Mohato oa Pele—Ho Tšetleha Mabaka Lekhotleng le ka Holimo-limo
LETSATSI la ho tšetleha mabaka ka pel’a Moahloli e Moholo William Rehnquist le batlatsi ba hae ba robeli Lekhotleng le ka Holimo-limo, e bile la 26 February, 2002. Lipaki Tsa Jehova li ne li emetsoe ke babuelli ba molao ba bane.
’Muelli ea ka sehloohong oa Lipaki o ile a qala taba ea hae ka ho etsa kenyelletso e hapang thahasello: “Ke hora ea 11:00 Moqebelo hoseng Motsaneng oa Stratton. [Eaba o kokota ka makhetlo a mararo sefalaneng.] ‘Lumela. Ka lebaka la lintho tse etsahalang morao tjena, ke entse boiteko bo khethehileng ba ho tla bua le uena ka seo Moprofeta Esaia a se boletseng e le ntho e molemo. Ke litaba tse molemo tseo Kreste Jesu a buileng ka tsona, litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.’”
O ile a tsoela pele: “Motsaneng oa Stratton, ke tlōlo ea molao ho ea ka ntlo le ntlo le ho fana ka molaetsa oo ntle leha motho a ile a fumana tumello ea ho etsa joalo ho ba boholong.”
‘Na ha le Kōpe Chelete?’
Moahloli Stephen G. Breyer o ile a botsa Lipaki lipotso tse ling tse tobileng. O ile a botsa: “Na ke ’nete hore ho hang batho ba hao ha ba kōpe chelete, le [hore] ha ba rekise Libibele, kapa ntho leha e le efe, haese feela ho re: ‘Ke rata ho bua le uena ka bolumeli’?”
’Muelli oa Lipaki o ile a arabela: “Mohlomphehi, tlaleho e bontša ka ho hlaka hore Lipaki Tsa Jehova li ne li sa kōpe chelete, Motsaneng oa Stratton. Tlaleho e tsoang libakeng tse ling le eona e bontša hore ka linako tse ling li ee li ame taba ea monehelo oa boithatelo. . . . Ha re qele lichelete. Re mpa re batla ho bua le batho ka Bibele.”
Na ho Hlokahala Tumello ea ’Muso?
Moahloli Antonin Scalia o ile a botsa ka bohlale: “Na maikutlo a hao hase hore ha lea lokela ho ea ho ramotse ho ea kōpa tumello ea ho bua le moahelani ka taba e itseng e thahasellisang?” ’Muelli oa Lipaki o ile a arabela: “Re lumela hore Lekhotla lena ha lea lokela ho amohela molao oa ’Muso o batlang hore moahi e mong a fumane tumello ea ho bua le e mong lelapeng la eo.”
Karabisano, Boikutlo Boa Fetoha
Joale e ne e le nako ea hore Motsana o tšetlehe mabaka a oona. Leqoetha le ka sehloohong le ile la hlalosa molao oa Stratton, la re: “Stratton e sebelisa matla a eona a puso e le ha e batla ho sireletsa khutso ea baahi ba eona le ha e batla ho thibela tlōlo ea molao. Molao oa hore ho se ke ha thaothoa kapa ha qeloa lichelete malapeng a batho o mpa o hloka hore motho a ingolise pele le hore a tsamaee a nkile lengolo la tumello ha a etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo.”
Moahloli Scalia o ile a toboketsa taba ha a botsa: “Na ho na le nyeoe e ’ngoe eo le e tsebang eo [re le Lekhotla le ka Holimo-limo] re kileng ra e sebetsa e neng e ama molao o tšoanang le oo, o amang ho thaotha, ho qela chelete, ho se rekise, e be feela taba ea hore, ‘Ke rata ho bua ka Jesu Kreste,’ kapa ‘Ke rata ho bua ka ho sireletsa tikoloho?’ Na re kile ra ba le nyeoe ea mofuta oo?”
Moahloli Scalia o ile a tsoela pele: “Ha ke e-s’o ka ke utloa ka nyeoe e joalo lilemong tse makholo a mabeli tse fetileng.” Mona Moahloli Rehnquist o ile a mo araba ka ho re: “Ha u e-s’o phele nako e telele hakaalo.” Sena se ile sa etsa hore lekhotla le hasane ke litšeho. Moahloli Scalia o ile a tsoela pele ka taba ea hae, a re: “Boleng ba taba ena ke ntho e ncha ho ’na.”
Na Ebe ke Khopolo e Ntle?
Moahloli Anthony M. Kennedy o ile a botsa potso e tobileng a re: “U nahana hore ho tla be ho loketse hore ke e’o kōpa tumello Pusong pele ke e-ea le literata, tseo ke sa tsebeng batho ba teng kaofela, [’me] ke re, ke rata ho buisana le lōna beng ba matlo hobane ke amehile ka hore ho tlosoe litšila, [kapa] ke amehile ka Setho sa Paramente ea rōna. Na ke lokela ho ea batla tumello Pusong pele nka etsa seo?” O ile a phaella, “Taba ena ea makatsa.”
Joale Moahloli Sandra Day O’Connor o ile a kenella tabeng, a botsa: “Joale ho thoe’ng ka ba bapalang papali ea lesokoana? Na ba lokela ho fumana tumello?” Moahloli O’Connor le Moahloli Scalia ba ile ba tsepama tabeng ena. Moahloli O’Connor o ile a hlahisa taba e ’ngoe: “Ho thoe’ng haeba motho a alima tsoekere ho moahelani? Na ke lokela ho fumana tumello ea ho ea alima tsoekere ho moahelani?”
Na Lipaki ke Bathaothi?
Moahloli David H. Souter o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li angoa ke see? Na ke bathaothi, li qela chelete, lia rekisa, ke bahoebi, ke bahahlauli ba khoebo kapa ba litšebeletso tse ling? Ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena eo li leng eona, na ha ho joalo?” Leqoetha la Motsana le ile la qotsa boitsebiso bo bongata molaong ’me la phaella ka hore lekhotla le tlaasana le hlalositse Lipaki Tsa Jehova e le bathaothi. Ho sena Moahloli Souter a araba ka ho re: “Kahoo u na le tlhaloso e pharaletseng ea bathaothi, haeba e akarelletsa le Lipaki Tsa Jehova.”
Joale Moahloli Breyer o ile a qotsa tlhaloso ea bathaothi dikishinaring ho bontša hore e ne e sa sebetse ho Lipaki. A phaella ka ho re: “Ha kea bala letho mabakeng ao u faneng ka ’ona le bontšang hore na sepheo sa hore batho bana [Lipaki Tsa Jehova] ba se nang taba le chelete, ba se nang taba le ho rekisa, ba bileng ba sa thahaselleng livoutu, ba ee holong ea motse ho ea ingolisa teng ke sefe. Sepheo sa motse ke sefe?”
“Tokelo” ea ho Buisana
Leqoetha la Motsana le ile la tšetleha lebaka la hore “sepheo sa motse ke ho thibela mong’a ntlo ho khathatsoa.” Le ile la tsoela pele ho hlakisa hore e ne e le ho sireletsa baahi ho baqhekelli le ho linokoane. Moahloli Scalia o ile a qotsa molao ho bontša hore ramotse a ka batla boitsebiso bo eketsehileng mabapi le motho ea ingolisang le sepheo sa hae e le hore “ho hlalosoe ka ho nepahetseng boleng ba tokelo e hlokoang.” O ile a phaella a sa hlathe koana le koana: “Tokelo ea ho tsamaea motho a susumetsa baahi-’moho le eena ka taba ena kapa eane—ke sitoa ho e utloisisa.”
Moahloli Scalia o ile a thasiselletsa: “Na joale ho tla hlokahala hore motho e mong le e mong ea kokotang monyako a hatise monoana liofising tsa ’masepala pele [a] ka kokota monyako? Na monyetla oo o fokolang oa hore ho etsoe tlōlo ea molao o lekane ho etsa hore motho e mong le e mong ea batlang ho kokota monyakong oa e mong a tlamehe ho ingolisa liofising tsa ’masepala? Ka sebele ha oa lekana.”
Na Baahi ba Sirelelitsoe?
Ha metsotso e 20 eo le e filoeng e fela, leqoetha la Motsana le ile la fetisetsa marapo ho motlatsi oa moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao naheng ea Ohio. O ile a tšetleha lebaka le reng molao oa ho se thaothe o sireletsa baahi hore ba se ke ba eteloa ke motho eo ba sa mo tsebeng, “eo ka sebele a sa mengoang, [ea] tlileng ha ka . . . ’me ke nahana hore motsana o na le tokelo ea ho re, ‘Re amehile ka tšebetso ea mofuta ona.’”
Joale Moahloli Scalia a re: “Ba motsana ba bolela hore le batho ba amohelang Lipaki Tsa Jehova, ba jeoa ke bolutu, ba ka rata ho bua le motho e mong ka taba e itseng, empa batho bana [Lipaki Tsa Jehova] ba ntse ba lokela ho ea ho ingolisa ho ramotse ho fumana tokelo ea ho kokota malapeng a bona.”
“Thibelo e Nahanelang”
Nakong ea lipotso Moahloli Scalia o ile a hlahisa ntlha ea bohlokoa ha a re: “Bohle re ka lumellana hore batho ba sireletsehileng ka ho fetisisa lefatšeng ke ba tlas’a puso ea bohatelli le bompoli. Ho na le tlōlo ea molao e fokolang. Ke taba e tloaelehileng, ’me e ’ngoe ea lintho tseo e bang bothata ha bolokolohi bo e-ba teng ke monyetla o batlang o phahame oa lintho tse seng molaong, ’me potso ke hore na molao ona o tla hle o thibele mesebetsi e seng molaong ka hore o laole tokelo ea ho kokota ha motho e mong.” Motlatsi oa moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao o ile a arabela ka ho re “ke thibelo e nahanelang haholo.” Moahloli Scalia a bontša hore o nahanela hoo “re sitoang ho fumana leha e le nyeoe e le ’ngoe e tlalehang ’masepala ea kileng a etsa molao o joalo. Ha ke nahane hore hoo ke ho nahanela.”
Qetellong, motlatsi oa moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao o ile a tlameha ho lumela ha a utloa khatello ea e mong oa baahloli: “Ke tla thatafalloa ho re u ka thibela ka ho feletseng ho eta kapa ho kokota malapeng.” O ile a phethela lintlha tsa hae ka tsela eo.
Ha a tšetleha mabaka a hae, ’muelli oa molao oa Lipaki o ile a bontša hore ha ho na tsela ea ho netefatsa seo motho a se buang. “Nka ’na ka ea liofising tsa motse eaba ke re, ‘Ke ’na [’nyeo-’nyeo],’ ebe ke fumana tumello ea ho ea ka ntlo le ntlo.” O ile a boela a bontša hore ramotse o na le matla a ho hana ho fana ka tumello ho motho ea reng hase setho sa mokhatlo. O ile a re: “Re lumela hore sena se bontša ka ho hlaka hore matla a ho etsa qeto a ho ba boholong,” ’me a phaella ka ho re: “Ka boikokobetso ke teka taba ena ea hore mosebetsi oa rōna [Lipaki Tsa Jehova] ka sebele o itšetlehile ka lintlha tse Sehlomathisong sa Pele.”
Nakoana ka mor’a moo, nyeoeng ena Moahloli e Moholo Rehnquist o ile a qetella ka ho re: “Nyeoe ena e fetisetsoa pele [Lekhotleng le ka Holimo-limo].” Sena sohle se ile sa nka nako e ka holingoana ho hora. Qeto ea lekhotla e ileng ea phatlalatsoa ka June e ne e tla bontša kamoo hora eo e bileng ea bohlokoa kateng.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Moahloli e Moholo Rehnquist
Moahloli Breyer
Moahloli Scalia
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Rehnquist: Collection, The Supreme Court Historical Society/Dane Penland; Breyer: Collection, The Supreme Court Historical Society/Richard Strauss; Scalia: Collection, The Supreme Court Historical Society/Joseph Lavenburg
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Moahloli Souter
Moahloli Kennedy
Moahloli O’Connor
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Kennedy: Collection, The Supreme Court Historical Society/Robin Reid; O’Connor: Collection, The Supreme Court Historical Society/Richard Strauss; Souter: Collection, The Supreme Court Historical Society/Joseph Bailey
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ka hare Khotla
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photograph by Franz Jantzen, Collection of the Supreme Court of the United States