Ho Batla Bophelo bo Molemo
“Ha lekholo la bomashome a mabeli la lilemo le ntse le tsoela pele, bophelo ba batho ba bangata ba letsatsi le letsatsi . . . bo ile ba fetoloa ke tsoelo-pele ea saense le theknoloji.”—The Oxford History of the Twentieth Century.
E ’NGOE ea liphetoho tse khōlō mehleng ena ke e amanang le palo ea baahi. Ha ho lekholo le leng la lilemo le bileng le keketseho e sekhahla palong ea baahi ba lefatše joaloka lena. E ile ea fihla ho batho ba ka bang limilione tse sekete mathoasong a bo-1800 le ho ba ka bang limilione tse likete tse 1,6 ka 1900. Selemong sa 1999, palo ea baahi ba lefatše e fihlile ho limilione tse likete tse tšeletseng! ’Me ba bangata ba baahi bana ba ntseng ba eketseha ba ’nile ba batla lintho tse nkoang li le molemo bophelong.
Tsoelo-pele ho tsa meriana le ho fumaneha ho eketsehileng ha tlhokomelo ea bophelo li tlatselitse keketsehong ena ea palo ea baahi. Karolelano ea nako eo motho a lebeletsoeng ho e phela e eketsehile libakeng tse kang Australia, Jeremane, Japane le United States—ho tloha ho lilemo tse ka tlaase ho tse 50 mathoasong a lekholo lena la lilemo ho isa ho lilemo tse ka holimo ho tse 70 hona joale. Leha ho le joalo, boemo bona bo tšepisang ha bo bonahale hakaalo libakeng tse ling. Batho ba phelang bonyane linaheng tse 25 ba ntse ba e-na le tebello ea ho phela lilemo tse 50 kapa tse ka tlaase ho moo.
‘Le ne le Etsa Joang Pele . . . ?’
Ka linako tse ling bacha ba thatafalloa ho utloisisa hore na bo-ntat’a bona moholo ba ne ba khona joang ho phela ho se na lifofane, lik’homphieutha, lithelevishene—lintho tseo hona joale li nkoang e le tse tloaelehileng hohle esita le tseo batho ba linaheng tse ruileng ba li nkang e le tse hlokahalang. Ka mohlala, nahana kamoo koloi e fetotseng bophelo ba rōna kateng. E qapiloe qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, empa haufinyane tjena Time e ile ea hlokomela: “Koloi ke bo bong ba boqapi bo ileng ba khetholla lekholo la bo20 la lilemo ho tloha qalong ho isa qetellong.”
Ka 1975 ho ile ha hakanngoa hore motho a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome ba sebetsang Europe o ne a tla hloka mosebetsi haeba likoloi li ne li ka nyamela ka tšohanyetso. Ntle ho phello e totobetseng indastering ea likoloi ka boeona, libanka, libaka tsa mabenkele, lireschorente tse rekisetsang batho ba le ka likoloing le likhoebo tse ling tse itšetlehileng ka bareki ba tsamaeang ka likoloi li ne li tla koaloa. Haeba ho se na tsela ea hore lihoai li ise thepa ea tsona ’marakeng, butle-butle tsamaiso ea kabo ea lijo e ne e tla emisa. Batho ba sebetsang metseng e meholo ba lulang metseng ea litoropo ba ne ba tla sitoa ho fihla mesebetsing ea bona. Litsela tse khōlō tse fapakanang ho pholletsa le naha li ne li ke ke tsa hlola li sebelisoa.
E le ho eketsa tlhahiso ea likoloi le ho fokotsa litšenyehelo, ho ile ha qala ho sebelisoa lifeme mathoasong a lekholo lena la lilemo, tseo hona joale li atileng liindastering tse ngata. (Lifeme li ile tsa nolofatsa ho hlahisoa ha lihlahisoa tse ling ka bongata, tse kang lisebelisoa tsa kichine.) Mathoasong a lekholo lena la lilemo, koloi e ne e le sesebelisoa sa barui linaheng tse seng kae feela, empa hona joale ke sepalangoang sa batho ka kakaretso likarolong tse ngata tsa lefatše. Joalokaha mohlophisi e mong a ile a bolela, “ho batla ho le thata ho nahana ka ho phela kantle ho koloi qetellong ea lekholo lena la bo20 la lilemo.”
Ho Hahamalla Menyaka
Ka tloaelo ho tsamaea ho ne ho bolela ho ea moo u tlamehang ho ea teng. Empa lekholong la bo20 la lilemo, lintho li ile tsa fetoha—haholo-holo linaheng tse tsoetseng pele. Ha mesebetsi e lefang hantle e ntse e fumaneha ka bongata ’me beke ea mosebetsi e ntse e fokotseha ho isa ho lihora tse 40 kapa ka tlaase ho moo, batho ba ne ba se ba e-na le chelete le nako ea ho tsamaea. Joale ho tsamaea ho ne ho se ho bolela ho ea moo u batlang ho ea teng. Likoloi, libese le lifofane li ile tsa etsa hore ho be bonolo ho hahamalla boikhathollo libakeng tse hōle. Ho tsamaea ha bahahlauli ka bongata ho fetohile khoebo e khōlō.
Ho ea ka The Times Atlas of the 20th Century, bohahlauli “bo bile le phello e khōlō, linaheng tse amohelang bahahlauli hammoho le linaheng tsa habo bona.” Liphello tse ling e bile tse sa thabiseng. Hangata bahahlauli ba ile ba tlatsetsa ho senyeng tsona lintho tse ipiletsang tseo ba neng ba thahasella ho tla li bona.
Joale batho ba ne ba boetse ba e-na le nako e eketsehileng ea ho hahamalla lipapali. Ba bangata ba ile ba nka karolo ho tsona; ba bang ba khotsofalla ho ba batšehetsi ba chesehang, ’me ka linako tse ling ba sa laoleheng, ba lithimi le libapali tseo ba li ratang. Ka ho fihla ha thelevishene, hoo e batlang e le motho e mong le e mong o ne a se a ka bona lipapali tse bapaloang. Lipapali tsa lehae le tsa machaba li ne li hohela bashebelli ba chesehang ba thelevishene ba limilione tse makholo.
The Times Atlas of the 20th Century e re: “Lipapali le lifilimi li fetohile karolo e khōlō ea indasteri ea boikhathollo, eo hona joale e leng e ’ngoe e nang le basebetsi ba bangata ka ho fetisisa le e kenyang chelete e ngata ka ho fetisisa lefatšeng.” Selemo le selemo batho ba sebelisa liranta tse limilione tse likete boithabisong, ho akarelletsa le papali ea chelete, e leng mofuta o mong oa boikhathollo o ratoang ke ba bangata. Ka mohlala, phuputso e entsoeng ka 1991 e ile ea thathamisa papali ea chelete e le indasteri ea bo12 e khōlō ka ho fetisisa Linaheng tse Ipōpileng tsa Europe, ’me e kenya bonyane liranta tse limilione tse likete tse 350 ka selemo.
Ha boithabiso bo joalo bo fetoha bo tloaelehileng, batho ba ile ba qala ho hahamalla menyaka e mecha. Ka mohlala, ho leka ha bona ho sebelisa lithethefatsi, ho ile ha ata hoo bohareng ba bo-1990, khoebo ea lithethefatsi tse seng molaong e neng e etsa liranta tse ka bang libilione tse tharo ka selemo, e leng ho ileng ha etsa hore joalokaha mohloli o mong o bolela, e be “khoebo e ikhethang e kenyang chelete e ngata ka ho fetisisa lefatšeng.”
“Ho Ithabisa ha Rōna ho Isa Lefung”
Theknoloji e thusitse ho fetola lefatše hore e be motse oa lefatše lohle. Hona joale liphetoho tsa lipolotiki, tsa moruo le meetlo li susumetsa batho lefatšeng ka bophara hoo e ka bang ka ho panya ha leihlo. Morao koana ka 1970 Moprofesa Alvin Toffler, mongoli oa Future Shock, o ile a re: “Ka ho hlakileng, ho ’nile ha e-ba le linako tse itseng bophelong tseo ka tsona ho bileng le liphetoho tse khōlō tse hlaheletseng.” O ile a phaella: “Empa limakatso le liphetoho tsena tse khōlō li ne li lekanyelitsoe meeling ea sehlopha se itseng kapa lihlopha tse itseng tse ahisaneng. Ho ne ho feta meloko, esita le lilemo tse makholo, pele tšusumetso ea tsona e namela ka nģ’ane ho meeli ea tsona. . . . Kajeno maqhama a rarahaneng a kahisano a tlamahane hoo liphello tsa liketsahalo tse etsahalang ka nako e le ’ngoe li hasanang lefatšeng ka bophara ka eona nako eo.” Thelevishene e sebelisang sathelaete le Internet le tsona li phethile karolo e khōlō ho susumetseng batho lefatšeng ka bophara.
Ba bang ba bolela hore thelevishene e bile kofuto e bileng le tšusumetso ka ho fetisisa lekholong la bo20 la lilemo. Mongoli e mong o ile a re: “Le hoja batho ba bang ba nyatsa boitsebiso boo e fanang ka bona, ha ho le ea mong ea belaellang matla a thelevishene.” Empa thelevishene ha e boemong bo molemonyana ha e bapisoa le batho ba hlahisang mananeo a eona. Kahoo, ho phaella matleng a eona a ho susumelletsa botle, e na le matla a ho susumelletsa bobe. Le hoja mananeo a fanang ka boitsebiso bo se nang thuso, a tletseng pefo le boitšoaro bo litšila, a file batho ba bang seo ba batlang ho se bona, mananeo a joalo a hlōlehile ho ntlafatsa likamano tsa batho ’me hangata a bile a li mpefalitse le ho feta.
Neil Postman, bukeng ea hae e reng Amusing Ourselves to Death, o bua ka kotsi e ’ngoe, ha a re: “Bothata hase hore thelevishene e re hlahisetsa boitsebiso bo thabisang empa ke hore boitsebiso bohle bo hlahisoa e le bo thabisang . . . Ho sa tsotellehe hore na ho hlahisoa eng kapa hore na e hlahisoa ka maikutlo afe, ntlha e totobetseng ke hore seo se hlahisoa bakeng sa ho re thabisa le ho re khatholla.”
Ha batho ba ntse ba etelletsa monyaka pele, litekanyetso tsa moea le tsa boitšoaro li ile tsa oa ka sekhahla. The Times Atlas of the 20th Century e re: “Karolo e khōlō ea bolumeli bo hlophisitsoeng ba lefatše e ile ea felloa ke matla lekholong la bo20 la lilemo.” Ha bomoea bo ntse bo fokola, ho batla monyaka ho ile ha etelletsoa pele haholo ho feta molemo oa hona oa sebele.
“Sohle se Phatsimang . . . ”
Ho na le liphetoho tse ngata tse ntle tse tšoaeang lekholo la bo20 la lilemo, empa ho joalokaha maele a re, “Hase sohle se phatsimang seo e leng khauta.” Le hoja batho ka bomong ba ruile molemo ka ho lelefatsoa ha nako ea bophelo, keketseho ea baahi ba lefatše e hlahisitse mathata a macha a maholo. Makasine ea National Geographic e sa tsoa re: “Keketseho ea baahi ba lefatše e ka ’na ea e-ba bothata bo bong bo potlakileng ka ho fetisisa boo re talimaneng le bona ha re kena seketeng se secha sa lilemo.”
Likoloi li molemo hape lia khatholla empa li boetse li kotsi, joalokaha ho bontšoa ke khakanyo ea batho ba etsang kotara ea milione ba shoang selemo le selemo likotsing tsa mebileng lefatšeng ka bophara. ’Me likoloi ke tsona tse ka sehloohong tse bakang tšilafalo. Bangoli ba 5000 Days to Save the Planet ba bolela hore “hona joale [tšilafalo] e aparetse lefatše lohle, ea senya kapa e fokolisa tšebelisano e rarahaneng ea tikoloho le lintho tse phelang ho eona sekhutlong se seng sa lefatše ho ea ho se seng.” Baa hlalosa: “Ha rea senya tšebelisano e rarahaneng ea tikoloho le lintho tse phelang ho eona feela empa hona joale re senya le eona tšebetso e bolokang Lefatše e le sebaka se loketseng bakeng sa mefuta e phahameng ea bophelo.”
Lekholong la bo20 la lilemo, tšilafalo e fetohile bothata boo makholo a fetileng a lilemo a neng a sa bo tsebe. National Geographic e re: “Ho tla fihlela morao tjena ha ho motho ea neng a nahana hore liketso tsa motho li ka ama lefatše ka kakaretso. Hona joale bo-rasaense ba bang ba lumela hore ke lekhetlo la pele liphetoho tse joalo li etsahala historing e tlalehiloeng.” Joale ea lemosa: “Phello e khōlō e hlahisoang ke moloko oa batho ke ea hore thipitlo e khōlō ea mefuta ea lintho tse phelang e ka ’na ea e-ba teng molokong o le mong.”
Ka sebele, lekholo la bo20 la lilemo e bile le ikhethang. Batho, ba hlohonolofalitsoeng ka menyetla e e-s’o ka e e-ba teng ea ho thabela bophelo bo molemo, hona joale ba fumana bophelo ka bobona bo le kotsing!
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
1901
Marconi o romela molaetsa oa pele oa seea-le-moea ka mose ho leoatle la Atlantic
1905
Einstein o phatlalatsa khopolo ea hae e khethehileng ka kamano ea lintho
1913
Ford o bula feme ea hae e etsang koloi ea “Model-T”
1941
Ho qaloa khoebo ea TV
1969
Motho o tsamaea khoeling
Ho tsamaea ha bahahlauli ka bongata ho fetoha khoebo e khōlō
Lerato la Internet le eketseha ka sekhahla
1999
Palo ea baahi ba lefatše e fihla ho limilione tse likete tse tšeletseng