Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 5/8 maq. 4-7
  • Na Tharollo ke Karolo ea Bothata?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Tharollo ke Karolo ea Bothata?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likolo Tsa Batlōli ba Molao
  • Tšenyehelo e Bang Teng Sechabeng
  • Ngongoreho ea Sechaba ea Eketseha
  • Na ho Khotsofatsoa Sechaba?
  • Na Phetoho ea Sebele Boitšoarong ke Ntho e ka Etsahalang?
    Tsoha!—2001
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lichankana li Maqakabetsing
    Tsoha!—2001
  • “Le Fetotse Maikutlo ao ke Neng ke E-na le ’Ona ka Lipaki Tsa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Tsoha!—2001
g01 5/8 maq. 4-7

Na Tharollo ke Karolo ea Bothata?

“Ho tlotlolla le ho nyahamisa batšoaruoa ke mokhoa o kotsi ka ho fetisisa oa ho ba lokisetsa bophelo ba ha ba se ba lokolotsoe.”—KA MOHLOPHISI HO THE ATLANTA CONSTITUTION.

MAEMONG a mangata, lichankana li sebetsa feela joaloka ntho e thibelang—le hona e le ea nakoana. Ha motšoaruoa a lokolloa, na o fela a lefile molato oa tlōlo ea molao eo a e entseng? Ho thoe’ng ka bahlaseluoa le beng ka bona ba ba ratang? Rita o ile a ipiletsa ka tieo ha ’molai oa mora oa hae ea neng a le lilemo li 16 a ne a lokolloa ka mor’a hore a koalloe lilemo tse tharo feela: “Ke ’mè oa ngoana ea bolailoeng. Ak’u eme hanyenyane. Nahanisisa ka sena. Na ua utloisisa hore na see se bolela eng?” Joalokaha taba ena ea Rita e bontša, hangata tlokotsi e sala e le teng le ka mor’a nako e telele makhotla a qetile ho sebetsa nyeoe le likoranta li se li sa e behe leqepheng le qalang e le taba ea sehlooho.

Taba ena ha e ame feela bao tlōlo ea molao e ammeng bophelo ba bona empa e boetse e ama motho e mong le e mong. Etsoe ho sa tsotellehe hore na ha batšoaruoa ba lokolloa ba fetohile boitšoarong kapa ba tiile lipelo le ho feta ka lebaka la phihlelo eo ba bileng le eona chankaneng, sena se amana le khotso ea hao ea kelello, esita le eona tšireletseho ea hao.

Likolo Tsa Batlōli ba Molao

Hase kamehla tsamaiso ea lichankana e felisang boitšoaro ba batlōli ba molao. Makasineng ea Time, Jill Smolowe o ngotse: “Ha ho senngoa chelete e ngata ho hahuoa lisele tse eketsehileng tsa chankana ho e-na le ho haha mohopolo oa motšoaruoa bocha, hangata seo se lebisa tlōlong ea molao e eketsehileng—esita le e mpe ka ho fetisisa.” Peter,a ea qetileng lilemo tse 14 a koaletsoe, o lumellana le polelo eo. O re: “Boholo ba batho bao ke neng ke tšoeroe le bona bo qalile ka tlōlo ea molao e fokolang, eaba bo fetela pele tlōlong ea molao e amanang le thepa, qetellong ba etsa feko ka litlōlo tsa molao tse tebileng khahlanong le batho ba bang. Ho bona, lichankana li joalo ka likolo tse rupelang. Ba tsoa ho tsona ba le babe le ho feta.”

Le hoja lichankana li ka tlosa batlōli ba molao literateng ka nakoana, ho bonahala li etsa ho fokolang—haeba ho e-na le seo li se etsang—ho thibela tlōlo ea molao ka nako e telele. Bashanyana le bahlankana ba metseng e ka hare ho litoropo hangata ba nka ho koalloa chankaneng e le pontšo ea hore u se u le monna. Hangata ba qetella e le batlōli ba molao ba tiileng lipelo. Larry ea qetileng boholo ba bophelo ba hae a kena le ho tsoa chankaneng o re: “Ho hang chankana ha e fetole boitšoaro ba motho. Batšoaruoa bana ba lokolloa chankaneng ebe ba pheta ketso eo ba neng ba e tšoaretsoe.”

Ho latela phuputso e ’ngoe ea United States, ho ‘ipheta-pheta’ hona ho ka ’na ha hlalosa lebaka leo ka lona karolo ea 50 lekholong ea litlōlo tsohle tsa molao tse tebileng li etsoang ke batlōli ba molao ba ka etsang karolo ea 5 lekholong. Makasine ea Time ea hlalosa: “Ha batšoaruoa ba se na mokhoa o molemo oa ho qhoba nako, hangata ba sebelisa nako eo ba hōlisa lehloeo, re se re sa re letho ka ho nahana maqiti a botlokotsebe a ho k’hothotsa, ao . . . ba tla a sebelisa ha ba lokolloa.”

Boemo bona ha se bo ikhethang feela United States. John Vatis, eo e leng ngaka chankaneng ea sesole ea Greece, o re: “Lichankana tsa rōna li fetohile tse ntle haholo bakeng sa ho hlahisa batho ba sokelang, ba mabifi le ba sehlōhō. Ha ba lokolloa, boholo ba batšoaruoa bo batla ho ‘iphetetsa’ sechabeng.”

Tšenyehelo e Bang Teng Sechabeng

Maqakabetsi a chankana a kenella le ho ea fihla pokothong ea hao. Ka mohlala, ho hakanyetsoa hore United States, ka selemo ho sebelisoa chelete ea ba lefang lekhetho e kaalo ka R160 000 bakeng sa motšoaruoa e mong le e mong. Batšoaruoa ba lilemo li ka holimo ho 60 ba ka ja chelete e menneng eo hararo. Linaheng tse ngata, kholiseho ea sechaba litsamaisong tsa ho ahlola batlōli ba molao e-ea fela ka mabaka a mang a eketsehileng. Ho na le ba amehileng ka ho lokolloa ha batlōli ba molao pele kahlolo ea bona e fela hammoho le batlōli ba bang ba khonang ho qoba kahlolo ea chankana hobane feela ’muelli oa bona oa molao ea masene a tsoile molao fatše ka matšoephelele ka ho tšoarella tabeng e sa reng letho. Hangata bahlaseluoa ba ikutloa ba sa sireletseha bakeng sa ho hlokofatsoa hape, ’me ba ka ’na ba se mameloe hakaalo lekhotleng la molao.

Ngongoreho ea Sechaba ea Eketseha

Tšepo ea sechaba tsamaisong ea lichankana ha e matlafatsoe ke maemo a hlokang qenehelo a pepesehetseng batšoaruoa, joalokaha ho hlalositsoe lebokoseng le tsamaeang le sehlooho sena. Batšoaruoa ba ileng ba tšoaroa ka ho hloka toka ha ba ntse ba sebeletsa kahlolo ea bona ho thata hore e be batho ba ka fetohang boitšoarong. Ho phaella moo, lihlopha tse ’maloa tsa litokelo tsa batho li amehile ka ho se leka-lekane ho teng ha ho bapisoa le palo ea batho ba merabe e nyatsehang e fumanoang lichankaneng. Lia ipotsa hore na ebe ho iketsahaletse feela tjee kapa ke ka lebaka la khethollo ea morabe.

Tlaleho ea 1998 ea Associated Press e ile ea lebisa tlhokomelo mahlomoleng a batho ba neng ba kile ba koalloa Chankaneng ea Holmesburg, Pennsylvania, U.S.A., ba neng ba batla puseletso bakeng sa hore ebe ho ile ha sebelisoa bona ha ho ne ho etsoa liteko ka lik’hemik’hale tse itseng. Hona ho thoe’ng ka ho sebelisoa ha batšoaruoa ba tlameletsoeng hammoho ka liketane United States? Amnesty International ea tlaleha: “Batšoaruoa bana ba lokela ho sebetsa lihora tse 10 ho ea ho tse 12, ’me hangata e le letsatsing le chesang, ba fuoa khefu e nyenyane bakeng sa ho noa metsi le hora bakeng sa ho ja lijo tsa motšehare. . . . Ho na le pitsana e le ’ngoe e behiloeng ka mor’a setšireletso sa nakoana bakeng sa hore batšoaruoa bana ba tlameletsoeng hammoho ka liketane ba e sebelise e le ntloana. Ba sebelisa ntloana eo ba ntse ba tlanngoe hammoho. Ha pitsana eo e le sieo, batšoaruoa ba tlameha ho kotsama fatše moo batho ba ntseng ba ba bona.” Ke ’nete hore hase lichankana tsohle tse sebetsang ka tsela eo. Leha ho le joalo, tšoaro e hlokang qenehelo joalo e tlosa seriti sa batšoaruoa esita le sa bona ba fanang ka eona.

Na ho Khotsofatsoa Sechaba?

Ka tloaelo, lichaba tse ngata li ikutloa li sireletsehile ha batlōli ba molao ba kotsi ba koaletsoe chankaneng. Lichaba tse ling li rata lichankana ka mabaka a fapaneng. Ha chankana e neng e le torotsoaneng ea Cooma, Australia, e ne e tlameha ho koaloa, batho ba ile ba ipelaetsa. Hobane’ng? Hobane chankana e ne e fana ka mosebetsi bakeng sa batho ba hulang ka thata licheleteng.

Morao tjena mebuso e meng e ’nile ea rekisetsa likhoebo tsa praefete lichankana tsa eona e le ho fokotsa litšenyehelo. Ka masoabi, batšoaruoa ba eketsehileng le ba ahloleloang nako e telele ke monyetla o motle bakeng sa khoebo. Ka lebaka leo, toka e ka ’na ea tsoakoa le khoebo.

Ho se ho boletsoe tsena tsohle, potso ea bohlokoa ea sala: Na lichankana li fetola boitšoaro ba batlōli ba molao? Le hoja hangata karabo e le e sa thabiseng, u ka ’na ua makala ha u tseba hore batšoaruoa ba bang ba ’nile ba thusoa hore ba fetohe. A re boneng hore na ba thusitsoe joang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang tokollong ena a fetotsoe.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6, 7]

Ho Hlahloba ka Bokhutšoaane Boemo bo Teng Lichankaneng

HO TLALA TSOETE!: Lichankana tsa Brithani li na le bothata bo boholo ba ho tlala ho tlōla tekano, ’me sena ha se makatse. Naha eo ke ea bobeli karolong eohle ea Europe Bophirimela e nang le palo e phahameng ka ho fetisisa ea baahi ba lichankaneng, ka batšoaruoa ba 125 bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba 100 000. Brazil, chankana ea São Paulo e khōlō ka ho fetisisa e hahiloe hore e khone ho nka batšoaruoa ba 500. Ho e-na le hoo, e na le ba 6 000. Russia, sele e neng e tlameha ho nka batšoaruoa ba 28 e na le ba lipakeng tsa 90 ho isa ho ba 110. Boemo bo thata hoo batšoaruoa ba lokelang ho robala ba chenchana. Naheng e ’ngoe ea Asia, batšoaruoa ba 13 kapa ba 14 ba qhobeletsoe ka seleng e boholo ba lisekoere-mithara tse tharo mahlakore ’ohle. Ho sa le joalo, Australia Bophirimela teng, ba boholong ba sebetsane le bothata ba ho haella ha sebaka ka hore ba sebelise lik’hontheinara tsa thepa e tsamaeang ka sekepe ho boloka batšoaruoa.

PEFO: Makasine ea litaba ea Jeremane, Der Spiegel e tlaleha hore lichankaneng tsa Jeremane, batšoaruoa ba sehlōhō baa bolaea le ho hlokofatsa ka lebaka la “ntoa ea maquloana a hlōlisanang ka bo ’ona ka khoebo e seng molaong ea tahi le lithethefatsi, ho kopanela liphate le ho batla tsoala e ngata ha ho kalimanoe ka chelete.” Hangata tsitsipano e bakoang ke ho fapana ha merabe e rotetsa pefo chankaneng. Der Spiegel e re: “Ho na le batšoaruoa ba merabe e fapaneng e 72. Ho ke ke ha qojoa khohlano le lintoa tse lebisang pefong.” Chankaneng e ’ngoe ea Amerika Boroa, ba boholong ba ile ba re ka karolelano, ho ne ho bolaoa batšoaruoa ba 12 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Financial Times ea London e ile ea tlaleha hore batšoaruoa bona ba ne ba re palo eo e feta eo habeli.

TLHEKEFETSO EA HO KOPANELA LIPHATE: Sehloohong se reng, “Qaka ea Peto Lichankaneng,” The New York Times e bolela hore khakanyo e itekanetseng ke ea hore United States, “selemo se seng le se seng ho hlekefetsoa banna ba fetang 290 000 ka taba tsa thobalano lichankaneng.” Tlaleho eo e tsoela pele: “Phihlelo eo e tšosang ea pefo ea ho kopanela liphate hangata ha e be ketsahalo ea hanngoe feela, empa hangata e ba tlhekefetso ea letsatsi le letsatsi.” Mokhatlo o mong o hakanya hore lichankaneng tsa United States, ho ba le liketsahalo tse sa rateheng tse fetang 60 000 tsa ho kopanela liphate letsatsi le leng le le leng.

BOPHELO BO BOTLE LE BOHLOEKI: Ho na le bopaki bo bongata mabapi le ho nama ha mafu a ho kopanela liphate har’a batšoaruoa. Lefuba batšoaruoeng ba Russia le ba linaha tse ling tsa Afrika le hapile thahasello ea ba bangata lefatšeng ka bophara, ho tšoana hantle le ho hlokomolohuoa ha phekolo ea meriana, bohloeki le phepo e nepahetseng lichankaneng tse ngata lefatšeng ka bophara.

[Setšoantšo]

Chankana e tletseng tsoete! ea São Paulo, Brazil

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

AP Photo/Dario Lopez-Mills

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Chankana e sirelelitsoeng ka thata-thata ea La Santé Paris, Fora

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

AP Photo/Francois Mori

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Basali chankaneng ea Managua, Nicaragua

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

AP Photo/Javier Galeano

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela