Kamoo Taba Ena e Qalileng Kateng
STRATTON, OHIO, U.S.A., ke motsana o haufi le Nōka ea Ohio, e arolang Ohio le Virginia Bophirimela. E hlalosoa e le motsana ’me e na le ramotse. Ka 1999 ka tšohanyetso ho ile ha e-ba le khanyetsano motsaneng ona o nang le baahi ba ka tlaasana ho 300 ha ba boholong ba leka ho tlamella Lipaki Tsa Jehova, har’a lintho tse ling, ho fumana tumello pele li etela malapeng a batho ba sebakeng seo ka molaetsa oa tsona o thehiloeng Bibeleng.
Ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa? Ha tlaleho ea rōna e tsoela pele, u tla bona hore ha e le hantle hase Lipaki Tsa Jehova feela tseo molao le taelo ena ea ’muso e li amohang tokelo ea ho ba le bolokolohi ba puo empa esita le batho bohle ba lulang United States.
Se Tsositseng Khang Ena
Ka lilemo-lemo basebeletsi ba Lipaki Tsa Jehova Phuthehong ea Wellsville e sebakeng seo ba ’nile ba etela baahi ba Stratton, ’me ho tloha ka 1979 ba bile le mathata le ba ’maloa ba boholong sebakeng seo ka mosebetsi oa bona oa ho ea ka ntlo le ntlo. Mathoasong a bo-1990, lepolesa le leng la moo le ile la leleka sehlopha sa Lipaki motseng oo, la re: “Ha ke khathalle litokelo tseo tsa lōna.”
Taba ena e ile ea fihla sehlohlolong ka 1998 ha ramotse oa Stratton a ne a tjamela Lipaki tse ’nè Tsa Jehova. Li ne li khutla motsaneng oo li tsamaea ka koloi li tsoa buisana le baahi ba oona ba neng ba bontšitse hore ba thahasella puisano ea Bibele. Ho ea ka e mong oa basali bao a ileng a buisana le bona, ramotse o ile a re haeba e ne e le banna, o ne a tla ba koalla teronkong.
Sesosa sa taba e ne e le molao oa motsana o “Laolang ho Rekisa le ho Thaotha ho sa Batleheng Malapeng a Batho,” e leng o hlokang hore motho leha e le ofe ea batlang ho kopanela mosebetsing oa ho ea ka ntlo le ntlo a fumane tumello e sa lefelloeng ho ramotse. Lipaki Tsa Jehova li ne li nka hore molao ona o kena-kenana le bolokolohi ba motho ba puo, bolokolohi ba ho latela tumelo le bolokolohi ba phatlalatso. Ka hona, li ile tsa hlahlela nyeoe ka lekhotleng la ’muso ka mor’a hore motsana o hane ho fetola tšebeliso ea molao ona.
Nyeoe ena e ile ea lula ka pel’a moahloli oa lekhotla la setereke la United States, Seterekeng sa Ohio se ka Boroa, ka la 27 July, 1999. O ile a tšehetsa taba ea hore molao o hlokang hore ho fumanoe tumello motsaneng o lumellana le molao oa motheo. Ka mor’a moo, ka la 20 February, 2001, Lekhotla la Maipiletso la United States le Potolohong ea Botšelela le lona le ile la tiisa hore molao oo o lumellana le molao oa motheo.
E le hore taba ena e sebetsoe, mokhatlo oa Watchtower Bible and Tract Society of New York hammoho le Phutheho ea Wellsville ea Lipaki Tsa Jehova o ile oa kōpa Lekhotla le ka Holimo-limo la United States ho hlahloba taba ena.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 3]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Los Angeles
New York
OHIO
Stratton