Khohlano Pakeng Tsa Saense le Bolumeli
“Na ho ka nkoa hore bolumeli ke lefu la kelello le jalehang ka potlako?”—Setsebi sa baeloji, Richard Dawkins.
KA LINAKO tse ling, bolumeli le saense li nkoa li loantšana sa ntja le phiri. Ho ba bang, li bonahala li loana ntoa e mahlo-mafubelu hoo e ’ngoe e tla hlōla feela mohla e ’ngoe e shoeleng.
Ho na le sehlopha sa bo-rasaense ba kang setsebi sa metsoako, Peter Atkins, ea nkang hore ho “ke ke ha etsahala” hore bolumeli bo lumellanngoe le saense. Atkins o re ke bohlanya ho lumela “hore Molimo ke eena ea entseng (ntho leha e le efe, kapa lintho tsohle).”
Sehlopha se seng ke sa balumeli ba behang saense molato bakeng sa ho fela ha tumelo. Batho bao ba lumela hore saense ea kajeno e tletse ka mashano; ho ka etsahala hore litaba tsa eona ke ’nete, empa tlhaloso ea tsona e fosahetseng e nyatsa seo ba tšepahalang ba se lumelang. Ka mohlala, setsebi sa baeloji, William Provine o re Thuto ea Darwin e bontša hore “ha e na motheo oa bohlokoa bakeng sa melao le litekanyetso tsa batho; ’me ha e na morero oa bohlokoa bophelong.”
Leha ho le joalo, tse ling tsa likhohlano tsena li bakiloe ke lipolelo tsa bohata kapa tse se nang bopaki tse boletsoeng ke mahlakore ana ka bobeli. Ka lilemo tse makholo, baeta-pele ba bolumeli ba ’nile ba ruta litšōmo le lithuto tse fosahetseng tse hananang le saense ea kajeno ’me e le tse sa thehoang Mangolong a bululetsoeng. Ka mohlala, Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea nyatsa Galileo hobane ka nepo a ile a etsa qeto ea hore lefatše le potoloha letsatsi. Pono eo ea Galileo ho hang e ne e sa hanane le Bibele, ho e-na le hoo, e ne e hanana le se neng se rutoa ke kereke ka nako eo. Ka lehlakoreng le leng, bo-rasaense ba fositse ha ba ruta thuto e se nang bopaki ea hore bophelo bo tsoa nthong e sa pheleng, eseng ho Molimo. Ba soma tumelo ea bolumeli, ba re ha e lumellane le saense.
Ka hona, na ho ka etsahala hore saense le bolumeli li lumellanngoe? E, ho ka khoneha. Ha e le hantle, saense e tšehetsoang ke bopaki le bolumeli ba ’nete lia tlatsana ho e-na le ho hanyetsana.
[Setšoantšo se leqepheng la 2, 3]
Galileo o ile a ruta ’nete ea saense eo kereke e ileng ea mo khalemella eona