Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 8/8 maq. 14-15
  • Na Mesarelo e Lokela ho Bonahatsoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Mesarelo e Lokela ho Bonahatsoa?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phihlelo ea Motsamaisi oa Mapato
  • Litso Tse Fapaneng li Itšoara ka Litsela Tse Fapaneng
  • “Ke Joang Nka Mamellang Bohloko ba ho Shoeloa?”
    Tsoha!—1987
  • U ka Thusoa Ke’ng ha U Siame?
    Tsoha!—2018
  • U ka Mamella ho Sareloa Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Nka Phela le ho Sareloa ha ka Joang?
    Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 8/8 maq. 14-15

Na Mesarelo e Lokela ho Bonahatsoa?

BUKENG ea hae ea On Children and Death, Dr. Elisabeth Kübler-Ross o re: “Batho ba baholo ba bangata-ngata ba hlokofatsoa ke taba ea hore ha baa ka ba ntša bohloko bo ileng ba ba hlahela esale bana. Ka hona, bana ba hloka ho lumelloa ho sareloa ntle le ho bitsoa bo-selallane kapa bo-sepepelloa le bohobe, kapa ho utloa lipolelo tse somang tse kang ‘Monna ke nku ha a lle.’”

Sena se fapane le filosofi e teng linaheng tse ling ea hore motho a se itumelle ho bonahatsa maikutlo a hae.

Phihlelo ea Motsamaisi oa Mapato

Phapang ena e bontšoa ke seo Robert Gallagher, motsamaisi oa mapato New York, a se buileng ha a buisana le Tsoha! O ile a botsoa hore na o hlokomela phapang e itseng tseleng eo matsoalloa a Amerika le bajaki ba tsoang linaheng tsa Latin ba bontšang ho sareloa ha bona ka eona.

“Ke e bona hantle. Ha ke qala mosebetsi ona khale koana lilemong tsa bo-1950, re ne re e-na le malapa a mangata a Mataliana a moloko oa pele sebakeng sena sa rōna. Ba ne ba hlile ba bonahatsa maikutlo a bona. Hona joale re sebelisana le bana ba bona le litloholo tsa bona mapatong, ’me boikutlo bane bo neng bo bonahatsoa ha bo sa le eo. Ha ba bontše maikutlo a bona hakaalo.”

Mehleng ea Bibele, Baheberu ba ne ba bonahatsa ho sareloa ha bona le maikutlo a bona. Hlokomela kamoo Bibele e hlalosang tsela eo Jakobo a ileng a itšoara ka eona ha a ne a etsoa hore a lumele hore mora oa hae, Josefa, o ne a harotsoe ke sebata se mabifi: “Eaba Jakobo o hahola likobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahoashe, a llela mora oa hae ka litšiu tse ngata. Bara ba hae kaofela, le barali ba hae kaofela, ba tla ho mo tšelisa, empa a hana ho itšelisa, a re: Ke tla theohela nģalong ea bafu ho mora oa ka, ke ntse ke lla. Ntat’ae a mo llela joalo.” (Genese 37:34, 35, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) E, Jakobo ha aa ka a hlajoa ke lihlong ha a llela ho lahleheloa ke mora oa hae.

Litso Tse Fapaneng li Itšoara ka Litsela Tse Fapaneng

Ke ’nete hore litso lia fapana. Ka mohlala, likarolong tse ngata tsa Nigeria, le hoja malapa a teng a sekametse ho etseng bana ba bangata ’me lefu le lula le a hlahela nako le nako ka lebaka la maloetse a fapa-fapaneng, mongoli ea nang le phihlelo ea lilemo tse 20 a le Afrika o itse: “Ho ba le mesarelo e meholo ha ngoana a e-shoa, haholo-holo haeba e le oa letsibolo, re se re sa re letho haeba e boetse e le moshanyana. Phapang ke hore Nigeria, mesarelo ea teng e ba ea nako e khutšoanyane empa e le e matla haholo. Ha e nke nako ea bolelele ba likhoeli kapa lilemo.”

Linaheng tsa Mediterranean kapa tsa Latin America, batho ba ’nile ba hōlisetsoa tikolohong eo ho eona ho se pate maikutlo ho nkoang e le ntho ea tlhaho. Mono, thabo le masoabi li bonahatsoa phatlalatsa. Ha ho lumelisanoa, ha ho felloe feela ka ho tšoarana ka matsoho; ho bile ho kopanoa ka matsoho ka tsela e mofuthu. Ka tsela e tšoanang, hangata le mesarelo e bonahatsoa ka meokho le seboko.

Mongoli Katherine Fair Donnelly o re ntate ea shoetsoeng “ha a mamelle feela khatello ea maikutlo ea ho lahleheloa ke ngoana, empa o boetse o mamella le khatello ea ho tšaba ho lahleheloa ke bonna ba hae ka hore a bontše ho sareloa phatlalatsa.” Leha ho le joalo, o re “ho lahleheloa ke ngoana ho ke ke ha beheloa meeli ea hore na ho etsoe eng, ho se ke ha etsoa eng ho bontša maikutlo. Ho etsa ka botšepehi seo motho a utloang a batla ho se etsa e le ho ntša bohloko ka meokho ea ho sareloa ho tšoana le ho phunya seso hore bolalu bo tsoe.”

Ka hona, ha ho tluoa tabeng ea mesarelo, ho e bonahatsa ho tloaelehile linaheng tse ling ho feta ho tse ling. Empa ho sareloa le ho lla ha hoa lokela ho nkoa e le pontšo ea bofokoli. Esita le Jesu Kreste o ile a “ntša meokho” ka lefu la motsoalle oa hae Lazaro, le hoja Jesu a ne a tseba hore o haufi le ho mo tsosa.—Johanne 11:35.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Jakobo ha aa ka a hlajoa ke lihlong ha a llela ho lahleheloa ke mora oa hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela