Lebokose la Lipotso
◼ Re lokela ho ba hlokolosi ka eng ha re pakela batšoaruoa?
Lefatšeng ka bophara ho na le bonyane batšoaruoa ba limilione li robeli, ’me ba bang ba bona ba thahasella litaba tse molemo. (1 Tim. 2:4) Ofisi e ’ngoe ea lekala e amohela mangolo a ka bang 1 400 khoeli le khoeli a tsoang ho batšoaruoa le litho tsa malapa a bona ba kōpa lingoliloeng kapa ho eteloa. Le hoja batšoaruoa ba bang ba thahasella e le kannete, phihlelo e bontšitse hore ba bang ba etsa eka baa thahasella, ka boithati ba batla ho nka monyetla ka batho ba Molimo. Ka lebaka la sena, bohle ba lokela ho ela hloko litemoso tse latelang mabapi le ho pakela batšoaruoa.
Maemong a mangata batšoaruoa ba pakeloa ka ngollano. Ho khothalletsoa hore baralib’abo rōna ba se ke ba ngolla batšoaruoa ba banna, esita leha e le ka morero oa ho ba thusa moeeng. Ke barab’abo rōna ba tšoanelehang feela ba lokelang ho jara boikarabelo boo. Baralib’abo rōna ba tšoanelehang ba ka abeloa ho ngollana le batšoaruoa ba basali ba bontšang hore ba hlile ba thahasella ’nete ea Bibele. Batšoaruoa ha baa lokela ho romelloa chelete kapa limpho tse ling, esita leha ba ka li kōpa.
Ha motšoaruoa a bontša hore oa thahasella, lebitso la hae le aterese li lokela ho fuoa phutheho e sebakeng seo teronko e leng ho sona. Hangata barab’abo rōna ba tšoanelehang sebakeng seo ba tseba tsela ea ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng a ka hlahang. Haeba ho sa tsejoe phutheho ea sebakeng seo, boitsebiso boo bo lokela ho romeloa ofising ea lekala.
Hase phoso hore barab’abo rōna ba fuoeng boikarabelo ba tšoarele batšoaruoa liboka e le hore ba bangata ba ka ithuta ka nako e le ’ngoe. Leha ho le joalo, liketsahalo tse khethehileng tseo ho tsona bahoeletsi ba kopanang ka bolokolohi le batšoaruoa ha lia lokela ho tšoareloa teronkong. Ho feta moo, ha ho khothalletsoe hore bahoeletsi ba etele mang le mang feela teronkong ’me ba be le botsoalle bo haufi le batšoaruoa.
E se eka re ka ‘ba seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo re hloke molato joaloka maeba’ ha re ntse re bolella batšoaruoa litaba tse molemo.—Mat. 10:16.