Na Phetoho ea Sebele Boitšoarong ke Ntho e ka Etsahalang?
“Ha ho na motho ea ka qobellang e mong hore a fetole boitšoaro. Phetoho e lokela ho tsoa pelong ea motho ’me a ikemisetse.”—VIVIEN STERN, A SIN AGAINST THE FUTURE—IMPRISONMENT IN THE WORLD.
SENOTLOLO sa bohlokoa sa hore batšoaruoa ba fetohe ka ho feletseng boitšoarong se itšetlehile ka thuto le ka phetoho e itseng litekanyetsong le boikutlong. Ntle ho pelaelo, ho na le batho bao ka tieo ba etsang boiteko ba ho ruta le ho thusa batšoaruoa. Ka sebele batšoaruoa ba bangata ba ananela mosebetsi o motle le o se nang boithati oa batho ba joalo.
Batho ba bang ba ka ’na ba pheha khang ea hore tsamaiso eohle ea lichankana e ke ke ea fetoloa le hore ho thata hore batšoaruoa ba fetohe ha ba le tikolohong e joalo. Le hoja e le ’nete hore ho koalloa chankaneng ka bohona ha ho rute litekanyetso tse ncha tsa boitšoaro, taeo ea Bibele e thusitse ba bang hore ba fetole bophelo ba bona. Sena se bontša hore ke ntho e ka etsahalang hore phetoho e be teng ho motho ka mong.
Kajeno, ka thuso ea Bibele, batšoaruoa ba bang ba etsa liphetoho tse etsang hore ba nahane le ho itšoara ka tsela e nepahetseng. Joang? Ka ho mamela keletso ea Bibele: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) See se finyelloa joang?
Karolo e Phethoang ke Bibele
Batho ba bangata ba nahana hore bolumeli bo ka phetha karolo e khōlō ho thuseng batšoaruoa hore ba bakele liketso tsa bona tsa pele. Ka ho hlakileng, bothata bo ka sehloohong ka sena ke hore phetoho leha e le efe eo motšoaruoa a ka e etsang ha a le chankaneng e ka ’na ea fela hang ha a lokolloa. Motšoaruoa e mong o hlalosa tjena: “Batho ba bangata ba fumana Kreste sebakeng sena—empa hang ha ba tsoa ho sona, ba siea Kreste hona moo!”
Phihlelo e bontšitse hore phetoho ea sebele e lokela ho etsahala ka hare—kelellong ea motlōli oa molao hammoho le pelong ea hae—le hore motheo oa eona e lokela ho ba ho baka ha ’nete bakeng sa lintho tse fosahetseng tseo a ileng a li etsa. Lenaneo la thuto ea Bibele le ka thusa motho ea joalo hore a ithute kamoo Molimo a ikutloang kateng ka bokhopo le hore na ke hobane’ng ha bo fosahetse. Sena se ka mo fa mabaka a matla a hore a se ke a batla ho tsoela pele tseleng e joalo.
Lipaki tsa Jehova li fana ka lenaneo le joalo la thuto ea Bibele lichankaneng tse ngata ho pota lefatše, ’me li ba le liphello tse babatsehang. (Bona leqephe la 10.) Motšoaruoa e mong o itse: “Re thusitsoe hore re fumane seo Bibele e se buang ka morero oa bophelo le litlhohonolofatso tseo bokamoso bo li tšoaretseng moloko oa batho,” a ba a phaella ka ho re: “Ke thuto e tsotehang haholo!” Motšoaruoa e mong o itse: “Re etsa qeto re itšetlehile ka keletso ea Molimo. . . . Re bona liphetoho tseo re li etsang. Rea tseba hore na lintho tse tlang pele bophelong ke life.”
Ka ho hlakileng, tlhokahalo ea hore motho a fetohe boitšoarong ha e felle ka chankaneng feela. Tharollo ea sebele maqakabetsing a lichankana e itšetlehile ka ho felisoa ha mabaka a etsang hore lichankana li tlamehe ho ba teng. ’Nete e ’ngoe e babatsehang ea Bibele e ammeng lipelo tsa batšoaruoa ba bangata e hlalositsoe tšepisong ea Molimo: “Baetsi ba bobe ba tla felisoa . . . Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:9, 29.
Ha seo se etsahala, litekanyetso tsa Molimo tse phahameng li tla tiisoa ke ’muso o se nang bobolu o lokileng le o tiileng, ’Muso oa Molimo oa leholimo tlas’a Kreste—’muso oo Bakreste ba rutiloeng hore ba o rapelle. (Matheu 6:10) Lefatšeng leo le lecha, moahi e mong le e mong o tla fetoha boitšoarong ka ho ithuta melao e phahameng ea Molimo. Joale, ho feta leha e le neng pele, ka sebele “lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esaia 11:9) Liphello e tla ba life? Baahi ba mamelang molao ba lefatše le lecha “ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ho ba fa Monyetla oa Tšepo
Ka lilemo tse fetang 20, basebeletsi ba baithaopi ba Lipaki tsa Jehova ba ’nile ba etsa mosebetsi o atlehang oa lenaneo le rutang le thehiloeng Bibeleng chankaneng ea ’muso e Atlanta, Georgia, U.S.A. Nakong eo, batšoaruoa ba fetang 40 ba thusitsoe hore e be basebeletsi ba kolobelitsoeng ba Lipaki tsa Jehova, ’me batšoaruoa ba bang ba fetang 90 ba boetse ba fumane molemo thutong ea kamehla ea Bibele.
Haufinyane tjena Tsoha! e buile le matichere a seng makae a Bibele a ’nileng a sebetsa chankaneng eo ka boitelo.
◼ Ke hobane’ng ha thuto ea Bibele e atleha hakaale ho susumetsa batšoaruoa ba bang hore ba etse liphetoho bophelong ba bona?
David: Batšoaruoa ba bangata ke batho ba sa kang ba bontšoa lerato, esita le ho tloha bongoaneng. Ka lebaka leo, ha ba ithuta hore Molimo oa ba rata, ba tšollela maikutlo a bona ho eena ka thapelo ’me a arabela lithapelo tsa bona, o fetoha motho oa sebele ho bona. Lipelo tsa bona li ba susumelletsa hore ba mo rate.
Ray: Motšoaruoa e mong eo ke ithutileng le eena o ne a hlekefetsoa ha e sa le ngoana. Ha ke mo botsa hore na ke eng e ileng ea mo atametsa ho Jehova, o ile a araba ka ho re ha u ithuta ’nete ea Bibele, u fumana hore Jehova o fela a u utloisisa. Sena se ile sa etsa hore a batle ho ithuta ho eketsehileng ka botho ba Molimo eo ea lerato.
◼ Ba bang ba tla re batšoaruoa ba fetohela bolumeling hobane ba e-na le sepheo se itseng—ho fokotsa kahlolo ea bona kapa hore feela ba fetise nako. Phihlelo eo u bileng le eona e pakile eng?
Fred: Ha batšoaruoa ba tla thutong ea rōna, ha re ba fe maikutlo a hore re tl’o ba thusa hore ba lokolloe. Re bala Bibele feela le bona. Ka potlako feela, ba lemoha hore ba tlil’o rutoa ka Bibele le hore ke sona phetho seo re se etsang. Ba bang ba ’nile ba tla ho ’na ’me ba nkōpa hore ke ba thuse linyeoeng tsa bona. Tseo ha ke li kene. Ka lebaka leo, ba tlang sehlopheng sa thuto ’me ba sa khaotse tseleng, ke bao ka sebele ba batlang ho ithuta seo Bibele e se buang.
Nick: Ke hlokometse phetoho e etsoang ke batšoaruoa ba bang ha ba ntse ba le chankaneng. Ba bang ba fetohile basebeletsi ba kolobelitsoeng ’me ba ’nile ba hlokofatsoa ke batšoaruoa ba bang haholo. Seo se ba imela haholo. Haeba Bibele e ne e sa ba ama lipelo, ba ne ba ke ke ba khona ho lula ba tšepahala tlas’a maemo ao.
Israel: Hangata ke batho ba nang le takatso e matla ea ho ithuta ka Jehova, ’me ba bontša sena ka tsela e ntle. U ka bona hore ke ntho e tsoang pelong.
Joe: Bao e bang Bakreste ba ’nete ke ba utloisisang hore na ke hobane’ng ha lintho li ile tsa senyeha bophelong ba bona. Ba boetse ba utloisisa hore ho na le tšepo ea hore ba fetohe—ba buleheloa ke monyetla oa tšepo. Joale, ba ka lebella ka pelo eohle ho phethahala ha tšepiso ea Jehova ka bokamoso.
◼ Ke hobane’ng ha lichankana ka botsona li sitoa ho fetola batlōli ba molao?
Joe: Morero oa lichankana hase ho thusa batho ho tlohela mekhoa ea bona, empa ke ho boloka linokoane li le thōko le sechaba. Ke oona motso oa bothata—khopolo eo chankana e nang le eona ka batho bana.
Henry: Tsamaiso ea chankana e sitoa ho fetola lipelo tsa batlōli ba molao. Boholo ba batho bana ba il’o boela ba pheta litlōlo tsa bona tsa molao ha ba lokolloa.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Batšoaruoa ba bangata ba thusitsoe hore ba ithute ’nete ea Bibele