Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 9/8 leq. 17
  • ’Muelli a le Mong ha ba Bang ba Khutsitse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muelli a le Mong ha ba Bang ba Khutsitse
  • Tsoha!—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liketso Tse Khopo Tsa Bonazi Lia Pepesoa
    Tsoha!—1995
  • Na Polao e Sehlōhō e ka Etsahala Hape?
    Tsoha!—2001
  • Polao e Sehlōhō—E, e Hlile ea Etsahala!
    Tsoha!—1989
  • “Nako ea ho Khutsa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 9/8 leq. 17

’Muelli a le Mong ha ba Bang ba Khutsitse

LILEMO tse 50 tse fetileng sebatana se tšabehang se ile sa bolaoa. Qetellong ha lefatše le bula kharetene ho sheba Puso ea Bonazi e hlōtsoeng, e ne e le pono e tšabehang e tšosang haholo hore e ka utloisisoa. Masole hammoho le batho ba neng ba se ntoeng, ka ho tšoanang ba ne ba ka sheba feela ba khutsitse ka tšabo e khōlō mesaletsa e tšosang ea polao ea bobatana e tšabehang.

Mathoasong a selemo sena batho ba likete-kete ba ile ba ketekela selemo sa bo50 sa tokoloho likampong tsa mahloriso ka hore ka khutso ba tile fatše libakeng tsa tsona tseo e leng masupi. Ba ile ba ikitlaetsa ka matla hore ba utloisise boholo ba tlōlo eo ea molao. Ho makatsang, ba ka bang 1 500 000 ba ne ba bolaetsoe kampong ea mahloriso ea Auschwitz feela! E ne e le nako ea ho khutsa, nako ea ho nahanisisa ka sehlōhō sa motho ho motho e mong. Lipotso tse tšoenyang li ile tsa tsosoa ke ho bona lionto tse seng li bata, liahelo tsa sesole tse se nang letho, ho pholletsa le lithaba tse khutsitseng tsa lieta tse hapiloeng.

Kajeno ho na le tšabo e khōlō; ho na le khalefo. Polao e Sehlōhō, eo nakong ea eona ba limilione tse ngata ba ileng ba bolaoa ka ho feletseng, e senola seo Bonazi bo khopo bo neng bo le sona. Empa ho thoe’ng ka nako eo e neng e etsahala? Ke bo-mang ba ileng ba bua ka sebete? Ke bo-mang ba sa kang ba bua?

Ba bangata, ba qalile ho tseba ka lipolao tsa matšoele bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše. Buka Fifty Years Ago—Revolt Amid the Darkness e-ea hlalosa: “Lifoto tse sa sisinyeheng le lifilimi tse bontšang liketsahalo litsing tsa polao le likampong tsa mahloriso tse ileng tsa lokolloa ke Linaha tsa Selekane ka 1944 le 1945 ka lekhetlo la pele li ile tsa tlisetsa sechaba ka kakaretso boemo ba sebele bo tšosang, haholo-holo linaheng tsa bophirimela.”

Leha ho le joalo, esita le pele likampo tsa mahloriso li etsoa, ’muelli e mong o ne a ntse a bolela ka likotsi tsa Bonazi, ka makasine oa Tsoha! e leng makasine oo u o tšoereng. Pele o ne o tsejoa e le The Golden Age ’me oa rehoa lebitso le lecha la Consolation ka 1937. Ho qala ka 1929, limakasine tsena, tse neng li hatisoa ke Lipaki tsa Jehova, ka sebete li ile tsa lemosa ka likotsi tsa Bonazi, li etsa se tumellanong le phatlalatso e sehloohong se kantle, “Koranta ea ’Nete, Tšepo le Khothatso.”

Ka 1939 Consolation e ile ea botsa: “Motho a ka lula a khutsitse joang ka liketso tse tšabehang tsa naheng eo ho eona, joaloka Jeremane, batho ba 40 000 ba se nang molato ba tšoaroang ka nako e le ’ngoe; moo ba 70 ba bona ba ileng ba bolaoa ka bosiu bo le bong teronkong e le ’ngoe; . . . moo mahae, litsi le lipetlele tsohle tsa maqheku, mafutsana, le ba se nang mang oe, le mahae ’ohle a likhutsana bakeng sa bana, li senngoang?”

Ka sebele, motho o ne a ka lula a khutsitse joang? Le hoja lefatše ka kakaretso le ne le sa hlokomele kapa le belaela ka litlaleho tse tšabehang tse tsoang Jeremane le linaheng tseo e neng e li hapile, Lipaki tsa Jehova li ne li ke ke tsa lula li khutsitse. Ke tsona tsa pele tse tsebileng bokhopo ba puso ea Bonazi, ’me li ne li sa tšabe ho bua ka sebete.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]

U.S. National Archives photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela