Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 5/8 leq. 3
  • Lichankana li Maqakabetsing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lichankana li Maqakabetsing
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Tharollo ke Karolo ea Bothata?
    Tsoha!—2001
  • Na Bothata ba Bokebekoa Bo Ka Rarolloa?
    Tsoha!—2008
  • “Na Boitšoaro ba Batšoaruoa bo ka Fetoloa?”
    Tsoha!—2005
  • Na Phetoho ea Sebele Boitšoarong ke Ntho e ka Etsahalang?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 5/8 leq. 3

Lichankana li Maqakabetsing

“Ho haha lichankana tse eketsehileng bakeng sa ho rarolla bothata ba tlōlo ea molao ho tšoana le ho haha litša tse eketsehileng tsa mabitla ho rarolla bothata ba lefu le bolaeang.”—ROBERT GANGI, SETSEBI SA KHALEMELO EA BATŠOARUOA.

LEFATŠENG leo ho lona ho nepahala ha se entsoeng ke batho ba lipolotiki hangata ho koahelang lehlakore le sa rateheng la lintho tsa sebele tse etsahalang, re na le mantsoe a monatjana bakeng sa lentsoe le tepelletsang la “chankana.” Re khetha lentsoe “setsi sa batlōli ba molao” kapa “lehae la khalemelo ea batšoaruoa,” moo ho fanoang ka “koetliso ea mosebetsi oa matsoho” le “litšebeletso tsa sechaba.” Re bile re rata ho sebelisa lentsoe “motšoaruoa” ho e-na le ho sebelisa le se nang botho la “lepantiti.” Leha ho le joalo, sheba ka nģ’ane ho ponahalo e thetsang ’me u tla fumana hore lichankana li talimane le mathata a tebileng kajeno, a kang a litšenyehelo tse phahamang ka potlako tsa ho boloka batlōli ba molao ba koaletsoe hammoho le lekhalo le ntseng le eketseha ho feta leha e le neng pele lipakeng tsa sepheo sa ho koalla motho le liphello tsa sebele tse hlahang.

Batho ba bang ba na le pelaelo ea hore na ebe lichankana li fela li e-na le thuso na. Ba hlokomela hore le hoja palo ea batšoaruoa lefatšeng ka bophara e nyolohetse ka holimo ho limilione tse robeli, tlōlo ea molao eona ha ea fokotseha hakaalo linaheng tse ngata. Ho feta moo, le hoja palo e khōlō ea ba chankaneng e le ka lebaka la tlōlo ea molao e amanang le lithethefatsi, boteng ba tsona seterateng bo ntse bo baka ngongoreho e khōlō.

Leha ho le joalo, ba bangata ba rata kotlo ea ho kenya motho chankaneng. Ba nka hore ha motlōli oa molao a koalloa, ho sebelisitsoe toka. Moqolotsi e mong oa litaba o hlalosa cheseho ea ho koalla batlōli ba molao chankaneng e le “bohlanya bo keneng ba ho hlahlela batlōli ba molao chankaneng.”

Ho na le mabaka a sehlooho a mane ao ka ’ona batlōli ba molao ba koalloang chankaneng: (1) ho otla batlōli ba molao, (2) ho sireletsa sechaba, (3) ho thibela litlōlo tsa molao nakong e tlang le (4) ho fetola boitšoaro ba linokoane, ho ba ruta ho mamela molao le hore ba itšebeletse ha ba lokolloa. A re hlahlobeng hore na lichankana li finyella lipakane tsena na.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela