Pono ea Bibele
Kamoo U ka Sebetsanang ka Katleho le ho Nyahama
HO NYAHAMA ho tloaelehile bathong bohle, bonyane ho ea bohōleng bo itseng. Leha ho le joalo, ho ba bang boikutlo ba ho tepella bo ba matla hoo ba bonang lefu le le molemo ho feta ho phela.
Bibele e bontša hore esita le bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ha baa sireletseha mathateng le likhatellong tse lebisang ho nyahameng. Ka mohlala, nahana ka Elija le Jobo—bao ka bobeli ba neng ba e-na le kamano e ntle le Molimo. Ka mor’a hore Elija a balehise bophelo ba hae ho Mofumahali Jezebele ea khopo, o ile “a ikōpela ho shoa [ho Jehova].” (1 Marena 19:1-4) Monna ea lokileng Jobo, o ile a tobana le litsietsi tse ngata tse akarelletsang boloetse bo nyontšang le ho shoeloa ke bana ba leshome. (Jobo 1:13-19; 2:7, 8) Ho nyahama ha hae ho ile ha etsa hore a re: “Ke ne nka khetha ho shoa ho e-na le mahlomola ’ohle ao ke leng ho ’ona.” (Jobo 7:15, The New English Bible) Ka ho hlakileng, matšoenyeho a ne a le matla haholo bakeng sa banna bana ba tšepahalang ba Molimo.
Ho ba bang kajeno, ho nyahama ho ka ’na ha bakoa ke liphello tse bohloko tsa ho tsofala, ho shoa ha molekane kapa mathata a tebileng a lichelete. Ba bang ba fumana hore ho tepella ho sa khaotseng ha maikutlo, liphello tse hanellang tsa phihlelo e itseng e ferekanyang maikutlo kapa mathata a lelapa li etsa hore ba ikutloe eka ba bohareng ba leoatle le loebehlanang, ’me leqhubu le leng le le leng le etsa hore ho be thata le ho feta ho fihla lebōpong. Monna e mong o itse: “U ikutloa u se na thuso—joalokaha eka le ha u ka shoa ha ho le ea mong ea tla u hloloheloa. Ka linako tse ling bolutu boo motho a bang le bona bo sitoa ho mamelleha.”
Liketsahalong tse ling maemo aa fetoha a be molemo, a imolle motho khatellong ena e matla. Empa ho thoe’ng haeba maemo a rōna ha a na ho fetoha? Bibele e ka re thusa joang hore re sebetsane ka katleho le ho nyahama?
Bibele e ka Thusa
Jehova o ile a ba le bokhoni le matla a ho matlafatsa Elija le Jobo mathateng a bona. (1 Marena 19:10-12; Jobo 42:1-6) Ho hlokomela seo ho re khothatsa hakaakang kajeno! Bibele e re: “Molimo ke setšabelo sa rōna le matla a rōna, ke thuso e fetisisang litsietsing.” (Pesaleme ea 46:1; 55:22) Le hoja ho ka bonahala maikutlo a ho nyahama a re tetebetsa, Jehova o re tšepisa hore o tla re tšoara ka tieo ka letsoho la hae le letona la ho loka. (Esaia 41:10) Re ka etsa hore re fumane thuso ee joang?
Bibele e hlalosa hore ka thapelo, “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa [rōna] le matla a [rōna] a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilippi 4:6, 7) Ka lebaka la ho tepella, re ka ’na ra bona bothata ba rōna bo se na tharollo. Leha ho le joalo, haeba re ‘phehella thapelong,’ Jehova a ka lebela lipelo tsa rōna le likelello tsa rōna, a re fa matla ao re a hlokang a ho mamella.—Baroma 12:12; Esaia 40:28-31; 2 Bakorinthe 1:3, 4; Bafilippi 4:13.
Re tla rua molemo ka ho ba ba tobang taba thapelong. Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho hlalosa maikutlo a rōna, re lokela ho ikutloa re lokolohile ho bua le Jehova ka tsela eo re ikutloang ka eona le hore na re bona eka motso oa bothata ke ofe. Re lokela ho mo kōpa ka tieo hore a re fe matla a tla re boloka letsatsi le letsatsi. Re tiiselitsoe: “[Jehova] o fa ba mo tšabang ho ratoang ke bona, o utloa mehoo ea bona, ’me oa ba lopolla.”—Pesaleme ea 145:19.
Ho phaella thapelong, re lokela ho qoba ho itšehla thajana. (Liproverbia 18:1) Ba bang ba matlafalitsoe ke ho itella ba bang. (Liproverbia 19:17; Luka 6:38) Nahana ka mosali ea bitsoang Maria,a ea neng a sa loantšane feela le kankere, empa a boetse a lahlehetsoe ke litho tsa lelapa la hae tse robeli ka selemo se le seng. Maria o ile a tlameha ho iqobella ho tsoha liphateng ’me a tsoele pele le bophelo. O ne a tsoa hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng ho ea ruta ba bang ka Bibele, ’me o ne a e-ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla. Ha Maria a khutlela hae, maikutlo a hae a ho nyahama a ne a khutla ka matla. Leha ho le joalo, ka ho tsepamisa mohopolo tabeng ea hore na a ka thusa ba bang joang, Maria o khona ho mamella.
Empa ho thoe’ng haeba re fumana ho le thata ho rapela kapa re sitoa ho itsoakanya le batho? Boemong bo joalo, re tlameha ho kōpa thuso. Bibele e re khothalletsa ho ea ho “banna ba baholo ba phutheho.” (Jakobo 5:13-16) Monna e mong ea sebetsanang le ho tepella ho matla ha maikutlo ho sa khaotseng o itse: “Ka linako tse ling ho bua le motho eo u mo tšepang ho thusa ho imolla kelello le ho kokobetsa maikutlo, e le hore motho a ka nahana lintho tse utloahalang.” (Liproverbia 17:17) Ke ’nete hore haeba ho nyahama ho sa feleng le ho matla ho bonahala e le bothata bo hlokang ngaka, ho ka ’na ha hlokahala thuso e tšoanelehang ea botsebi.b—Matheu 9:12.
Le hoja ho se na tharollo e bonolo, ha rea lokela ho halala matla a Molimo a ho re thusa ho tobana ka katleho le mathata a rōna. (2 Bakorinthe 4:8) Ho phehella thapelong, ho qoba ho itšehla thajana le ho fumana thuso e tšoanelehang ho ka re thusa hore re boele re tsitse. Bibele e tšepisa hore Molimo o tla felisa ka ho feletseng sesosa sa ho nyahama ha rōna ho tebileng. Bakreste ba ikemiselitse ho itšetleha ka eena ha ba ntse ba letetse letsatsi leo ka lona ‘lintho tsa pele li ke keng tsa hlola li hopoloa.’—Esaia 65:17; Tšenolo 21:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase lebitso la hae la sebele.
b Tsoha! ha e buelle phekolo e itseng ka ho khetheha. Bakreste ba lokela ho etsa bonnete ba hore phekolo leha e le efe eo ba e sebelisang ha e hohlane le melao-motheo ea Bibele. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona Molula-Qhooa oa October 15, 1988, leqepheng la 25-9.