Itšireletse U be U Sireletse le Baratuoa ba Hao
INTERNET e ka ba sesebelisoa se molemo. Empa joaloka lisebelisoa tse ling tse ngata, e ka sebelisoa hampe. ’Me cyberporn—e leng litšoantšo tsa bootsoa tse tsamaisong ea k’homphieutha—ke mohlala o mong oa tšebeliso e joalo e mpe.
Ba tseba hore na setšoantšo se ka ba matla hakae, batsoali ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho etsa hore bana ba se ke ba khona ho kena mecheng e belaetsang ea boitsebiso e ho Internet. Bukana ea Teen Safety on the Information Highway e fana ka boitsebiso bo thusang tabeng ena. E re: “Ho na le litšebeletso tse hlahlobang mecha ea boitsebiso [e ho Internet] le ho khetha mananeo le mekhoa e ka sebelisoang ho kena mecheng e meng, e leng litšebeletso tse fang batsoali matla a ho thibela mecha eo ba nkang e le e sa lokelang. Mananeo ana a sebetsa ka litsela tse fapaneng. A mang a thibela mecha e tsebahalang ka ho ba le boitsebiso bo sa khahliseng. A mang a thibela basebelisi [ba k’homphieutha] ho fana ka boitsebiso bo itseng joaloka mabitso le liaterese tsa bona. Mananeo a mang a thibela bana ba hao ho kena mecheng ea puisano e bulehileng kapa hona ho ba hanela ho romella kapa ho bala melaetsa ea E-mail. Hangata mananeo ana a ka hlophisoa ke batsoali hore a thibele feela mecha e itseng eo batsoali ba e nkang e sa lokela.”—Bona hape lebokose le reng “Ho Sireletsa Bana Litšoantšong Tsa Bootsoa.”
Leha ho le joalo, ho lokela ho hlokomeloe hore batsoali ba ka thibela bana ba bona hore ba se ke ba sheba mecha e sa rateheng ho isa bohōleng bo itseng feela. Ba ke ke ba beha bana ba bona leihlo ka linako tsohle. ’Me ngoana kapa mocha ea sitoang ho sheba litšoantšo tsa bootsoa hae a ka ’na a khona ho li sheba ka hohle kamoo a ratang k’homphieutheng e sekolong kapa habo ngoana ea kenang sekolo le eena. Ka hona, ho phaella boitekong bohle boo ba bo etsang ho thibela bana ba bona ho sheba litšoantšo tsa bootsoa, batsoali ba tlameha ho ba thusa hore ba be le letsoalo le sebetsang le tla etsa hore ba se ke ba sheba litšoantšo tsa bootsoa le ha ba sa bolelloe ke motho.
E ka ba phoso ho etsa qeto ea hore batho ba baholo ba ka sheba litšoantšo tsa bootsoa kaha ba na le phihlelo e fetang ea bana. Joalokaha re bone sehloohong se ka pele ho sena, litšoantšo tsa bootsoa ha lia loka ho motho leha e le mang!
Leha ho le joalo, ha re nke ho re e se e le nako u sheba litšoantšo tsa bootsoa. Ua hlokomela hore seo u se etsang ha se thabise Molimo ’me u batla ho itokolla mokhoeng ona. Na ho ka khoneha? E. Batho ba itokolla mekhoeng e mebe letsatsi le leng le le leng. Haeba ka sebele u batla ho itokolla mokhoeng oa ho sheba litšoantšo tsa bootsoa, u ka itokolla.
Haeba U Batla ho Itokolla
Mohato oa pele ke hore u khaotse ho sheba litšoantšo tsa bootsoa—hang-hang! Ha u nka nako pele u tlohela, ho tla ba thata haholoanyane ho khaotsa. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba bonolo ho khaotsa ka molomo ho feta ka liketso. Bibele e bolela ka ho toba hore sebe se ka thabisa ka nakoana. (Baheberu 11:25) Empa sebe se ka boela sa lebisa lefung. (Baroma 6:23) Qalong, u ka ’na ua iphumana u ipehela mabaka a mefuta ena eohle a etsang hore u boele u shebe litšoantšo tsa bootsoa. U se ke ua imamela! ’Me u se ke ua inehela tekong ea hore u li shebe hape!
Joalokaha ho boletsoe pejana letotong la lihlooho tsena, ho sheba litšoantšo tsa bootsoa ho ka ama bophelo ba hao ka ho teba. Hlahloba ka botšepehi tsela eo mokhoa ona o amang kamano ea hao le lelapa la hao le metsoalle ka eona. Na u monna le ntate oa lelapa? Ho ka etsahala hore ebe mosali oa hao le bana ba hlokometse liphetoho tse itseng tseleng eo u itšoarang ka eona. Kaha u qalile ho sheba litšoantšo tsa bootsoa, e ka ’na eaba u se u le motho ea koatang lefeela, ea se nang botsoalle, ea patang ntho e ’ngoe le e ’ngoe kapa ea ikhutseng ho batho—mohlomong le ho lemoha u sa lemohe. Ka linako tse ling e ka ’na eaba u se u halefela litho tsa lelapa ntle ho mabaka. Haeba u sheba boitsebiso ba bootsoa, mohlomong boitšoaro ba hao bo senola seo. Metsoalle le litho tsa lelapa li lemohile hore ho na le ho hong ho phoso. Ba mpa ba sa tsebe hona joale hore na hantle-ntle ke eng!
Haeba ka makhetlo u iphumana u hohetsoe ke litšoantšo tsa bootsoa, u se ke ua leka ho loantša bothata u le mong. Kōpa thuso. Kōpa motsoalle ea nang le phihlelo hore a u thuse. Ke ’nete hore ho hloka sebete ho lumela hore u na le bothata ba ho sheba litšoantšo tsa bootsoa, empa motsoalle ea hōlileng tsebong u tla u babatsa ka hore ebe u nkile khato ea ho khaotsa.
Takatso e matla ea ho batla ho thabisa Molimo ka sebele ke lebaka le matla ka ho fetisisa la ho loantša ho sheba litšoantšo tsa bootsoa. Ha re tšoarella tseleng e hloekileng boitšoarong, re thabisa pelo ea Molimo. (Liproverbia 27:11) Ha re latela e fosahetseng, re ‘utloisa pelo ea hae bohloko.’ (Genese 6:6, NW) Haeba u Mokreste, ntle ho pelaelo u amehile ka tsela eo Molimo a ikutloang ka eona. U boetse u lokela ho ameha ka tsela eo u sebelisang kelello ea hao le pelo ea hao ka eona, e leng tse nehetsoeng ho Molimo le tse lokelang ho lula li hloekile bakeng sa tšebeletso ea hae. (Ezekiele 44:23) Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba itlhoekise ‘tšilafatso e ’ngoe le e ’ngoe ea nama le moea, ba phethahatsa khalalelo tšabong ea Molimo.’ (2 Bakorinthe 7:1) E, tšabo e loketseng ea ho se thabise Molimo, ea bonang lintho tsohle, e ka u susumelletsa hore u itokolle mokhoeng oa ho sheba litšoantšo tsa bootsoa.
Ha re re mohlomong ha u ntse u loana ka thata hore u tlohele mokhoa ona, ka phoso u bula Mocha oa boitsebiso o bontšang litšoantšo tsa bootsoa. Koala mocha oo hang-hang! Ha ho hlokahala, tima Internet! Haeba u le tekong ea ho o bula hape, retelehela ho Molimo ka thapelo e tlohang pelong, u mo kōpe hore a u thuse hore u hanele teko eo. Bibele e re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe . . . likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo.” Haeba u iphumana u khathatsoa ke mehopolo e fosahetseng, rapela ho fihlela e kokobela. Joale ‘khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello.’ (Bafilippi 4:6, 7) Ke ’nete hore u tla tlameha ho nkela mehopolo e litšila sebaka ka mehopolo ‘ea ’nete, eo ho amehoang ka eona ka botebo, e lokileng, e hloekileng, e ratehang, e buuoang hantle.’—Bafilippi 4:8.
U ka ’na ua fumana ho thusa ho tšoara ka hlooho litemana tsa Bibele tse kang tse latelang, le hona ho nahanisisa ka tsona.
“Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe!”—Pesaleme ea 97:10.
“Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolele ho ba bang, ’na ka bonna ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.”—1 Bakorinthe 9:27.
“Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse leng lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali.”—Bakolose 3:5.
“E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono.”—1 Bathesalonika 4:4, 5.
“E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.”—Matheu 5:28.
“Banna ba tšoanela ho ba ba ratang basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata.”—Baefese 5:28.
Ho na le mabaka a mangata a ho qoba ho sheba litšoantšo tsa bootsoa. Ho ka ama mokhoa oo u phelang ka oona ka ho teba, ha sira kahlolo ea hao, ha senya likamano tsa hao le ba bang ’me habohlokoa ka ho fetisisa, ha senya kamano ea hao le Molimo. Haeba ha u e-s’o kene mokhoeng oa ho sheba litšoantšo tsa bootsoa, u se ke ua qala. Haeba u se u qalile, khaotsa hang-hang! E-bang li bontšitsoe bukeng kapa makasineng kapa k’homphieutheng, litšoantšo tsa bootsoa ha lia lokela Bakreste. Li qobe ka mekhoa eohle!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho Sireletsa Bana Litšoantšong Tsa Bootsoa
Litlhahiso tse latelang li ka ’na tsa u thusa hore u sireletse ngoana oa hao likotsing tsa litšoantšo tsa bootsoa tse ho “Internet.”
• U se ke ua lumella ngoana oa hao ho sebelisetsa Internet ka kamoreng ea hae. Beha lik’homphieutha tsohle tse hokahantsoeng sebakeng seo litho tsohle tsa lelapa li kenang ho sona habonolo.
• Tseba mananeo a k’homphieutha a sebelisoang ke ngoana oa hao.
• Hlahloba hore na ngoana oa hao ha aa ipulela Mocha oa boitsebiso oo uena u sa tsebeng letho ka oona. Ho hlahloba sena, leka ho sheba lebitso la hae ka ho sebelisa mekhoa ea ho fuputsa e phenyekollang Internet eohle. Ngola lebitso la hae le feletseng ka har’a matšoao a lia-bula le a lia-koala e le hore u qobe ho bula mecha e fosahetseng.
• U se ke ua lumella ngoana oa hao hore a hlophise ho kopana ka ho toba le mosebelisi e mong oa k’homphieutha eo u sa mo tsebeng.—Bona lebokose le reng “Hase Feela ho Iqoqela ho sa Reng Letho.”
• Le ka mohla u se ke ua arabela molaetsa kapa lintho tse hlahang karolong ea litsebiso tse bontšang boitšoaro bo bobe, tse sebelisang puo e tala, tse mabifi kapa tse tšosang.
• Lemosa bana ba hao hore ba se bule boitsebiso bo sa lokelang bo fumanehang ho Internet. Ba rute hore ba tsebe ho ikhalemela le ha u le sieo. Hopola hore lik’homphieutha tsa sekolong kapa tse habo motsoalle e ka ’na eaba ha lia thibeloa litšoantšo tsa bootsoa bakeng sa bana.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bo bong ba boitsebiso bona bo nkiloe bukaneng ea Child Safety on the Information Highway le sehloohong se hlahileng ho Los Angeles Times ea la 5 July, 1999.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]
Hase Feela ho Iqoqela ho sa Reng Letho
Ho lokela ho sebelisoe kelo-hloko e khōlō ha ho sebelisoa mocha oa puisano e bulehileng k’homphieutheng. Mocha oa puisano e bulehileng ke tsamaiso e lumellang basebelisi ba Internet hore ba qoqisane. Ke ’nete hore batho ba bangata ba qoqa le metsoalle ea bona ba sebelisa E-mail. Ba bang ba lulang hōle le litho tse ling tsa lelapa ba khona ho buisana le tsona kamehla ka mokhoa ona. Empa ho na le phapang pakeng tsa ho romela E-mail ho motho eo u mo tsebang le ho etela motho eo u sa mo tsebeng. Na u ne u ka founela linomorong tsa thelefono tseo u kopanang le tsona feela tjee ebe u leka ho theha botsoalle le motho leha e le ofe ea tla arabela? Ho hlakile hore u ne u ke ke! Joale ke hobane’ng ha u theha botsoalle k’homphieutheng le motho eo u sa mo tsebeng ka ho feletseng?
Bothata ba ho qoqa le motho eo u sa mo tsebeng ke ba hore e ka ’na eaba motho eo hase seo a utloahalang eka o sona. Ka mohlala, e ka ’na eaba ke motho ea khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana ’me o batla ho nka monyetla ka ngoana ea sa belaelleng letho kapa mocha.
Parry Aftab, ’muelli oa molao ea sebetsanang ka ho khetheha le linyeoe tse amanang le Internet o hlalosa kamoo sena se leng bonolo kateng. O hlokometse: “Hangata bana ba kena mecheng ea puisano e bulehileng. Batho ba khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana ba hlokomela sena, ba bala melaetsa ena ha e ntse e romeloa le ho arabuoa ’me ba lemoha bana ba jeoang ke bolutu. Ngoana e mong a ka ’na a romela molaetsa o tšoanang le ona, ‘Batsoali ba ka baa hlalana . . . Ke hloile ’Mè, ha ho mohla a nthekelang papali ea k’homphieutha eo ke e batlang.’ . . . Motho enoa ea khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana o kena moqoqong ’me o re ‘Batsoali ba ka baa hlalana . . . Ke hloile ’Mè . . . Ha ho mohla ke fumanang papali eo ke e batlang, ha e se mohla Malome Timmy a ntheketseng eona. . . . Sohle seo u lokelang ho se etsa ke hore u ee setsing sa mabenkele ’me u kopane le Malome Timmy.’” Ha e le hantle “Malome Timmy” enoa ke motho ea khethang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le bana, ea ba nanarelang.
Ka hona, batsoali ba lokela ho boloka kamano e mofuthu le e lerato le bana ba bona. Bolokang mecha ea puisano e bulehile e le hore bana ba tle ba se ke ba batla tšehetso ea maikutlo libakeng tse fosahetseng.
Batho ba baholo ba jeoang ke bolutu kapa ba manyalong a bosula ha baa lokela ho retelehela mecheng ea puisano e bulehileng bakeng sa tšehetso ea maikutlo. Ho retelehela bathong bao u sa ba tsebeng ho kotsi. Batho ba bang ba baholo ba lahlile balekane ba bona ba nkana le eo ba “kopaneng” le eena ka ho qoqisana k’homphieutheng.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka mecha ea puisano e bulehileng k’homphieutheng, ka kōpo bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Nka Qoba Likotsi Tse ho Internet Joang?” tokollong ea Tsoha! ea February 8, 2000.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Thapelo e ka thusa motho hore a hanele teko