Litšoantšo Tse Manyala Tse Hlephisang Boitšoaro—Maikutlo a Fapaneng
“Li tsosa takatso e sa lokelang, takatso e ke keng ea khotsofatsoa le ka mohla.”—Tony Parsons, mongoli oa koranta.
HO NE ho se mohla John a kileng a rera ho ba lekhoba la ho sheba ‘litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro Interneteng.’a Joaloka batho ba bang ba bangata ba eeng ba thulane le litšoantšo tse joalo ba sa rera mocheng oa Internet oa puisano ka liketso tse manyala tse hlephisang boitšoaro le ho kopanela liphate, John le eena o ile a thulana le mocha o joalo oa puisano ha a ntse a sebelisa Internet ka letsatsi le leng. Ka potlako, o ile a tšoaseha ka ho feletseng moqoqong oo oa Internet oa ho kopanela liphate. Oa hopola: “Ke ne ke ee ke emele hore mosali oa ka a ee mosebetsing, ebe ke tsoa likobong ka potlako ’me ke qete lihora k’homphieutheng.” Nakong eo a neng a hlile a tšoarehile hantle ka eona, o ne a sa iphe le nako le ea ho ja kapa hona ho noa. O re: “Ke ne ke sa utloe ke lapile.” O ile a qala ho bolella mosali oa hae leshano ka liketso tseo tsa hae tsa sephiring. Mohopolo oa hae o ile oa qala ho lelera ha a le mosebetsing, ’me a qala ho se tšepahale. Lenyalo la hae le ile la ameha hampe ’me qetellong ha a lokisetsa hore a kopane ka seqo le batho bao a buisanang le bona Interneteng ka liketso tsa ho kopanela liphate, mosali oa hae o ile a tseba ka sena. Kajeno John o tlas’a phekolo e mo thusang hore a itšoasolle bokhobeng boo ba hae.
Batho ba khahlanong le litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ba qotsa lipale tse kang ena ho fana ka bopaki ba hore litšoantšo tse joalo li na le liphello tse mpe haholo. Ba bolela hore li senya likamano tsa batho, li nyenyefatsa basali, li hlekefetsa bana le ho fana ka maikutlo a fosahetseng le a kotsi ka ho kopanela liphate. Ka lehlakoreng le leng, ba tšehetsang litšoantšo tsena tse manyala tse hlephisang boitšoaro ba ikemela ka ho re ke tsela ea ho bontša bolokolohi ba puo ’me ba nka ba khahlanong le tsona e le batho ba amehang ka boitšoaro bo botle ho tlōla tekano. E mong oa babuelli ba tsona o re: “Batho ha baa lokela ho hlabisoa lihlong ke tšekamelo ea bona kapa takatso ea bona tabeng ea ho kopanela liphate. Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li ka thusa motho ho qala puisano le ho susumetsa ba bang hore ba bue ka bolokolohi ka litaba tsa ho kopanela liphate.” Ba ’maloa ba bile ba bolela hore ho ata ha litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ke letšoao la hore sechaba se bulehetse likhopolo tse ncha ’me se hlaphohetsoe kelellong. Sengoli Brian McNair, se re: “Sechaba se hlaphohetsoeng hoo se sa tsotelleng litšoantšo tse bontšitseng ka ho hlaka ketso ea ho kopanela liphate ha batho ba babeli ba baholo ba lumellaneng, ho ka etsahala hore ebe ke sechaba se amohelang liketso tse sa tloaelehang tsa ho kopanela liphate le ho lekana ha basali le banna.”
Na maikutlo a sa tšoaneng a sechaba a etsa hore litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li amohelehe? Ke hobane’ng ha li atile hakaale? Na litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li hlile li kotsi? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.