Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 7/1 maq. 3-4
  • Ke Hobane’ng ha ho na le ho Nyahama ho Hokaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ho na le ho Nyahama ho Hokaale?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tharollo e Sisimosang ka ho Fetisisa
  • Tšepo e Hlōla ho Nyahama!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Kamoo U ka Sebetsanang ka Katleho le ho Nyahama
    Tsoha!—2000
  • Lefatše le se Nang ho Nyahama—Le Haufi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na ha ho Molemo Hore ke Mpe ke Ipolaee?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 7/1 maq. 3-4

Ke Hobane’ng ha ho na le ho Nyahama ho Hokaale?

TŠEPO ea bophelo bo molemonyana—e qetelletse e finyelletsoe! Batho ba bangata ba phelang moo e neng e le Jeremane Bochabela ba ne ba lumela joalo ha Lerako la Berlin le ne le heleha ka November 1989. Leha ho le joalo, nakoana feela ka mor’a selemo, ba ile ba belaela ka hore ba “fumana ho le thata ho tloaela lefatše le boima la tsamaiso ea puso ea sechaba ka sechaba eo moruo oa eona o sa laoloeng ke ’muso ho feta ho phela ba sirelelitsoe ke Lerako la Berlin.” Ka phello efe? Ho felloa ke tšepo le ho nyahama ho ntseng ho eketseha.

Pefo ka lapeng le sechabeng e ka qobella batho ho tloha hae ba batla tšireletseho, empa ke ba seng bakae feela ba e fumanang. Ba bang ba ee ba qetelle ba phela le batho ba se nang mahae ba phelang literateng tsa litoropo. Libakeng tse ling bongata ba bona bo qetella bo kene likhathatsong tsa molao. Ka baka la ho se khone ho reka matlo hobane ba se na mosebetsi, ha ba khone ho hiroa hobane ba se na liaterese. Mekhatlo ea ’Muso ea thuso ea sechaba e leka ho thusa, empa ho nka nako ho felisa mathata ana. Kahoo ho tepella ha maikutlo le ho nyahama ho ipha matla.

Basali ba bangata ba etsa lintho tse tšosang ka baka la ho nyahama. Tlalehong ea Women and Crime in the 1990s, morupeli oa molao Dr. Susan Edwards oa hlalosa: “Ho ameha ha basali ba bacha [botekatseng] ke phello e tobileng ea bothata ba moruo, eseng ho haelloa ke ho itaea kapa khōliso e nepahetseng.” Ka ho tšoanang, banna ba bacha ba tlohang mahae ba batla mosebetsi ha ba atise ho o fumana. Ba bang, ka baka la ho nyahama, ba ee ba qetelle e le ‘mahure,’ ba nehela ’mele ea bona ho basodoma bakeng sa ho fumana lijo le sebaka sa bolulo, ba qetelle ba le tlas’a taolo ea lihlopha tse khopo tsa linokoane.

Maemo a thata a lipolotiki, pefo, mathata a moruo, kaofela a ka baka ho nyahama ho hoholo. Esita le batho ba rutehileng ha baa salla morao kaha ba leka ho tšehetsa mokhoa oa bona oa bophelo ba borui ha ba ntse ba sebetsana le mathata a ntseng a eketseha a lichelete. Phello e ba efe? “Hloriso e ee e hlantše ea hlalefileng,” joalokaha ho boletse Morena Salomone oa boholo-holo!a (Moeklesia 7:7) Ha e le hantle, ho nyahama ho etsa hore batho ba ntseng ba eketseha ba nke tharollo e sisimosang ka ho fetisisa—ho ipolaea.

Tharollo e Sisimosang ka ho Fetisisa

Ho ipolaea ho ntseng ho ja setsi har’a bacha ke sesupo sa hore esita le bona seoa sa ho nyahama sea ba ama. Motlalehi oa litaba oa Brithani o ile a botsa: “Ke eng e bakang ho nyahama ho hokaale ha bacha mehleng ea rōna?” Hlahlobong ea bana ba lilemo tse pakeng tsa 8 le 16 ba neng ba amohetsoe lipetlele ka baka la ho leka ho ipolaea, Dr. Eric Taylor oa Mokhatlo oa Mafu a Hlooho oa London oa tlaleha: “Ntho e makatsang ke kamoo bongata ba bana bana bo neng bo nyahame ebile bo lahlehetsoe ke tšepo ka teng.” Selemo le selemo Brithani e tlaleha liketsahalo tse hakanyetsoang ho 100 000 tse sa bolaeeng empa e le tsa ka boomo tsa batho ba noang chefu e le ho utloahatsa sello sa ho kōpa thuso.

Mokhatlo o mong o thusang ba hlokang oa Brithani o ile oa kena letšolong la ho sekehela ba nyahameng tsebe. Ka tsela ena baeletsi ba oona ba ne ba tlaleha hore ba fana ka “litsela tse ling tse ka khethoang ho e-na le lefu.” Leha ho le joalo, baa lumela hore ha ba khone ho rarolla mathata a nyahamisang batho.

Tsela eo batho ba ipolaeang ka eona e bontša “boemo ba ho ikarola le ho haella ha momahano ha batho sechabeng,” ho bolela koranta The Sunday Correspondent. Ke hobane’ng ha ho e-na le ho ipolaea ho hokaale mehleng ee? Koranta eo e ile ea bua ka “ho hloka mahae, ho noa lino tse tahang ho eketsehileng, tšokelo ea Aids le ho koaloa ha lipetlele tsa kelello” e le mabaka a isang batho bohōleng bo bokaalo ba ho nyahama hoo ba nahanang ho ipolaea e le eona feela tharollo ea mathata a bona.

Na ho na le tšepo ea hore ho nyahama ho tla fela? E! Jesu o hlaba mokhosi: “Emisang lihlooho, ’me le lelale holimo.” (Luka 21:28) O ne a bolela’ng? Ho na le tšepo efe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho latela Theological Wordbook of the Old Testament, e ngotsoeng ke Harris, Archer, le Waltke, motso oa puo ea mathomo oa lentsoe le fetoletsoeng e le “hloriso” o amana le ho “imetsa, ho hatakela, le ho hanyapetsa ba boemong bo tlaase.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela