Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 9/8 leq. 3
  • Ke Phello ea Mahlomola

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Phello ea Mahlomola
  • Tsoha!—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Palo e Hōlang ea Baphaphathehi
    Tsoha!—1996
  • Thusang Baphaphathehi ho ‘Sebeletsa Jehova ka Thabo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lefatše Leo e Tla ba la Habo Motho e Mong le e Mong
    Tsoha!—2002
  • Batho ba Batlang Tšireletseho
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 9/8 leq. 3

Ke Phello ea Mahlomola

KE NTHO e joang ho ba mophaphathehi? Ak’u nahane u phela ka khotso empa ka tšohanyetso bophelo bohle ba hao bo fetoha. Ka bosiu bo le bong, baahisani e ba lira. Masole aa tla a tlil’o hapa le ho chesa lehae la hao. U na le metsotso e leshome feela bakeng sa ho phutha le ho pholosa bophelo ba hao. U ka khona ho nka mokotlana o le mong o monyenyane feela, kaha u tla tlameha ho o jara lik’hilomithara tse ngata. U tla tšela eng ka ho oona?

U tsoa ka har’a melumo e u pota-potileng ea lithunya le liqhomane. U teana le ba bang bao le bona ba balehang. Matsatsi aa feta; maoto a sitoa ho phahama ke tlala le lenyora ’me u khathetse habohloko. Hore u phonyohe, u tlameha ho iqobella ho tsamaea le hoja u khathetse. U robala naheng. U tlala-tlala hohle le naha u batla ho hong hoo u ka ho jang.

U atamela naha e sireletsehileng empa balebeli ba moeling ha ba u lumelle hore u tšele. Ba phenya-phenya mokotlana oa hao ’me ba nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa. U boetse u feta sebakeng se seng sa tlhahlobo joale u tšela moeli. U kenngoa kampong e litšila ea baphaphathehi, e sirelelitsoeng ka terata e metsu. Le hoja u pota-potiloe ke ba bang ba maqakabetsing joaloka uena, u ikutloa u jeoa ke bolutu ’me u tsielehile.

U hlolohetsoe botsoalle ba lelapa le ba metsoalle ea hao. U iphumana u itšetlehile ka ho feletseng ka thuso e hlahang kantle. Ha ho mosebetsi ’me ha ho letho leo u le etsang. U loana le maikutlo a ho felloa ke tšepo, ho nyahama le ho halefa. Ka ho tseba hore mohlomong ho lula ha hao kampong ke ha nakoana, u khathatsehile ka bokamoso ba hao. Etsoe, kampo hase lehae—e tšoana le sebaka sa ho leta kapa sebaka sa ho boloka batho bao ho seng motho ea ba batlang. Ua ipotsa hore na u tla qobelloa ho khutlela morao moo u tsoang teng.

Sena ke seo ba limilione kajeno ba fetang har’a sona. Ho latela United Nations High Commissioner for Refugees (UNHCR), batho ba limilione tse 27 lefatšeng ka bophara ba balehile ntoa kapa ho hlorisoa. Batho ba bang ba limilione tse 23 ba siisitsoe mahae a bona hona linaheng tsa habo bona. Ka kakaretso, motho a le mong ho ba bang le ba bang ba 115 lefatšeng o ’nile a qobelloa ho kena palehong. Bongata ke basali le bana. E le phello ea ntoa le mahlomola, baphaphathehi ba sala ba le mohaung oa lefatše le sa ba batleng, lefatše le ba khesang, e seng ka lebaka la hore na ke bo-mang empa ka lebaka la seo ba leng sona.

Boteng ba bona ke sesupo sa pherekano e khōlō lefatšeng ho pota. UNHCR ea bolela: “Baphaphathehi ke letšoao la ho qetela la likarohano tsa maemo a bophelo. Ke karolo ea ho qetela le e hlaheletseng ka ho fetisisa, letotong la lisosa le liketsahalo tse bontšang bohōle boo maemo a bophelo le a lipolotiki a naha a senyehileng ho isa ho bona. Ha ba talingoa lefatšeng ka bophara, ke sesupo sa boemo bo teng hona joale ba tsoelo-pele ea batho.”

Litsebi li bolela hore bothata bona ke ba tekanyo eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng ’me boa eketseha, ha ho bonahale eka bo tla fela. Ke’ng e lebisitseng boemong bo joalo? Na ho na le tharollo leha e le efe? Lihlooho tse latelang li tla hlahloba lipotso tsena.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

U.S. Navy photo

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Boy on left: UN PHOTO 159243/J. Isaac

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela