Qetellong—’Muso o Tlang ho Felisa Tlōlo ea Molao
BIBELE e ile ea bolela esale pele hore mehleng ea rōna batho e ne e tla ba “baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo.” (2 Timothea 3:2, 3) Batho ba mofuta o joalo ba etsa litlōlo tsa molao.
Kaha ke batho ba etsang litlōlo tsa molao, tlōlo ea molao ea fokotseha ha ba ntlafatsa. Empa ha ho mohla ho kileng ha e-ba bonolo ho batho ho ntlafatsa. Kajeno ho thata ho feta leha e le neng pele, kaha ho tloha ka 1914, nako e ileng ea fumanoa ka ho latela tatellano ea liketsahalo tsa Bibele, re ’nile ra phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho. Joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele, mehla ena e khetholloa ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Linako tsena tse mahlonoko li bakoa ke Satane Diabolose, motlōli oa molao e moholo ka ho fetisisa, ea ‘halefileng haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.’—2 Timothea 3:1; Tšenolo 12:12.
Sena se hlalosa lebaka leo ka lona tlōlo ea molao e nyolohang ka sekhahla kajeno. Satane oa tseba hore eena le tsamaiso ea hae ba haufi le ho timetsoa. Nakong e khutšoanyane e setseng, o leka ka litsela tsohle tse ka khonehang ho hōlisa ka ho batho litšobotsi tse mpe tse boletsoeng ho 2 Timothea khaolo ea 3. Kahoo, e le hore ’muso o felise tlōlo ea molao, o tlameha ho tlosa tšusumetso ea Satane ’me o boele o thuse batho ho fetoha e le hore ba se hlole ba itšoara ka tsela e hlalositsoeng ka holimo. Empa na ho na le ’muso leha e le ofe o ka etsang mosebetsi oo o phahametseng motho?
Ha ho ’muso oa batho o ka khonang ho etsa sena. J. Vaskovich, tichere ea molao Ukraine, o bolela hore ho hlokahala “sehlopha se nang le bokhoni bo tšoanang, se tla momahanya le ho hokahanya boiteko ba mekhatlo eohle ea linaha le ea lichaba.” ’Me Mopresidente Fidel Ramos oa Philippines o ile a bua phuthehong ea lefatše ea tlōlo ea molao: “Kaha tsoelo-pele e entse hore lefatše la rōna le be lenyenyane, tlōlo ea molao e khonne ho tšela meeli ea lichaba ’me e fetohile bothata bo amang lichaba tse ngata. Ho bonahala hore le tharollo ka ho tšoanang e lokela ho ba e amang lichaba tse ngata.”
“Tlokotsi ea Lefatše”
Machaba a Kopaneng ke mokhatlo o amang lichaba tse ngata (oa machaba). Ho tloha ha o thehoa, haesale o leka ho loantša tlōlo ea molao. Empa ha o na tharollo e fetang eo mebuso ea lichaba e nang le eona. Buka ea The United Nations and Crime Prevention ea hlokomela: “Tlōlo ea molao ka har’a naha e haketse ho feta lithibelo tsa lichaba tse ngata ka bomong le tlōlo ea molao e amang lichaba tse ngata e eketsehile hoo e fetelang ka ’nģane ho se ka fihleloang ke mokhatlo oa machaba hona joale. . . . Tlōlo ea molao e etsoang ke lihlopha tsa batlōli ba molao tse hlophisitsoeng e eketsehile ka tekanyo e tšosang, haholo-holo ka liphello tse tebileng mabapi le pefo e etsoang ’meleng, botšosi le bobolu ba ba boholong sechabeng. Bokhukhuni bo se bo nkile bophelo ba bahlaseluoa ba se nang molato ba likete tse mashome. Khoebo e qhekellang ea lithethefatsi tse bakang temallo e fetohile tlokotsi ea lefatše lohle.”
James Madison, mopresidente oa bone oa United States, o kile a re: “Ho theheng ’muso o tla tsamaisoa ke batho holim’a batho ba bang, bothata bo boholo bo itšetlehile ka sena: u tlameha ho qala ka ho nolofalletsa ’muso ho laola ba busoang; ’me ka mor’a moo u o thuse ho itaola ka booona.” (Bapisa le Moeklesia 8:9.) Kahoo tharollo ea sebele ke hore mebuso e ‘tsamaisoang ke batho holim’a batho ba bang’ e nkeloe sebaka ke tsamaiso eo ka eona Molimo a tla busa. Empa na tharollo e joalo ke ea sebele?
’Muso o Tla Felisa Tlōlo ea Molao
Bakreste ba ’nete ba lumela seo Bibele e se bolelang ka ’Muso oa Molimo.a Ke puso ea sebele. Le hoja ’Muso ona o sa bonahale ka lebaka la hore o leholimong, seo o se finyellang lefatšeng sea bonahala. (Matheu 6:9, 10) O entsoe ka Kreste Jesu le batho ba 144 000 ba nkiloeng ho “tsoa molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le sehlopheng se seng le se seng sa batho le sechabeng se seng le se seng . . . ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” ’Muso ona o matla o tla busa holim’a “bongata bo boholo” ba bafo bao, joalokaha Bibele e bolela esale pele, le bona ba ‘tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle.’ (Tšenolo 5:9, 10; 7:9) Kahoo, babusi hammoho le bafo ba na le limelo tsa machaba, ka sebele ke batho ba kopaneng ba tsoang lichabeng tsohle, ba nang le kamohelo ea bomolimo.
Ho amohela puso ea Molimo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tlameha ho hlōla bothata ba tlōlo ea molao har’a tsona ka tsela e batsi haholo. Joang? Ka ho ithuta ho ananela bohlale ba melao-motheo ea Bibele, ka ho e sebelisa bophelong ba tsona le ka ho itumella ho susumetsoa ke tšusumetso e matla ka ho fetisisa bokahohleng, moea oa Molimo le tholoana ea oona—lerato. Lentsoe la Molimo lea bolela: “Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea kopano.” (Bakolose 3:14) Linaheng tse ka holimo ho 230, Lipaki tsa Jehova li sebelisa lerato lena le bonngoe, li bontša kamoo ’Muso oa Molimo o seng o ntse o nka mehato kateng ho felisa tlōlo ea molao.
Mohlala oa sena o ka bontšoa ka liphello tsa phuputso ea 1994 eo Lipaki tsa Jehova tse 145958 Jeremane, li bileng le karolo ho eona. Tse ngata ho tsona li ile tsa lumela hore li ile tsa tlameha ho hlōla mefokolo e tebileng e le hore li fetohe Lipaki. Li ile tsa susumelletsoa ho etsa joalo ke thuto ea tsona ea Bibele. Ka mohlala, tse 30 060 li ile tsa hlōla temallo ea koae kapa ea lithethefatsi; tse 1437 tsa khaotsa ho becha; tse 4362 tsa lokisa boitšoaro ba tsona bo mabifi kapa ba tlōlo ea molao; tse 11 149 tsa hlōla litšobotsi tse kang mohono kapa lehloeo; ’me tse 12 820 tsa tsosolosa khutso ea lelapa bophelong bo senyehileng ba lelapa.
Le hoja litšibollo tsena li ne li ama Lipaki tsa Jehova naheng e le ’ngoe feela, li tšoantšetsa Lipaki lefatšeng lohle. Nka ka mohlala, mocha oa Ukraine ea bitsoang Yuri. Nakong eo a neng a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, e ne e le tsotsi. O ne a bile a kile a ea Moscow moo a neng a tseba hore matšoele-tšoele a tla mo nolofalletsa “mosebetsi” haholoanyane.
Ka 1993, Yuri o ne a boetse a le Moscow, ka har’a matšoele-tšoele a batho. Empa har’a batho ba fetang 23 000 ba neng ba le teng Locomotive Stadium ka Labohlano la la 23 July, ho ne ho se le ea mong ea mo qoaeang, hobane joale e ne e se e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka sebele, Yuri o ne a le sethaleng a e-na le karolo lenaneong le neng le nehelanoa ho bamameli ba machaba. O ntlafalitse, o utloa taelo ea Bibele: “Ea utsoang a a se ke a hlola a utsoa.”—Baefese 4:28.
Ba bang ba bangata joaloka Yuri ba ile ba furalla bophelo ba tlōlo ea molao e le hore ba tšoanelehe bakeng sa bophelo lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo. Sena se hatisa bonnete ba seo Monghali Peter Imbert, eo e kileng ea e-ba ofisiri ea mapolesa Brithani, a ileng a se bua: “Tlōlo ea molao e ka felisoa ka bosiu bo le bong hafeela e mong le e mong a ikemiselitse ho etsa boiteko.” Lenaneo la thuto la Bibele le fanoang ke ’muso oa Molimo le fana ka tšusumetso e hlokahalang ho batho ba tšepahalang bakeng sa “ho etsa boiteko.”
Lefatše le se Nang Tlōlo ea Molao
Mofuta leha e le ofe oa tlōlo ea molao o bontša ho haelloa ke lerato ho ba bang. Bakreste ba latela mohlala oa Jesu, ea ileng a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle.” ’Me, “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”—Matheu 22:37-39.
’Muso feela o inehetseng ho feliseng tlōlo ea molao ka ho ruta batho ho mamela litaelo tsena tse peli ke ’Muso oa Molimo. Kajeno, Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho limilione tse hlano li rua molemo thupelong ena. Li ikemiselitse ho se lumelle litšekamelo tsa ho tlōla molao hore li mele lipelong tsa tsona, li itokiselitse ho etsa boiteko leha e le bofe bo hlokahalang ba botho ho tlatsetseng lefatšeng le se nang tlōlo ea molao. Seo Molimo a se finyeletseng bophelong ba tsona e mpa e le tatso feela ea seo a tlang ho se etsa lefatšeng la hae le lecha tlas’a bobusi ba ’muso oa hae oa leholimo. Nahana feela ka lefatše le sa hlokeng mapolesa, baahloli, babuelli ba molao, kapa literonko!
Ho finyella sena lefatšeng ka bophara ho tla akarelletsa phetoho ea puso e khōlō ka ho fetisisa historing, e tla tlisoa ke Molimo ka boeena. Daniele 2:44 e re: “Mehleng ea marena ao [a teng kajeno], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso [oa leholimo] o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” Molimo o tla boela a silakanye Satane, a felise tšusumetso ea hae e khopo.—Baroma 16:20.
Hang ha mebuso ea batho e se e nketsoe sebaka ke ’muso oa Molimo oa leholimo, batho ba ke ke ba hlola ba busa holim’a ba bang. Marena a leholimo—marena a phahametseng le mangeloi—a tla rupela moloko oa batho ka litsela tsa ho loka. Kahoo, ha ho sa tla ba le lipolao tsa sekhukhu, litlhaselo tsa khase e chefo, kapa libomo tsa likhukhuni! Ha ho sa tla ba le leeme sechabeng le hlahisang tlōlo ea molao! Ha ho sa tla ba le ba hafang ka nkatana le ba kollang ntsi hanong!
Moprofesa S. A. Aluko, oa Univesithi ea Obafemi Awolowo, Nigeria, o ile a hlokomela: “Bafutsana ba sitoa ho robala bosiu hobane ba lapile; barui ba sitoa ho robala hobane bafutsana ba falimehile.” Empa haufinyane e mong le e mong o tla khaleha ka bolokolohi a tseba hore ’muso—’muso oa Molimo—o qeteletse o felisitse tlōlo ea molao!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso e feletseng ea seo ’Muso oa Molimo o leng sona le kamoo o tla ruisa moloko o lumelang oa batho molemo kateng, ka kōpo bala buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Eo e kileng ea e-ba lesholu le mohlaseluoa oa hae, hona joale ba bonngoeng e le bara ba motho ba Bakreste