng le eona: “Re entse phoso e khōlō bofelong ba lilemo tsa bo-1960. Re ne re lumela hore libuka le litšoantšo tsa bootsoa li tla nka sebaka sa tlōlo ea molao ea botona le botšehali ka ho bulela batlōli ba molao ba likamano tsa botona le botšehali, ’me re ile ra tlosa lithibelo. Joale rea tseba hore re ne re fositse: libuka le litšoantšo tse joalo tsa bootsoa li tšehetsa litlōlo tsa molao tsa likamano tsa botona le botšehali. Li etsa hore motlōli oa molao a nahane, ‘Haeba nka shebella sena, ho lokile ho se etsa.’”
Ho tsosoa ha takatso ea motho e moholo ho ba matla haholo ha a ntse a fetoha lekhoba la libuka le litšoantšo tsa bootsoa. Ka lebaka leo, ba bang ba rata ho sebelisa mahahapa kapa pefo ho fumana bana bakeng sa tšebeliso ea bona e mpe, ho akareletsa peto le polao.
Ho na le lisosa tse ling tsa ho koetela bana. Linaheng tse ling sena se eketsehile ka lebaka la maemo a mabe a moruo. Ka lebaka la ho hoheloa ke lichelete tse phahameng tsa thekollo tse lefuoang ke malapa a barui, bakoeteli ba shebile bana. Selemo se seng le se seng masea a mangata a utsuoa le ho rekisetsoa sehlopha sa linokoane tse a isang kantle ho naha.
Ke bo-mang ba etsang karolo e khōlō ea bana ba nyametseng? Ba etsahalloa ke’ng? Lihlooho tse peli tse latelang li tla tšohla taba ena.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Bana ba Limilione ba Matekatse
Ho latela Machaba a Kopaneng, hoo e ka bang bana ba limilione tse leshome, bao boholo ba leng linaheng tse hōlang moruong, ba qobelletsoe botekatseng, ’me boholo ba bona ke ba koetetsoeng. Mosebetsi ona o nyonyehang o eketsehile Afrika, Asia, le Latin America hammoho le ho eketseha ha bohahlauli bo tsoang linaheng li sele. Libakeng tse ling, ho bahahlauli ba limilione, haholo-holo ba tsoang linaheng tse ruileng, hoo e ka bang likarolo tse peli ho tse tharo ke “bahahlauli ba botona le botšehali.” Empa nako ea ho ikarabella e haufi, kaha litlōlo tsa batho li le “pepeneneng, li bonahala mahlong a hae, eena eo re tla ikarabella ho eena,” Jehova Molimo.—Ba-Heberu 4:13, Bibele Phetolelo e Ncha.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ke phihlelo e tšosang ha ngoana a koetetsoe