Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 7/8 maq. 12-15
  • U ka Etsa Eng ka Moea oa Lehano o Nkhang Hampe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa Eng ka Moea oa Lehano o Nkhang Hampe?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Eng se Tsejoang ka Moea oa Lehano o Nkhang Hampe?
  • “Lumela! Moea oa Lehano la Hao o Nkha Joang?”
  • Kamoo U ka Thibelang Moea oa Lehano o Nkhang Hampe
  • Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa ho ea Ngakeng ea Meno?
    Tsoha!—2007
  • Lefu la Marenene​—⁠Na U Kotsing ea ho Tšoaroa ke Lona?
    Tsoha!—2014
  • Kamoo Likokoana-hloko Tseo Tse Manganga li Boeang Sekoele
    Tsoha!—2003
Tsoha!—1995
g95 7/8 maq. 12-15

U ka Etsa Eng ka Moea oa Lehano o Nkhang Hampe?

Ho boleloa hore ke e ’ngoe ea lintho tseo batho ba tloaetseng ho tletleba ka tsona lefatšeng, eo ka linako tse sa tšoaneng e hlaselang batho ba etsang karolo e ka holimo ho 80 lekholong ea batho ba baholo. E ka baka masoabi, ho ferekana le tsieleho.

HO LINGAKA, e tloaelehile haholo e le halitosis, ho tsoa lentsoeng la Selatine halitus, le bolelang “moea,” le kutu -osis, e bolelang boemo bo sa tloaelehang. Ba bang ba boetse ba e bitsa lehano le nkhang. Empa batho ba bangata ba e tseba habonolo feela e le moea oa lehano o nkhang hampe!

Na u na le moea oa lehano o nkhang hampe? Le hoja u ka se be le bothata tabeng ea ho utloa hore batho ba bang ba na le moea oa lehano o nkhang hampe, ho ka etsahala hore u se khone ho ikutloa hore moea oa lehano la hao o nkha hampe. Koranta ea American Dental Association, JADA, e hlalosa hore re sekamela ho tloaela monkho o mobe oa moea oa lehano la rōna hoo esita le batho ba nang le “moea oa lehano o nkhang hampe ka ho fetisisa ba ka ’nang ba se ikutloe hore ba na le bothata boo.” Kahoo, bongata ba rōna re elelloa hore re na le moea oa lehano o nkhang hampe hafeela e mong a re bolella. Ho soabisa hakaakang!

’Nete ea hore ke bothata bo tloaelehileng ha e tšelise. Moea oa lehano o nkhang hampe hangata o nkoa o nyontša ebile ha o amohelehe. Maemong a mang, o ka ba oa baka pherekano e tebileng ea maikutlo. Dr. Mel Rosenberg, hlooho ea Laboratory of Oral Microbiology Univesithing ea Tel Aviv, Iseraele, oa hlalosa: “Lehano le nkhang hampe, ebang ke ntho ea sebele kapa ke e inahaneloang, le ka baka ho khesoa sechabeng, tlhalo, esita le ho nahana ho ipolaea.”

Ke Eng se Tsejoang ka Moea oa Lehano o Nkhang Hampe?

Ke khale lingaka li hlokometse hore moea oa lehano o nkhang hampe ke pontšo ea bophelo bo seng botle. Ka lebaka lena, ho tloha mehleng ea boholo-holo lingaka li ’nile tsa ithuta menkho ea lehano la motho.

Hoo e ka bang lilemo tse makholo a mabeli tse fetileng, setsebi sa metsoako se tummeng sa Lefora Antoine-Laurent Lavoisier se ile sa qapa sesebelisoa sa ho hlahloba moea oa lehano bakeng sa ho ithuta lintho tse fumanehang moeeng oa lehano la motho. Ho tloha ka nako eo, bo-rasaense ba qapile lisebelisoa tse ntlafalitsoeng. Kajeno, lilaboratori tsa Canada, Iseraele, Japane le Netherlands li ’nile tsa sebelisa halimeter, e lekanyang tekanyo ea menkho e mebe ea lehano. New Zealand, bo-rasaense ba qapile litsi tsa ho hōlisa plaque, tse boetseng li tsejoang e le lehano la maiketsetso. Li tšoana le tikoloho ea lehano la motho, e nang le mathe, plaque, baktheria, esita le moea oa lehano o nkhang hampe.a

Ka thuso ea theknoloji ea kajeno, bo-rasaense ba ithutile ho eketsehileng ka moea oa lehano la rōna. Ka mohlala, ho latela makasine oa Scientific American, “bafuputsi joale ba qollotse metsoako e fellang sebakeng e tsoang ho lintho tse phelang e ka bang 400 moeeng o tloaelehileng oa lehano la motho.” Leha ho le joalo, hase metsoako ena eohle e hlahisang menkho e mebe. Linokoane tse khōlō tabeng ea moea oa lehano o nkhang hampe ke hydrogen sulfide le methyl mercaptan. Ho ’nile ha boleloa hore likhase tsena li etsa hore moea oa rōna o nkhe joaloka nakeli.

Lehano la motho ke lehae la mefuta e fetang 300 ea baktheria. Tufts University Diet & Nutrition Letter e re: “Lehano le lefifi, le futhumetseng, le mongobo, ke tikoloho e phethahetseng ea baktheria e bakang moea o nkhang hampe oa lehano.” Empa ke mefuta e mene feela eo haholo-holo e ikarabellang bakeng sa moea oa lehano o nkhang hampe. E lula lehanong la hao, empa mohlomong ha u e-s’o e tsebe ka mabitso. Eona ke Veillonella alcalescens, Fusobacterium nucleatum, Bacteroides melaninogenicus le Klebsiella pneumoniae. E ja makumane a lijo, lisele tse shoeleng le lintho tse ling ka hanong. Mosebetsi ona oa baktheria o baka likhase tse nkhang serurana. Tšebetso ena e tšoana le se etsahalang ha litšila li bola. Ka ho loketseng, koranta ea meno J Periodontol e hlalosa hore: “Maemong a mangata haholo, halitosis e qala ka hanong, ka lebaka la ho bola ha lintho tse nyenyane [ho senyeha ha lintho tse tsoang ho tse phelang].” Ha e sa hlokomeloe, tšebetso ena e ka etsa hore meno a bole kapa ea baka lefu la marenene.

“Lumela! Moea oa Lehano la Hao o Nkha Joang?”

Tšebetso ena ea ho bola ka hanong e eketseha ha motho a khalehile. Hobane’ng? Motšehare, lehano le lula le hlatsuoa ke mathe a tletseng oxygen a nang le asiti e nyenyane. Leha ho le joalo, tlhahiso ea hora le hora ea mathe e fokotseha ka makhetlo a ka bang 1/50 ho a tloaelehileng ha motho a khalehile. Joalokaha makasine o mong o hlalosa, lehano le ommeng “le fetoha letangoana le litšila la baktheria e fetang limilione tse likete tse 1 600,” e leng ho bakang “moea oa lehano oa hoseng” o tsamaisanang le lehano le bosula.

Ho fokotseha ha mathe ho ka boela ha bakoa ke khatello kelellong nakong ea ha u tsohile. Ka mohlala, sebui sa phatlalatsa se tšohileng se ka ba le lehano le ommeng ha se bua ’me sa qetella se e-na le halitosis e tebileng. Ho oma ha lehano e boetse ke phello e kotsi kapa ke letšoao la mafu a mangata.

Empa moea oa lehano o nkhang hampe hase kamehla o bakoang ke baktheria ka hanong. Ha e le hantle, moea o nkhang hampe oa lehano hangata ke letšoao la maemo a mangata le mafu. (Bona lebokose le leng leqepheng la 13.) Ka lebaka lena, haeba moea oa lehano o nkha hampe ka tsela e phehellang e ke keng ea hlalosoa, ho molemo ho batla tlhokomelo ea bongaka.

Moea oa lehano o nkhang hampe o ka boetse oa qala ka mpeng. Leha ho le joalo, ho fapana le tumelo e tloaelehileng, sena se etsahala ka seoelo. Hangata haholo, menkho e meng e mebe e fihla lehanong la hao e tsoa matšoafong. Joang? Ka mor’a hore lijo tse ling, tse kang konofole kapa anyanese li siloe, li kena maling ’me li isoa matšoafong. Menkho ea tsona joale e phefumoloheloa ka ntle ka peipi e amanang le ho hema ho kena le ho tsoa ka hanong le ka nkong. Ho latela makasine oa Health, “liphuputso li bontšitse hore batho ba ba le moea oa lehano o nkhang konofole esita le ha likotola tsa eona li ka pikitlelloa ka tlas’a maoto kapa ba li koenya ba sa li hlafuna.”

Ho noa lino tse nang le tahi ho tla boetse ho kenye monkho oa tahi maling a hao le matšoafong. Ha sena se etsahala, ha ho letho leo o ka le etsang ha e se feela hore u lete. Menkho e meng ea lijo e tla lula ’meleng oa hao ka lihora tse ka bang 72.

Kamoo U ka Thibelang Moea oa Lehano o Nkhang Hampe

Moea oa lehano o nkhang hampe ha o felisoe feela ke ho hlafuna senkhisa lehano hamonate se kang pompong. Hopola hore hangata moea oa lehano o nkhisoa hampe ke libaktheria tse ka hanong. Kamehla motho o lokela ho hopola hore likarolo tse nyenyane tsa lijo tse salang ka hanong li etsetsa libaktheria tse limilione mokete oa semetletsa. Ka hona, tsela e ’ngoe ea bohlokoa ea ho loantša moea oa lehano o nkhang hampe ke ho boloka lehano la hao le hloekile, kahoo u fokotsa palo ea libaktheria. Sena se etsoa ka hore kamehla u tlose likarolo tsa lijo le plaque menong a hao. Joang? Ho hlatsoa meno a hao ka mor’a lijo le pele u robala ke habohlokoa. Empa ho hlatsoa meno ke o mong oa mehato.

Ho na le libaka tse ling tsa meno tse sa fihleloeng ke borashe. Kahoo ho sebelisa khole e kenngoang pakeng tsa meno ho ntša litšila hang ka letsatsi ke habohlokoa haholo. Litsebi li boetse li buella ho hlatsoa leleme la hao ka mokhoa o bonolo ka borashe, kaha ke sebaka se ratehang seo baktheria e ipatang ho sona ’me e qhotsetsa teng. Ho hlahloba meno kamehla le ho tlosoa lekhakhapha la meno ke ngaka ea meno le hona hoa hlokahala. Ho se etse leha e le efe ea mehato ena ho ka fella ka moea oa lehano o nkhang hampe ’me qetellong ha fella ka lefu le tebileng la meno kapa la marenene.

Ho na le mehato ea nakoana e ka nkoang bakeng sa ho nchafatsa lehano la hao. Noa metsi, hlafuna chunkama e se nang tsoekere—etsa ntho e ’ngoe e tla eketsa mathe a hao. Hopola hore mathe a sebetsa joaloka metsi a hlatsoang lehano ’me a hlatsoa baktheria le ho etsa hore ho be le tikoloho e sa lumellaneng le eona.

Lintho tsa khoebo tse hlatsoang lehano lia thusa, empa liphuputso tsa morao-rao li bontša hore ha ua lokela ho itšetleha ka tsona ka ho feletseng ha u loantša moea oa lehano o nkhang hampe. Ha e le hantle, ho khakhatsa ka lintho tse hlatsoang lehano tse nang le tahi ho ka baka ho omella ha lehano. Lihlahisoa tse ling tse atlehang tse hloekisang lehano tse ka fumanoang ke moreki li fokotsa plaque ka karolo e etsang 28 lekholong feela. Kahoo ka mor’a ho hlatsoa hantle ka ntho eo u e ratang e hlatsoang lehano, ka hanong u ntse u e-na le karolo e etsang 70 lekholong ea libaktheria tsa pele. Makasine oa Consumer Reports o hlalosa hore litekong tse ’maloa, “lehano le ile la boela la nkha hampe ka nako e ka etsang metsotso e leshome kapa hora ka mor’a ho le hlatsoa” ka ntho e hlatsoang lehano. Esita le lintho tse matla tse hlatsoang lehano, tse fumanehang linaheng tse ngata ka taelo ea ngaka, li fokotsa plaque ka karolo ea 55 lekholong feela. Ka lihora tse seng kae, baktheria e khutlela palong ea eona ea pele.

Ka ho hlakileng, tabeng ea ho thibela moea oa lehano o nkhang hampe, re lokela ho qoba boikutlo ba ho se tsotelle. Ho e-na le hoo, u lokela ho tšoara lehano la hao le meno e le lithulusi tsa bohlokoa tse hlokang hore li ’ne li hlokomeloe khafetsa. Babetli ba mapolanka le bo-mak’henike ba nang le boikarabelo ba sireletsa lithulusi tsa bona khahlanong le mafome, ho senyeha, le kotsi e ’ngoe ka ho latela mekhoa e tobileng ea ho boloka thepa e sebetsa ka mor’a ho qeta mosebetsi o mong le o mong. Meno a hao le lehano la hao li bohlokoa ho feta lithulusi leha e le life tse entsoeng ke motho. Kahoo li boloke li sebetsa ’me u li hlokomele ka mokhoa o li tšoanetseng. Ka ho etsa sena, u tla fokotsa moea oa lehano o nkhang hampe, o bakang ho ferekana le masoabi. Habohlokoa ka ho fetisisa, lehano la hao le tla hloeka haholoanyane ’me e be le phetseng hantle haholoanyane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Plaque ke motsoako o khomarelang o bang teng ka holim’a leino. O entsoe haholo ka baktheria e ka ntšang meno a hao le marenene kotsi.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Ke Eng se Bakang Moea oa Lehano o Nkhang Hampe?

Mona ho latela maemo a mangata, mafu le litloaelo tse ka bakang moea oa lehano o nkhang hampe:

Lefu la matšoafo

Ho ruruha ho sa foleng ha lera la mpa

Lefu la tsoekere

Ho noa lino tse nang le tahi

Ho omella lehano

Empyema

Ho bohla

Lefu la marenene

Hiatal hernias

Liphio tse sa sebetseng

Lefu la sebete

Ho ilela khoeli

Liso ka hanong

Ho tsoa ha lehe la mosali

Tlhokomelo e fokolang ea lehano

Bohloko ba mahanana

Ho tsuba koae

Mefuta e meng ea kankere

Mefuta e meng ea meriana

Leino le bolileng

Lefuba

Maqeba a bakiloeng ke ho buuoa ka hanong

[Lebokose le leqepheng la 14]

Leleme la Hao le Lona le Hloka Tlhokomelo

E-ea seiponeng se haufinyane, ’me u shebisise leleme la hao. Na le tletse mapatso a mangata a manyenyane? Sena se tloaelehile. Empa mapatso ana a leng karolong e ka holimo ea leleme la hao a ka fetoha sebaka se sireletsehileng bakeng sa libaktheria tse limilione. Ha e sa sitisoe, baktheria e ka baka bothata bo phehellang ba moea oa lehano o nkhang hampe le maemo a mang ao eseng a bophelo bo botle. Leha ho le joalo, hangata batho ba hlokomoloha leleme ha ba hlokomela lehano.

Kamehla lingaka tsa meno li buella ho sebelisa borashe bo nang le meno a bonolo karolong e ka holimo ea leleme e le pheko bakeng sa halitosis. Litsebi tse ling li buella ho sebelisa sefalo sa leleme. India, batho ba ’nile ba sebelisa lifalo tsa leleme melokong e mengata e le tsela ea ho felisa moea oa lehano o nkhang hampe. Lilemong tse ngata tse fetileng li ne li entsoe ka tšepe, empa kajeno lifalo tsa polasetiki li tloaelehile haholo. Libakeng tse ling, u ka ’na ua tlameha ho bona ngaka ea hao ea meno e le hore u ka fumana sefalo.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tlhokomelo e molemo ea lehano e akarelletsa ho sebelisa khole e kenngoang pakeng tsa meno ho a hloekisa haesita le ho hlatsoa meno le leleme ka borashe

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]

Life

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela