Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Ngoan’eso a Fuoa Tlhokomelo Eohle?
“Ntho e ntšoenyang ke hore ha banab’eso ba fosa ba fuoa tlhokomelo e ngata—ea ho ba koetlisa kapa ho ba khalemela. Empa kaha ke lula ke mamela, ke nkoa hasesaane.”—Kay ea lilemo li 18.a
“Banab’eso ba fuoa tlhokomelo e ngata le tšoaro e molemonyana. ’Na ke fuoa tlhokomelo feela mohla ke khalemeloang. Ke ne ke tla ikutloa hamolemonyana haeba ke ne ke tseba hore le bona baa khalemeloa.”—Ruth ea lilemo li 15.
“Ke bona eka baholoane ba ka ba fuoa litokelo le tlhokomelo e ngata.”—Bill ea lilemo li 13.
HO TLOHA mohla re tsoaloang, bohle re hloka tlhokomelo ea batsoali ba rōna. ’Me haeba u ikutloa hore ha u fumane karolo ea hao e u loketseng, ka ho utloahalang u ka ’na ua utloa bohloko ’me ua halefa. Haholo-holo haeba ho bonahala eka ngoan’eno e mong—e moholo, oa ho fela, ea imametseng ka ho fetisisa, kapa esita le ea thibaneng litsebe ka ho fetisisa—ke eena ea hlahellang ka linako tsohle. Mohlomong u ka ’na ua ikutloa joaloka Davida ha a ngola: “Ho batho ke lebalehile joalo ka mofu ea seng a le sieo mehopolong, ke joalo ka moeta o lahloang.”—Pesaleme ea 31:12.
Ho shebella ngoan’eno a fuoa tlhokomelo eo u neng u ka rata ho e fuoa ho ka utloisa bohloko. Empa na ho hlile ho bolela hore uena ha u ratoe? Le hanyenyane. Ka linako tse ling bacha ba fuoa tlhokomelo e eketsehileng hobane ba e-na le bokhoni bo ikhethang kapa botho bo nang le botsoalle. Kenneth ea lilemo li 11 o re: “Le hoja moen’a ka, Arthur, a le sehlopheng sa boraro feela sekolong, o bapala ’mino le bente ea sehlopha sa bohlano. Hape o sebetsa hantle lipapaling le thutong ea lipalo. Ha e le hantle, o fumana boemo ba pele lithutong tsohle tsa hae sekolong. Ka linako tse ling ke nahana hore batho ba mo rata ho mpheta, empa ha ke mo honohele. E, mohlomong ka linako tse ling.”
Ho boetse ho na le bacha bao ho bonahalang ba fumana karolo e khōlō ea nako ea batsoali ba bona hobane feela e le ba baholo—kapa e le bana ba ho fela. Ka mohlankana Josefa, Bibele e re: “Iseraele o na a rata Josefa ho fetisa bana ba hae kaofela, kahobane e le mora oa botsofali ba hae.” (Genese 37:3, 4) Ka lehlakoreng le leng Todd ea lilemo li 18 o nahana hore moholoane oa hae o ne a ratoa hobane e le eena e moholo. Oa hopola: “Ka le leng re ile ra kōpuoa ho tla le foto eo re e ratang ka ho fetisisa ea boseeng bakeng sa morero o itseng sekolong. Ke ile ka khona ho fumana lifoto tse seng kae feela tsa ka ’me ka hlokomela hore lifoto tse ling tse ngata ke tsa moholoane oa ka. Ho ile ha etsa hore ke ipotse hore na hobane’ng.”
Leha ho le joalo, hangata ho fanoa ka tlhokomelo e eketsehileng ho ngoan’eno hobane a e-na le mathata—mohlomong mathata ao u sa a hlokomeleng. Cassandra, eo hona joale a leng lilemo li 22, oa hlalosa: “Ha ke le lilemo li 16, moholoane oa ka o ile a feta nakong e thata. O ne a sa kholiseha hore na o hlile o batla ho sebeletsa Jehova na, ’me batsoali ba ka ba ile ba lebisa hoo e batlang e le tlhokomelo eohle ea bona ho eena. Ka nako eo, ke ne ke sa utloisise lebaka la seo. Ke ne ke nahana hore ha ba ntsotelle ka ho feletseng. Ho ile ha etsa hore ke ikutloe ke hlomohile ’me ke hlokomolohiloe—ke bile ke halefile.”
Lebaka Leo ba Bontšang Leeme ka Lona
Leha ho le joalo, ka linako tse ling batsoali ba na le molato oa ho ba le leeme ka ho totobetseng. ’Mè e mong o ile a lumela: “Kea tseba hore mor’a ka Paul, o utloisoa bohloko haholo ke ho hlokomela tsela eo re leng motlotlo ka eona ka morali oa rōna. O ile a re bolella ka ho toba, ‘Kamehla uena le Ntate le robelana leihlo ha Liz a bua ho itseng.’ Qalong re ne re sa tsebe hore na o bua ka eng. Hamorao re ile ra hlokomela hore re lula re robelana leihlo ‘ho ananela seo a se buang.’ Kaha o re hlokomelisitse seo, re etsa boiteko bo tiileng ba ho se hlole re etsa seo hape.”
Empa tabeng ea pele ke hobane’ng ha batsoali ba bontša leeme? Tsela eo ba hōtseng ka eona e ka ’na ea e-ba lebaka le leng. Ka mohlala, haeba ’mè oa hao o hōtse e le ngoana oa ho fela, a ka ’na a ba le katamelano e haufi le ea maikutlo ho ngoan’a hae oa ho fela. A sa ho hlokomele, a ka ’na a sekamela ho ba ka lehlakoreng la ngoana eo. Kapa motsoali a ka ’na a bontša qenehelo ho ngoana eo a nang le boikutlo kapa lithahasello tse tšoanang le tsa hae. Nahana ka seo Bibele e se buang ka Isaka le Rebeka mabapi le bara ba bona ba mafahla, Jakobo le Esau: “Bashanyana ba hola. Esau ea eba setsomi se masene, motho oa linaha; Jakobo eena ea e-ba motho ea se nang mokhoa, ea lulang litenteng. Isaaka a rata Esau, kahobane a na a e-ja linama tse tsomiloeng ke eena, ’me Rebeka a rata Jakobo.”—Genese 25:27, 28.
Ke’ng seo u lokelang ho se etsa haeba batsoali ba hao ba bonahala ba rata ngoan’eno haholo?b U ka ’na ua leka ho buisana le batsoali ba hao ka sena ka tsela e khutsitseng, e sa ba qoseng. (Liproverbia 15:22) Ka ho ba mamela ka tlhompho, u ka ’na ua khona ho bona lintho ka tsela eo ba li bonang ka eona. Sena se ka ’na sa u thusa ho kokobetsa pherekano ea hao. (Liproverbia 19:11) Mocha e mong o re: “Ke ne ke hlile ke tšoenyeha ke hore ’Mè o ne a le haufi le khaitseli ea ka ho mpheta. Ha ke mo botsa ka sena, o ile a ntlhalosetsa hore kaha o batla a tšoana haholo le Ntate, o haufi le eena. ’Me ’na kaha ke batla ke tšoana haholo le eena, Ntate o haufi le ’na. Ka ho tšoanang, kaha ’na le eena re batla re tšoana haholo, re khopisana habonolo. ’Me kaha Ntate le khaitseli ea ka ba batla ba tšoana haholo, ba koatisana habonolo. Eitse hoba a ntlhalosetse ka tsela eo—le hoja ke sa ka ka thabisoa ke seo—ke ile ka khona ho se amohela.”
Tšoaro e sa Tšoaneng—Na ke ho Hloka Toka?
Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha batsoali ba sitoa ho tšoara ngoana e mong le e mong ka tsela e tšoanang hantle? Beth, ea lilemo li 18 hona joale, o re: “Ha ke le lilemo li ka bang 13, ke ne ke nahana hore ’na le khaitseli ea ka re lokela ho tšoaroa ka ho lekana—ka tsela e tšoanang hantle. Empa e ne e le ’na ea lulang a omanngoa, ha eena a sa etsuoe letho. ’Me o ne a qeta nako e ngata le Ntate ba sebetsa koloing. Ke ne ke bona seo e le ho hloka toka ka ho feletseng.”
Empa ho tšoaroa ka litsela tse sa tšoaneng hase hakaalo hore ke ho hloka toka. Nahana kamoo Jesu Kreste a neng a tšoere baapostola ba hae kateng. Ntle ho pelaelo o ne a ba rata bohle ba le 12, leha ho le joalo o ile a mema ba bararo feela ba bona hore e be lipaki tsa liketsahalo tse itseng tse ikhethang, ho akarelletsa tsoho ea morali oa Jairase le ho fetohela ha hae boemong bo phahameng bo khanyang. (Matheu 17:1; Mareka 5:37) Ho feta moo, Jesu o ne a e-na le botsoalle bo haufi ka ho khetheha le moapostola Johanne. (Johanne 13:23; 19:26; 20:2; 21:7, 20) Na hoo e ne e le ho se tšoane? E, ka sebele. Na e ne e le ho hloka toka? Le hanyenyane. Hobane le hoja Jesu e ka ’na eaba o ne a le haufi le ba itseng ka ho khetheha, ha aa ka a hlokomoloha litlhoko tsa baapostola ba bang ba hae.—Mareka 6:31-34.
Ka tsela e tšoanang, mohlomong ngoan’eno o fuoa tlhokomelo e khethehileng ka lebaka la bokhoni, botho ba hae kapa litlhoko tseo a nang le tsona. Ka ho utloahalang, sena se ka ba bohloko ho se shebella. Empa potso ke hore, Na litlhoko tsa hao li hlile li hlokomolohiloe? Ha u hloka keletso, thuso, kapa tšehetso ea batsoali ba hao, na ba teng ho u thusa? Haeba ho joalo, na kannete u ka bolela hore u hlokeloa toka? Bibele e re khothalletsa ho sebetsana le ba bang “ho ea ka tseo ba li hlokang.” (Baroma 12:13) Kaha uena le banab’eno le batho ka bomong ba nang le litlhoko tse sa tšoaneng, ka sebele ho ke ke ha etsahala hore batsoali ba lōna ba le tšoare ka tsela e tšoanang bohle ka nako e le ’ngoe.
Kahoo, Beth, ea qotsitsoeng pejana, hamorao o ile a hlokomela hore hase kamehla tšoaro e tšoanang e leng e loketseng le hore tšoaro e loketseng hase kamehla e leng e tšoanang. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ’na le moen’a ka re batho ba babeli ba fapaneng ’me re hloka ho tšoaroa ka tsela tse fapaneng. Ha ke hetla morao, ke sitoa ho lumela hore ke ne ke sa utloisise seo ha ke ne ke le monyenyane. Ke nahana hore e mpa e le tsela eo u shebang lintho ka eona lilemong tseo.”
Ho Ithuta ho Lemoha
E, “tsela eo u shebang lintho ka eona” e ama haholo tsela eo u itšoarang ka eona boemong boo u leng ho bona. Ho tšoana le likhalase tsa mahlo tse lefifi, maikutlo a hao a ka khopamisa tsela eo lintho li bonahalang ka eona ho uena. ’Me tlhoko ea maikutlo ea ho fumana tlhokomelo le kamohelo ea batsoali e matla. Bafuputsi Stephen Bank le Michael Kahn baa hlokomela: “Esita le haeba batsoali ba ne ba ka khona ho finyella litoro tse sa khoneheng tsa ho tšoara bana ba bona ba sa tšoaneng ka tsela e se nang leeme, ngoana e mong le e mong o ne a tla ’ne a nke hore batsoali ba rata ngoana e mong ho feta ba bang.”
Ka mohlala, nahana hape se boletsoeng ke bacha ba bararo ba qotsitsoeng qalong. Boemo ba bona bo ka bonahala bo nyahamisa empa ’nete ke hore: Ke bana ba motho! E, e mong le e mong o nahana hore ba bang ba fuoa tlhokomelo e ngata le hore eena ke eena ea hlokomolohuoang! Kahoo, hangata pono ea rōna ea lintho e ba e khopameng. Liproverbia 17:27 e re: “Ea pelo e ikhutselitseng o na le kutloisiso.” Ho ba le kutloisiso ke ho talima lintho ka botšepehi le ka tsela ea sebele, eseng ho ea ka maikutlo. Temoho e ka ’na ea u thusa hore u hlokomele hore le hoja batsoali ba hao ba ka ’na ba se ke ba le tšoara ka tsela e tšoanang, ba na le boikemisetso bo molemo ka ho fetisisa bakeng sa lōna kaofela! Ho hlokomela sena ho ka u thusa ho qoba ho halefa le ho hlonama.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho hlile ho bonahala hore ha u fumane karolo ea hao e loketseng ea tlhokomelo? Ke’ng seo u ka se etsang? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang sa Tsoha!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Sehlooho se latelang se tla tšohla ka ho feletseng taba ea ho sebetsana le leeme.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Tšoaro e sa tšoaneng e ka bonahala eka ke leeme