U Hloka Boroko bo Lekaneng!
Na ho na le ea ka hananang le polelo e reng boroko bo monate ke ba bohlokoa ho bolokeng motho a phela hantle? Mohlomong ha a eo. Leha ho le joalo, ba bangata ha ba nke boroko e le ntho ea bohlokoa. Shawn Currie eo e leng setsebi sa kelello lefapheng la bongaka e bile e le motlatsi oa moprofesa Univesithing ea Calgary, Canada, o re: “Letsatsing le hlahlamang teng u tla utloa liphello.” Ha u sa robale ka ho lekaneng, u ka ’na ua ba ea tenehang feela ’me ka linako tse ling u be u tepelle maikutlo.
Koranta ea Calgary Herald e re: “Litsebi tsa saense li hlalosa hore boroko bo etsa hore boko bo inchafatse, ’me ho ithuta ho tsoela pele leha motho a robetse.” Moprofesa Currie o re: “Bosiu, u matlafatsa matla a hao a ho hopola ’me ntho leha e le efe eo u ithutileng eona motšehare e hatiseha hantle mohopolong bosiu. Ho se be le nako e joalo ea ho phomola ha e le hantle ho sitisa ho ithuta.” Ho feta moo, o re “ha u robala ka ho lekaneng, seo se ka thusa ka tsela e itseng ho etsa hore maikutlo a hao a tsitse.”
Ka hona, motho o robala ka ho lekaneng ha a robetse nako e kae? Le hoja litsebi tse ngata li buella lihora tse robeli, Currie o re: “Batho ba na le litlhoko tse fapaneng tabeng ea boroko.” Ka lebaka leo, o etsa tlhahiso ea hore batho ba leke ho robala hantle. Empa see se ka finyelloa joang, haholo-holo ke batho ba nang le lefu la ho hlobaela? Ho etsoa litlhahiso tse latelang:
◼ Pele u robala, kena ka bateng kapa shaoareng ea metsi a futhumetseng.
◼ Ikoetlise ka ho itekanela makhetlo a ’maloa bekeng, empa u se ke ua ikoetlisa ka matla pele u robala.
◼ Etsa hore kamore eo u robalang ho eona e hloke lerata, e be lefifi ’me e be e pholileng hanyenyane.
◼ Leka ho tsoha ka nako e tšoanang hoseng ho hong le ho hong e le hore ’mele o tloaele linako tsa ho robala.
Ka lebaka la melemo e totobetseng e bang teng bophelong, e-ba le kahlolo e molemo ’me u nke boroko e le ba bohlokoa haholo bophelong ba hao.