Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 4/8 leq. 31
  • “Na Boitšoaro ba Batšoaruoa bo ka Fetoloa?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Na Boitšoaro ba Batšoaruoa bo ka Fetoloa?”
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Fetotse Maikutlo ao ke Neng ke E-na le ’Ona ka Lipaki Tsa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na Phetoho ea Sebele Boitšoarong ke Ntho e ka Etsahalang?
    Tsoha!—2001
  • Lichankana li Maqakabetsing
    Tsoha!—2001
  • Etsisa Mohau oa Molimo Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 4/8 leq. 31

“Na Boitšoaro ba Batšoaruoa bo ka Fetoloa?”

Eo e bile potso e ileng ea botsoa sekoahelong sa Tsoha! ea May 8, 2001. Babali ba bangata ba ile ba ananela letoto lena la lihlooho, le neng le akarelletsa le tlaleho ea lenaneo la thuto e thehiloeng Bibeleng le ntšetsoang pele ke Lipaki Tsa Jehova chankaneng ea ’muso ea linokoane tse kotsi e Atlanta, Georgia, U.S.A. Tse latelang ke likarolo tsa mangolo a mangata a amohetsoeng.

◼ “Kaha ke bile motšoaruoa ka lilemo tse robeli tse fetileng, kea bona hore se hlileng se atlehang ke mosebetsi oa thuto ea Bibele o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova literonkong. Ha ke ne ke sa le chankaneng ea linokoane tse kotsi Atlanta, ke ile ka ba le tokelo ea ho sebetsa le ba bahlano ba ba bontšitsoeng sehloohong sa lōna. Ke ne ke ananela lerato la bona le tšehetso ea bona haholo. Ke leboha barab’abo rōna ba kang bana, ba bontšang lerato ho rōna ba entseng liphoso empa re leka ho li lokisa le ho ba batho ba molemo.”—R. J.

◼ “Hona joale ke ntse ke le teronkong, ’me barab’abo rōna ba tsoang Holong ea ’Muso ea sebakeng sena ba ile ba khona ho lokisetsa lenaneo le babatsehang la thuto mona. Ka lebaka leo, e mong eo re leng teronkong le eena o kolobelitsoe, ’me ’na, le hoja ke ne ke khaotsoe phuthehong ea Bokreste, hona joale ke khutliselitsoe. Ba bang ba bangata ba ithuta Bibele. Hoa khothatsa ho tseba hore re karolo ea mosebetsi oa thuto o etsoang lefatšeng ka bophara. Ke ntho e babatsehang hakaakang ho sebeletsa Jehova, ho sa tsotellehe hore na re hokae!”—J. M.

◼ “Ka 1970, ke ile ka koalloa chankaneng ka tlōlo ea molao eo ke sa kang ka e etsa. Ke ile ka ba teronkong lilemo tse 14. Ha ke ntse ke le teronkong moo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka khahloa haholo ke botšepehi ba tsona le ho ameha ha tsona. Ka mor’a hore ke lokolloe, ke ile ka tsoela pele ke ithuta ’me nako e khutšoanyane ka mor’a moo ke ile ka kolobetsoa. Ka linako tse ling, ke ntse ke ikutloa ke lubeha maikutlo le ho halefa ka lebaka la ho hloka toka hoo ke ileng ka ho mamella. Empa ke ikhopotsa hore haufinyane, Jehova o tla felisa ho hloka toka hohle le ho utloa bohloko. Batšoaruoa ba ka fetoha haeba ba latela litaelo tse fumanoang ka Bibeleng. Ba ka boetse ba leboha boiteko ba barab’abo rōna ba sebetsang ka thata ba telang nako ea bona ho ba thusa. Ka sebele ’na kea ba leboha!”—R. S.

◼ “Ke tlile teronkong ke tsuba lisakerete, ke sebelisa lithethefatsi, ke le litlhapa ’me ke sa hlomphe ba boholong le hanyenyane. Hape ke ne ke le setho sa sehlopha sa litlokotsebe. Ho phaella ho tseo kaofela, ke ne ke khaotsoe phuthehong ea Bokreste. Hona joale ke khutliselitsoe, ’me ke tsoela pele hantle. Ka lebaka la ’nete, ke utloa eka ke se ke ntse ke lokolohile!”—I. G.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela