“U Tl’o Shoa!”
Ho batla ha ka phekolo e molemo ka ho fetisisa e ka fumanehang ho sa sebelisoe mali Spain
JOALOKAHA HO BOLETSE LEANNE KARLINSKY
HAEBA u ne u ka nka leeto la ho ea leha e le kae lefatšeng, u ne u ka khetha ho ea kae? Karabo e ile ea e-ba bonolo ho ’na. Ke ruta Sepanishe sekolong, ’me ’na hammoho le monna oa ka Jay, le mora oa rōna Joel, re kopanela phuthehong ea Lipaki tsa Jehova e buang Sepanishe Galax, Virginia, U.S.A. Ka hona, takatso ea ka e ne e le ho ea Spain. Ka lebaka leo, u ka utloisisa hore na ke ile ka nyakalla hakaakang ha batsoali ba ka ba ithaopela ho nkisa moo! Le hoja monna oa ka le mora ba ne ba ke ke ba tsamaea le ’na, takatso ea ka e ne e le haufi le ho phethahala ha ’na le batsoali ba ka re palama sefofane se lebang ka ho toba Madrid. Ha re fihla ka la 21 April, re ile ra etsa qeto ea ho ea ka koloi Estella, motsaneng o Navarre, Spain e ka leboea. Ke ile ka qhanolla setulong se ka morao ’me ka potlako ka ea le sephume sa boroko.
Seo ke se hopolang ka mor’a moo ke ha ke rapaletse tšimong, ke fahloa ke letsatsi. ‘Ke hokae? Ke fihlile joang moo? Na kea lora?’ Ha ke ntse ke ipotsa lipotso tsena, ke ile ka chabeloa ke ’nete e nyarosang. Ho ne ho e-na le ho phoso, ’me ke ne ke sa lore. Letsoho le letšehali la seaparo sa ka le ne le le marantha, ’me ke ne ke sitoa ho sisinya matsoho kapa maoto. Hamorao, ke ile ka utloa hore koloi ea rōna e ile ea thula mekoallo eo hangata e behoang ka thōko ho tsela libakeng tse kotsi tsa mebila le hore koloi e ile ea ntlhatsa ha e theteha tutulung e bophahamo ba limithara tse 20. Ka lehlohonolo, ha ho le ea mong ho ’na kapa batsoali ba ka ea hopolang ha kotsi eo e etsahala.
Ke ile ka hoeletsa ho kōpa thuso, ’me mokhanni oa teraka o ile a potlakela ho ’na. Ka mor’a moo, o ile a theohela ka tlaase ho tutulu moo batsoali ba ka ba neng ba tšoasehile teng ka koloing. O ile a hoeletsa ’mate oa hae, a re, “Bolella ambulense hore e potlake! Batho ba ka koloing ba maemong a mabe!” Joale o ile a khutlela moo ke neng ke rapaletse teng ke sitoa ho sisinyeha, ’me ka boikutlo ba hore oa thusa, a leka ho otlolla leoto la ka. Ka bohloko bo kenang pelong, ke ile ka meketsa, ke qala ho lemoha hore na ke ne ke tsoile kotsi e mpe hakaakang.
Ka potlako ke ne ke le ka kamoreng ea boemo ba tšohanyetso sepetleleng sa Logroño. Ka mosa mapolesa a ile a tsebisa Lipaki tsa Jehova tsa sebakeng seo hore na ke hokae le hore na ho etsahetse eng. Ka potlako, ba bangata ba tsoang liphuthehong tsa Estella le Logroño ba ne ba se ba eme pel’a bethe ea ka, hammoho le Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele. Ka sebele, nakong eohle ea phihlelo ea ka e bohloko sepetleleng sena, Bakreste-’moho le ’na ba ratehang, bao ke neng ke qala ho kopana le bona, ba ne ba ikemiselitse ba bile ba rata ho hlokomela litlhoko tsa ka bosiu le motšehare. Ba ile ba boela ba hlokomela batsoali ba ka ka lerato, ba ileng ba hlaphoheloa ka ho lekaneng hore ba lokolloe sepetlele hoo e ka bang beke ka mor’a kotsi eo.
Hoo e ka bang ka 1:00 hoseng, ka Laboraro, lingaka li ile tsa tla ho tla mpuoa qholong moo ke neng ke robehile teng. Ke ile ka bolella ngaka hore ha ke batle ho tšeloa mali.a E ile ea lumela ka lekhonono hore e tla hlompha kōpo ea ka, le hoja e ile ea mpolella hore nka ’na ka shoa. Ke ile ka pholoha ho buuoa hoo, empa ka makatsoa ke hore maqeba a ka a ne a sa hlatsuoa, le ’ona masela a tlamisang ha aa ka a chenchoa hamorao.
Ka Labohlano, tekanyo ea ka ea lisele tsa mali e ne e theohetse ho 4,7, ’me ke ne ke felloa ke matla. Lingaka li ile tsa lumela ho sebelisa phekolo e ’ngoe e fapaneng—ho ntlhaba ka ente ea erythropoietin (EPO), eo hammoho le limatlafatsi tsa tšepe tse bileng li hahang mali, e atisang lisele tse khubelu tsa mali.b Ka nako ena, Jay le Joel ba ne ba se ba fihlile. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke bona monna oa ka le mora!
Hoo e ka bang ka 1:30 hoseng, ngaka e ile ea bolella Jay hore sepetlele se se se fumane taelo ea lekhotla ea hore se ntšele mali haeba boemo ba ka bo mpefala. Jay o ile a e bolella hore takatso ea ka ke hore ke se tšeloe mali tlas’a boemo leha e le bofe. Ngaka e ile ea arabela, “Joale o tla shoa hee!”
Jay o ile a bua le ba Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele hore a ntlose a nkise sepetleleng se seng—se ka hlomphang takatso ea ka. Hase motho e mong le e mong ea neng a nkhanyetsa ka matla sepetleleng sena. Ka mohlala, ngaka e ’ngoe e ile ea ntiisetsa hore e tla etsa sohle se matleng a eona hore e etse bonnete ba hore ke phekoloa ka tlhompho e ntšoanelang. Empa ka potlako lingaka tse ling li ile tsa nkhatella. Li ne li botsa: “Na u batla ho shoa ’me u siee lelapa la hao?” Ke ile ka li tiisetsa hore ke batla phekolo e molemo ka ho fetisisa eo nka e fuoang ho sa sebelisoe mali. Lingaka li ne li sa ikemisetsa ho nthusa. E ’ngoe e ile ea phatloha feela ea re: “U tl’o shoa!”
Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele e ile ea fumana sepetlele se seng Barcelona se ileng sa lumela ho mphekola se sa sebelise mali. Ho bile le phapang e kaakang lipakeng tsa lipetlele tseo tse peli! Barcelona, baoki ba babeli ba ile ba ntlhatsoa ka mosa ’me ba etsa hore ke phutholohe. Ha ba chencha masela a tlamisitseng maqeba a ka, e mong oa baoki bana o ile a bona hore a ne a le matala ’me a khoakhoathetse mali a omeletseng. O ile a re o masoabi hore ebe batho ba naheng ea habo ba ntšoere ka tsela eo.
Ka potlako ke ile ka qala ho fuoa phekolo ea meriana eo e neng e tlameha hore ebe ke khale ke ile ka e fuoa sepetleleng sa Logroño. Liphello e ile ea e-ba tse hlollang. Ka mor’a matsatsi a se makae litho tsa ka tsa bohlokoa li ne li se li se kotsing, ’me hemoglobin ea ka e ne e se e nyolohetse ho 7,3. Ha ke tsoa sepetlele, e ne e se e nyolohetse ho 10,7. Ha ke hloka ho buuoa hape sepetleleng sa United States, e ne e se e le ho 11,9.
Ke leboha boiteko ba lingaka le baoki ba ikemiselitseng ho mamela litakatso tsa bakuli ba bona ho sa tsotellehe hore na ba lumellana le bona kapa che. Ha basebetsi ba sepetlele ba hlompha tumelo ea bakuli, ba phekola motho ka boeena—’me ka tsela eo, ba fana ka phekolo e molemo ka ho fetisisa e fumanehang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mabaka a theiloeng Bibeleng, Lipaki tsa Jehova li hana ho tšeloa mali.—Bona Genese 9:4; Levitike 7:26, 27; 17:10-14; Deuteronoma 12:23-25; 15:23; Liketso 15:20, 28, 29; 21:25.
b Taba ea hore na Mokreste o amohela EPO kapa che, ke qeto ea botho.—Bona Molula-Qhooa oa October 1, 1994, leqepheng la 31.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke na le monna oa ka le mora
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Litho tse peli tsa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele