Ho Sebetsana ka Katleho le Mathata a Tšoelesa ea Senya
“Ha ke ne ke le lilemo li 54, ke ile ka qala ho ntša metsi khafetsa, ka linako tse ling ka mor’a metsotso e meng le e meng e 30. Letšoao lena le ile la etsa hore ke iteanye le ngaka, ’me ke ile ka fumana hore tšoelesa ea ka ea senya e ne e lokela ho tlosoa.” Litlhaloso tse tšoanang le ena li tloaelehile litleliniking tse sebetsanang le phekolo ea tšoelesa ea senya lefatšeng ho pota. Ke eng seo monna a ka se etsang ho thibela mafu a tšoelesa ea senya? Ke neng a lokelang ho batla keletso ea ngaka?
TŠOELESA EA SENYA e bōpehile joaloka nate, e fumanoa ka tlas’a senya ’me e pota-potile kanale ea ho ntša metsi (urethra). (Bona setšoantšo sa noka ea monna.) Ho monna ea hōlileng ea itekanetseng, e boima ba ligrama tse 20 ’me tekanyo ea eona, ha e le e khōlō ka ho fetisisa, ke lisenthimithara tse 4 ho tloha ka pele ho ea ka morao, le lisenthimithara tse 3 ho tloha holimo ho ea tlaase, le lisenthimithara tse 2 ka bophara. Mosebetsi oa eona ke ho hlahisa lero le etsang bonyane karolo ea 30 lekholong ea mokelikeli oa peō ea botona. Lero lena, le nang le citric acid, k’halsiamo, le metsoako e potlakisang tšebetso ea lik’hemik’hale ’meleng, ho ka etsahala hore ebe le ntlafatsa ho tsamaea (bokhoni ba ho itsamaisa) ha peō ea botona le matla a ho ba le bana. Ho feta moo, lero le ntšoang ke tšoelesa ea senya le akarelletsa zinki, eo bo-rasaense ba nahanang hore e sireletsa khahlanong le mafu a amanang le tšoaetso ea litho tsa botona kapa tsa botšehali.
Ho Lemoha ha Motho a Tšoeroe ke Tšoelesa ea Senya
Matšoao a mangata a bang teng nokeng ea monna a amana le lefu la ho ruruha kapa la ho ba le hlahala ha tšoelesa ea senya. Prostatitis—e leng ho ruruha ha tšoelesa ea senya—e ka baka feberu, ho ntša metsi haboima, le bohloko nkotong kapa senyeng. Ha tšoelesa ea senya e ruruhile haholo, e ka sitisa mokuli ho ntša metsi. Haeba ho ruruha ho bakoa ke baktheria, lefu lena le bitsoa bacterial prostatitis, ’me e ka ba la nakoana feela kapa le sa foleng. Hangata le amahanngoa le ho tšoaetsoa ha litho tse sebetsanang le ho ntša metsi ’meleng. Leha ho le joalo, mabakeng a mangata, sesosa sa ho ruruha ha se fumanehe, ’me ka lebaka leo lefu lena le bitsoa nonbacterial prostatitis.
Mathata a tloaelehileng a tšoelesa ea senya ke ho tota ha ho batla ho ntša metsi khafetsa, ho ntša metsi le har’a bosiu, ho fokotseha ha matla a ho ntša metsi, le ho ba le boikutlo ba hore metsi ha aa tsoa ka ho feletseng senyeng. Hangata ana ke matšoao a lefu la benign prostatic hyperplasia (BPH)—e leng ho hōla ha tšoelesa e se nang kankere—le ka tšoarang banna ba ka holimo ho lilemo tse 40. Monyetla oa ho ba le lefu la BPH o eketseha le lilemo. Le fumaneha karolong ea 25 lekholong ea banna ba lilemo li 55 le karolong ea 50 lekholong ea banna ba lilemo li 75.
Tšoelesa ea senya e ka boela ea hlaseloa ke lihlahala tse kotsi. Ka tloaelo, kankere ea tšoelesa ea senya e hlokomeleha tlhahlobong e tloaelehileng, esita leha ho se na matšoao a eona. Maemong a seng a mpefetse haholoanyane, ho ka etsahala hore senya se ruruhileng se lule se bolokile metsi ka hare. Ha kankere e se e nametse lithong tse ling, ho ka ’na ha e-ba bohloko ka mokokotlong, ha e-ba le matšoao a boloetse ba methapo le ho ruruha maoto ka lebaka la tšitiso tsamaisong ea methapo e menyenyane ea mali. Selemong se seng sa morao tjena, United States e le ’ngoe e tlalehile palo e ka holimo ho 300 000 ea lipeho tse ncha tse amanang le kankere ea tšoelesa ea senya le ho shoa ha batho ba 41 000 ho bakuoeng ke lefu lena. Bo-rasaense ba lumela hore banna ba etsang karolo ea 30 lekholong ba mahareng a lilemo tse 60 le 69 le ba etsang karolo ea 67 lekholong ba mahareng a lilemo tse 80 le 89 ba tla ba le kankere ea tšoelesa ea senya.
Ke Mang eo ho ka Etsahalang Hore a be le Eona?
Lipatlisiso li bontša hore menyetla ea ho ba le kankere ea tšoelesa ea senya e eketseha haholo ka mor’a lilemo tse 50. United States, kankere ena e atile hoo e ka bang ka makhetlo a mabeli har’a banna ba batšo ho feta har’a banna ba makhooa. Ho ata ha lefu lena hoa fapana lefatšeng ho pota, le phahame Amerika Leboea le linaheng tsa Europe, le mahareng Amerika Boroa, ’me le tlaase Asia. Sena se bontša hore phapang ea tikoloho le lijo e ka ba tsa bohlokoa ho ateng ha kankere ea tšoelesa ea senya. Ha monna a fallela naheng eo ho eona lefu lena le atileng haholoanyane, menyetla ea hore le eena a be le lona e ka eketseha.
Banna bao litho tsa malapa a bona li nang le kankere ea tšoelesa ea senya le bona ba na le menyetla e meholoanyane ea ho ba le eona. American Cancer Society ea hlalosa: “Ho ba le ntate kapa ngoan’abo motho ea nang le kankere ea tšoelesa ea senya ho ka etsa hore menyetla ea monna ea hore a be le lefu lena e eketsehe habeli.” Mabaka a mang a eketsang kotsi ke lilemo, morabe, bochaba, tlaleho ea lelapa ea phekolo ea meriana, mofuta oa lijo tse jeoang, le ho se be mahlahahlaha. Banna ba jang lijo tse mafura le ba atisang ho itulela feela ba sa etse letho ba eketsa menyetla ea bona ea ho ba le kankere ena.
Ho Thibela Mafu a Tšoelesa ea Senya
Le hoja bo-rasaense ba ntse ba sa tsebe hantle hore na ke eng e bakang kankere ea tšoelesa ea senya, ba lumela hore liphatsa tsa lefutso le li-hormone e ka ’na eaba lia ameha. Ka lehlohonolo, re ka laola mabaka a mabeli a eketsang kotsi—e leng lijo tseo re li jang le ho se be mahlahahlaha. American Cancer Society e khothalletsa hore “u fokotse ho ja lijo tse nang le mafura a mangata tse nang le nama empa u khethe boholo ba lijo tseo u li jang lijong tse entsoeng ka meroho.” Hape e khothalletsa ho ja “litholoana le meroho hahlano kapa ho feta ka letsatsi,” haesita le bohobe, lijo-thollo, pasta, le lihlahisoa tse ling tsa lijo-thollo, raese le linaoa. Litamati, li-grapefruit le mahapu li na le li-lycopene tse ngata—e leng metsoako ea lik’hemik’hale e tsoakanang le oksijene e thusang ho thibela DNA ho senyeha ’me e ka thusa le ho fokotsa monyetla oa ho ba le kankere ea tšoelesa ea senya. Litsebi tse ling li bolela hore mohlomong litlama tse itseng le liminerale li ka thusa.
American Cancer Society le American Urological Association li lumela hore ho hlahlojoa esale pele bakeng sa kankere ea tšoelesa ea senya ho ka boloka bophelo. Phekolo e ka atleha haholoanyane ha kankere ena e fumanoa e sa le qalong. American Cancer Society e khothalletsa banna ba lilemo tse ka holimo ho 50, kapa ba ka holimo ho lilemo tse 45 ba nang le monyetla o moholoanyane oa ho ba le lefu lena, hore ba fete tlhahlobong ea ngaka selemo le selemo.a
Tlhahlobo ena e tšoanela ho kopanyelletsa ho hlahlojoa ha mali bakeng sa prostate-specific antigen (PSA). Antigen ena ke protheine e hlahisoang ke lisele tsa tšoelesa ea senya. Ea ngatafala ha ho e-na le mafu a tšoelesa ea senya. American Cancer Society e re: “Haeba tlhahlobo ea hao ea PSA e se boemong bo tloaelehileng, kōpa ngaka ea hao ho u hlalosetsa ka monyetla oo u nang le oona oa ho ba le kankere le tlhokahalo ea ho etsa litlhahlobo tse eketsehileng.” Tlhahlobo e bitsoang digital rectal exam (DRE) le eona ea akarelletsoa. Ha e tšoara mohlamu oa mokuli, ngaka e ka khona ho utloa haeba ho e-na le karolo leha e le efe e sa tloaelehang ka har’a tšoelesa ea senya, hobane tšoelesa ena e fumaneha karolong e ka pele ea mohlamu. (Bona setšoantšo sa noka ea monna leqepheng la 16.) Tlhahlobo ea transrectal ultrasound (TRUS) ke ea bohlokoa “ha PSA kapa DRE li bontša hore ho na le ntho e sa tloaelehang” ’me ho hlokahala hore ngaka e etse qeto ea hore na e khothalletsa hore ho etsoe tlhahlobo ea lisele tsa tšoelesa ea senya kapa che. Tlhahlobo ena e nka metsotso e ka bang 20.
Ho phaella ho lemoheng kankere ea tšoelesa ea senya, tlhahlobo ea selemo le selemo ea litho tse sebetsanang le ho ntša metsi ’meleng e ka senola BPH, eo ho builoeng ka eona pejana, e sa le mohatong o qalang, e leng ho ka etsang hore ho qojoe phekolo e khahlapetsang. (Bona lebokose le nang le sehlooho se reng, “Mekhoa ea ho Phekola BPH.”) Boitšoaro bo hloekileng bo sireletsa motho mafung a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, a ka bakang prostatitis.
Ka sebele tšoelesa ea hao ea senya e lokela ho sireletsoa le ho hlokomeloa. Monna eo ho builoeng ka eena qalong ea sehlooho sena o boletse hore o se a folile ka ho feletseng ka mor’a ho buuoa. Maikutlo a hae ke hore “banna bohle ba lokela ho feta tlhahlobong ea lingaka bakeng sa ho thibela lefu leo selemo le selemo,” le haeba ba se na matšoao leha e le afe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba u lilemong tsena, u mengoa hore u hlahlobe lebokose le nang le sehlooho se reng, “Lethathamo la Matšoao a Benign Prostatic Hyperplasia (BPH).”
[Lebokose le leqepheng la 17]
Lethathamo la Matšoao a Benign Prostatic Hyperplasia (BPH)
Tataiso: Araba lipotso tse ka tlaase ka ho etsa selikalikoe ho potoloha nomoro e loketseng.
Lipotso 1-6 li lokela ho arabeloa ka mokhoa ona:
0—Ho hang
1—Makhetlo a ka tlaase ho le le leng makhetlong a mahlano
2—Makhetlo a ka tlaase ho halofo ea nako eo
3—Makhetlo a ka etsang halofo ea nako eo
4—Makhetlo a ka holim’a halofo ea nako eo
5—Hoo e batlang e le kamehla
1. Khoeling e fetileng, ha u qeta ho ntša metsi, ke ka makhetlo a makae u ileng ua ba le boikutlo ba hore ha ua ntša metsi a ka har’a senya ka ho feletseng? 0 1 2 3 4 5
2. Khoeling e fetileng, ke ka makhetlo a makae u ileng ua tšoanela ho ntša metsi hape ka nako e ka tlaase ho lihora tse peli ka mor’a hore u ntše metsi? 0 1 2 3 4 5
3. Khoeling e fetileng, ke ka makhetlo a makae u iphumaneng u emisa le ho qalella hape ka makhetlo a ’maloa ha u ntse u ntša metsi? 0 1 2 3 4 5
4. Khoeling e fetileng, ke ka makhetlo a makae u ileng ua sitoa ho suthisetsa nako ea ho ntša metsi morao? 0 1 2 3 4 5
5. Khoeling e fetileng, ke ka makhetlo a makae u bileng le matla a fokolang a ho ntša metsi? 0 1 2 3 4 5
6. Khoeling e fetileng, ke ka makhetlo a makae moo u ileng ua tšoanela ho sokola pele u ntša metsi? 0 1 2 3 4 5
7. Khoeling e fetileng, ka karolelano, ke ka makhetlo a makae u ileng ua tšoanela ho tsoha bosiu ho ea ntša metsi, ho tloha nakong eo u ileng ua robala ka eona ho fihlela ha u tsoha hoseng? (Etsa selikalikoe ho potoloha palo ea makhetlo.) 0 1 2 3 4 5
Kakaretso ea linomoro tseo u entseng selikalikoe ho li potoloha ke lintlha tsa hao tsa matšoao a BPH. A fokolang: 0-7, a itekanetseng: 8-19, a matla haholo: 20-35.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ho tsoa ho American Urological Association
[Lebokose le leqepheng la 18]
Mekhoa ea ho Phekola BPH
◼ LITHETHEFATSI: Ho sebelisoa meriana e mengata e fapaneng, ho latela matšoao a mokuli e mong le e mong. Ke ngaka ea hao feela e ka laelang hore u e fuoe.
◼ HO LEBELA KA HLOKO: Mokuli o mpa feela a hlahlojoa ke ngaka khafetsa ’me ha a sebelise lithethefatsi.
◼ PHEKOLO EA HO BUUOA:
(a) Ha ho tlosoa tšoelesa ea senya ka ho kenya ntho e phunyelletsang kanale ea ho ntša metsi (transurethral resection of the prostate [TURP]), ngaka e buoang e kenya sesebelisoa (resectoscope) se phunyelletsang kanale ea ho ntša metsi se nang le sekhoketsane sa motlakase se sehang linama le ho koala methapo ea mali. Ha ho hlokahale hore mokuli a sehoe ka ntle. Ho nka metsotso e ka bang 90. Mekhoa ena ea ho kenya ntho e phunyelletsang kanale ea ho ntša metsi ha e bohloko haholo ha e bapisoa le mekhoa ea ho buuoa ka ho toba.
(b) Ho sehoa ha tšoelesa ea senya ka ho kenya ntho e phunyelletsang kanale ea ho ntša metsi (Transurethral incision of the prostate [TUIP]) ho tšoana le TURP. Leha ho le joalo, mokhoa ona o pharalatsa kanale ea ho ntša metsi ka ho e seha moo e kopanang le senya teng ka makhetlo a ’maloa le ka ho seha tšoelesa ea senya ka boeona.
(c) Ho buuoa ka ho toba ho sebelisoa haeba mokhoa oa ho kenya ntho e phunyelletsang kanale ea ho ntša metsi o ke ke oa sebelisoa kahobane tšoelesa ea senya e ruruhile haholo. Ho buuoa ka ho toba ho hloka hore mokuli a sehoe ka ntle.
(d) Ho buuoa ka “laser” ke ho sebelisa mahlaseli a laser ho tsekolla linama tsa tšoelesa ea senya tse sitisang.
Mokuli o lokela ho etsa qeto ea ho qetela mabapi le hore na ke mokhoa ofe oa phekolo oo a tla o amohela, haeba o le teng. Tlaleho ea morao tjena ho The New York Times e ile ea hlalosa hore litsebi tse ling lia qeaqea ha ho tluoa tabeng ea ho hlahloba kankere ea tšoelesa ea senya, haholo-holo ho banna ba seng ba batla ba hōlile, hobane “ke lefu le ka ’nang la lieha ho hlaha ’me mohlomong le ke ke la baka tšenyo e sa feleng ’meleng, athe phekolo ea lona hangata e ka baka liphello tse tebileng.”
[Lebokose le leqepheng la 18]
Lipotso Tseo U ka li Botsang Ngaka ea Hao Pele U Buuoa
1. Ke mofuta ofe oa ho buuoa oo u o khothalletsang?
2. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ke buuoe?
3. Na ho na le se seng se ka etsoang ho e-na le ho buuoa?
4. Ke melemo efe eo nka e ruang ka lebaka la ho buuoa?
5. Ke likotsi life tse ka hlahang ka lebaka la ho buuoa? (Ka mohlala, ho tsoa mali haholo kapa ho hloka matla a ho ba le bana)
6. Ho tla etsahala’ng ha ke sa buuoe?
7. Ke hokae moo nka fumanang keletso ea bobeli?
8. Ke phihlelo efe eo u nang le eona ea ho etsa tšebetso ee ea ho buoa ntle le tšelo ea mali?
9. Tšebetso ee ea ho buoa e tla etsetsoa hokae? Na lingaka le baoki ba sepetlele ba hlompha litokelo tsa mokuli mabapi le tšelo ea mali?
10. Ke mofuta ofe oa tšebeliso ea lithethefatsi (anesthesia) e etsang hore mokuli a se ke a utloa bohloko eo ke tla e hloka? Na ngaka e tlang ho nkenta ka lithethefatsi tse etsang hore ke se ke ka utloa bohloko e na le phihlelo ea ho buoa ntle le tšelo ea mali?
11. Ho tla nkuka nako e kae hore ke hlaphoheloe?
12. Ho buuoa ho tla bitsa bokae?
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 16]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Setšoantšo sa noka ea monna
Senya
Tšoelesa ea senya
Mohlamu
Kanale ea ho ntša metsi
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Lijo tse hahang le boikoetliso bo itekanetseng li ka thusa ho fokotsa monyetla oa ho ba le kankere ea tšoelesa ea senya