Ho Feto-fetoha ha Feshene
EBANG rea elelloa kapa che, liqeto tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi mabapi le hore na re tla apara eng li laoloa ke feshene ho ea bohōleng bo itseng. Qetellong, tšusumetso e matla ea feshene e laola haholo hore na ho rekisoa eng.
Esita le liaparo tseo hona joale re li nkang e se e le tsa ho koahela ’mele feela ka nako e ’ngoe li kile tsa e-ba fesheneng. Ka mohlala, lilemong tse fetang lekholo tse fetileng, lihempe tsa banna le lithae li kile tsa kena fesheneng haholo. ’Me jesi e lohiloeng ea basali e kile ea kena fesheneng morao koana lilemong tsa bo-1920.
Ho na le lintho tse peli tse ka sehloohong tse susumetsang indasteri ea feshene—ke takatso ea ho ba le ntho e ncha le ea ho fetoha le maemo. E batla e le motho e mong le e mong ea thabelang ho apara ntho e ncha. Ke lona lebaka le etsang hore ka linako tse ling re reke liaparo hobane feela re batla ho chencha, eseng hobane seaparo sa khale se felile. Ka nako e tšoanang, ha re batle ho ba mekhelo, ka hona, re reka liaparo tseo ho ea bohōleng bo itseng li lumellanang le setaele se aparoang ke metsoalle ea rōna. Ka makholo a lilemo, indasteri ea liaparo e ’nile ea khotsofatsa—ka linako tse ling ea ba ea sebelisa hampe—takatso ea batho ea ho ba le ntho e ncha le ea ho fetoha le maemo.
Histori e Khutšoanyane
Ho etsa setaele se itseng, baqapi ba meseho ea liaparo ba sebelisa lintho tse hlano tsa bohlokoa: ’mala, moseho, tsela eo lesela le lulang ka eona, moetso oa lesela le tsela eo le sehoang ka eona. Ha lilemo li ntse li feta, baqapi ba meseho ea liaparo le liroki tsa mese ba ’nile ba e-ba le khetho e eketsehileng linthong tsena tse hlano. Ka mohlala, Egepeta ea boholo-holo, lesela le bonaletsang le neng le etsoa moo le ne le nkoa e le lona le letle ka ho fetisisa, ’me le ne le loketse boemo ba leholimo bo futhumetseng. Empa kaha ho ne ho se bonolo ho fetola ’mala oa lesela leo, le ne le fumaneha ka ’mala o le mong feela—o mosoeu toa! Leha ho le joalo, baqapi ba meseho ea liaparo tsa feshene ba Egepeta ba ile ba etsa lesela lena lipoliti e le hore liaparo tsa bona li be le moseho o motle ’me li lule hantle ha li rokiloe. Ka tsela ena, ho ile ha qaleha e ’ngoe ea lifeshene tse bileng teng nako e telele ka ho fetisisa lefatšeng.
Lekholong la pele la lilemo C.E., ho ile ha hlaha masela a macha le mebala e mecha. Baroma ba ruileng ba ile ba reka masela a silika Chaena kapa India, le hoja litšenyehelo tsa ho tsamaisa silika e lohiloeng li ne li le holimo joaloka ka tsa khauta. Lesela le leng la feshene e ne e le la ulu e dailoeng e neng e e-tsoa Tyre, eo boima ba eona ba ponto bo neng bo ka ja lidenari tse 1 000—moputso oa lilemo tse tharo oa mosebetsi ea tloaelehileng. Mefuta e mecha ea dae le masela li ile tsa etsa hore basali ba Baroma ba ruileng ba apare stola—seaparo se selelele se habuhabu sa ka holimo—sa k’hothone e putsoa ea India kapa sa silika e tšehla e tsoang Chaena.
Leha nako le nako ho hlaha feshene e ncha, mehleng ea khale seaparo se turang se ne se ka ba fesheneng bophelo bohle ba sona. Butle-butle liphetoho li ile tsa e-ba teng ’me hangata li ne li ama feela ba hlahelletseng. Empa ha phetoho e khōlō e e-ba teng indastering, feshene e ile ea e-ba ea bohlokoa haholo bathong ba tloaelehileng.
Lekholong la bo19 la lilemo, indasteri eohle e ile ea hlahisa liaparo bakeng sa barui le mafutsana. Mechine e hlahisang k’hothone le ulu e ile ea ata ’me chelete ea masela ea theoha. Ka lebaka la mechine e rokang, liaparo li ne li ka hlahisoa ka bochipi, ’me lidae tse iketselitsoeng li ile tsa fa batho menyetla e mengata ea ho khetha seo ba se batlang.
Liphetoho maemong a bophelo le ho tsa theknoloji li phethile karolo e khōloanyane ho apeseng batho feela ba tloaelehileng. Europe Bophirimela le Amerika Leboea, batho ba ne ba e-na le chelete e ngata eo ba ka e sebelisang. Ka bo-1850, ho ile ha hlaha limakasine tsa basali, ’me kapele ka mor’a moo mabenkele a qala ho rekisa liaparo tse seng li rokiloe ka lisaese tse fapaneng. Hape, lekholong la bo19 la lilemo, Charles Frederick Worth o ile a qapa lipontšo tsa lifeshene, a sebelisa limotlelara hore li tsose thahasello ea batho hore e tle e be bareki ba ka moso.
Lekholong la bo20 la lilemo, mefuta e mecha ea likhole tse iketselitsoeng, tse kang rayon, nylon le polyester, e ile ea fana ka khetho e batsi ho baetsi ba masela. Ho qapa meseho ea liaparo ka k’homphieutha ho ile ha etsa hore ho be bonolo ho hlahisa litaele tse ncha, ’me ka lebaka la ho kopana ha lichaba, feshene e ncha e ka hlaha hoo e ka bang ka nako e le ’ngoe Tokyo, New York, Paris le São Paulo. Ka nako e tšoanang, baqapi ba meseho ea liaparo le ba li rokang ba fumane mekhoa e mecha ea ho buella liaparo tsa bona.
Kajeno, bacha ke bona ba chesehelang feshene haholo ho feta batho ba ruileng. Bacha ba limilione ba reka liaparo tse ncha khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ’me indasteri ea liaparo e hlahisa liaparo tsa liranta tse libilione selemo se seng le se seng.a Empa na ho na le maraba a patehileng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Selemong se seng haufinyane tjena, ho ile ha hakanyetsoa hore liphahlo tse entsoeng ke tsa liranta tse libilione li 2,4.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ba Kenyang Ntho Fesheneng
Ka makholo a lilemo, batho ba tloaelehileng ba ’nile ba latela moaparo oa marena le batho ba phahameng sechabeng. Lekholong la bo17 la lilemo, Morena Louis XIII oa Fora o ile a etsa qeto ea ho pata lefatla la hae ka ho roala wiki. Nakoana ka mor’a moo ke ha batho ba bang ba phahameng sechabeng Europe ba beola ’me ba roala liwiki—e leng setaele se ileng sa kena fesheneng lilemo tse fetang lekholo.
Lekholong la bo19 la lilemo, limakasine tsa basali li ile tsa buella feshene, tsa ba tsa fana ka lipaterone tse sa jeng chelete e ngata e le hore basali ba ka ithōkela liaparo. Lekholong la bo20 la lilemo, ha libaesekopo le thelevishene li se li atile, likhalala e bile tsona tse behang mohlala machabeng ’me ea e-ba tsona tse kenyang lintho fesheneng. Libini tse tummeng le tsona li ile tsa apara feshene ea mofuta oa tsona, ’me ka potlako bacha ba bangata ba e latela. Le kajeno ho sa le joalo, kaha ba bapatsang ba sebelisa ka tsela e atlehang lipontšo tsa lifeshene, limakasine tse maqephe a phatsimang, mamatjana a papatso, lifensetere tsa mabenkele le liphatlalatso tsa lithelevishene ho tsosa thahasello ea ho batla liaparo tse ncha.
[Setšoantšo]
Morena Louis XIII
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book The Historian’s History of the World
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Seaparo sena sa lesela la boholo-holo la Egepeta ke se seng se kileng sa kena fesheneng nako e telele haholo lefatšeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photograph taken by courtesy of the British Museum
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Basali ba ne ba apara “stola” Roma ea boholo-holo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book Historia del Traje, 1917
[[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
“Kimono” e qalile hoo e ka bang ka 650 C.E. ’me le kajeno e sa le teng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the newspaper La Ilustración Artística, Volume X, 1891
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Mehleng ea khale, seaparo se turang se ne se ka kena fesheneng bophelo bohle ba sona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
EclectiCollections
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Phetoho e khōlō indastering e ile ea etsa hore batho feela ba tloaelehileng ba kene moeeng oa feshene
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
EclectiCollections