Ho Sireletsa Bophelo ba bana
TLALEHO e ’ngoe ea morao tjena e ntšitsoeng ke United Nations Children’s Fund (UNICEF), e bitsoang The Progress of Nations, e bontša ntlafalo e bonahalang maemong a bophelo a bana linaheng tse ngata. Ka boiteko bo kopanetsoeng ba mebuso le mekhatlo ea machaba, lenane la bana ba shoang ba le ka tlaase ho lilemo tse hlano le fokotsehile linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, The Progress of Nations e boetse e bontša hore selemo se seng le se seng bophelo ba bana ba limilione bo ka bolokoa ka litsela tse bonolo le tse sa jeng chelete e ngata, haholo-holo linaheng tse ntseng li hōla moruong. Batsoali ba linaheng tsena le libakeng tse ling mohlomong ba tla fumana litlhahiso tse latelang tse tlalehong eo li le molemo.
Ho anyesa. Tlaleho ea eletsa: “Ho anyesa ke tsela e molemo ka ho fetisisa e lebisang bophelong bo botle ba ’mele le phepong e nepahetseng.” Ho ea ka World Health Organization (WHO), “ho ne ho ka bolokoa bophelo ba masea a fetang a milione ka selemo haeba masea ’ohle a ne a anyesoa ka ho feletseng bonyane ka likhoeli tse tšeletseng tsa pele.” Kaha lipetlele le mafapha a tlhokomelo ea batsoetse li rala motheo o matla, UNICEF le WHO li khothalletsa “lipetlele ho bontša kameho e nang le botsoalle ho bana.” Sepheo sa tsona ke ho susumelletsa lipetlele ho fa batsoetse tšehetso le keletso e loketseng mabapi le ho anyesa.
Bohloeki ba ’mele le metsi a hloekileng. Tlaleho e bolela hore: “Mafu a bolaeang a ne a ka fokotseha haholo ka ho sebelisa metsi a sireletsehileng, ho sebelisa matloana, ho hatlela matsoho pele ho tšoaroa lijo le ka ho lokisa le ho beha lijo ka mokhoa o sireletsehileng.” Le hoja libakeng tse ngata ho hlokahala boiteko bo matla ho fumana metsi a lekaneng, ka sebele metsi a hloekileng aa hlokahala bophelong bo botle ba ’mele ba ngoana le ba lelapa.
Phepo e nepahetseng. Ho ea ka tlaleho eo, lijo tse nang le vithamine-A li ne li ka thibela ho shoa ha bana ba bangata ba ka bang limilione tse tharo ka selemo. E bolela hore tharollo ea bothata e teng ’me ea fumaneha le hore mohlomong e ka finyelloa ka ho ntlafatsa mefuta ea lijo tse jeoang, ho matlafatsa lijo, kapa ho aba lipilisi tsa vithamine-A. Ho abela bana ba banyenyane lipilisi tsa vithamine-A nako le nako, tse bitsang lisente tse robong e le ’ngoe, ho se ho ipakile ho sebetsa linaheng tseo ho tsona khaello ea vithamine-A e atileng. Hape ho buelloa lijo tse kang liphopho, limango, lihoete, meroho e mahaba a matala le mahe.
Phekolo ea ho Khutlisetsa Metsi ’Meleng. UNICEF e bolela hore halofo ea bana ba bolaoang ke letšollo selemo le selemo e ne e ka bolokoa ka ho sebelisoa ha motsoako o sa jeng chelete e ngata le o ritelehang habonolo oa metsi a hloekileng, letsoai le tsoekere kapa rice powder.a Hape batsoali ba lokela ho tsoela pele ba fa ngoana lijo. Hona joale, ho hakanngoa hore bophelo ba ba milione bo se bo bolokiloe ka mekhoa ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho sireletsa bophelo ba ngoana oa hao, ka kōpo bona Tsoha! ea April 8, 1995, leqepheng la 3-14.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
WHO